Pesaleme ya 91 - e ngole fatshe

Lena ke Lengolo leo le lokelang ho le ngola fatshe - mme bakeng sa lona ba leng sebakeng seo le sa kgoneng ho se etsa pepeneneng, le fumane tsela ya ho se etsa, le kope YAH hore le kgone ho etsa sena. Tsela e nngwe ke ho beha lengolo ka puo ya Seheberu. E matla le ho feta ka Seheberu

Pesaleme Ya 91

(1) Ya dutseng Sephiring sa MOOKAMEDI YA PHAHAMENG, o phomola moriting wa YAHUVEH YA MATLA OHLE. (Mme sena se kenyeletsa YAHUSHUA MESIA.)

(2) Ke tla re ho YAHUVEH, KE SETSHABELO sa ka le QHOBOSHEANE: ya ka, MODIMO wa ka; ke tla tshepa HO YENA.

(3) Ruri YENA o tla ntopolla lerabeng la motshwasi, le lefung la sewa le kotsi.

(4) YENA o tla ho kgurumetsa ka masiba A HAE, ke tla tshepa ka tlasa Mapheo A HAE; Nnete YA HAE ke Thebe le Thejana.

(5) O ke ke wa tshoha tshabo ya bosiu, leha e le motsu o bebang motshehare,

(6) Leha e lefu le kgukgunang lefifing, leha e le tshenyo e bolayang motshehare o moholo.

(7) Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba dikete tse leshome letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.

(8) Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.

(9) Hobane WENA, YAHUVEH ADONAI, ELOHIM, EL SHADDAI, ABBA YAH, YAHUSHUA, WENA ya bitswang “MORENA,” WENA o Setshabelo sa ka, MOOKAMEDI YA PHAHAMENG, Bodulo ba ka;

(10) Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela bodulo ba ka ( ntlo ya ka, boaho ba ka).

(11) Hobane YENA o tla o laela Mangeloi A HAE, hore a mpoloke ditseleng tsohle tsa ka.

(12) Mangeloi a tla o kakasa ka matsoho a wona, esere mohlomong leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.

(13) O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha.

(14) Hobane YENA o beile Lerato LA HAE ho nna, ka hona YENA, o tshepisitse ho ntokolla: YENA o itse, YENA o tla re bea bodulo bo phahameng, hobane a tsebile Lebitso LA KA.

(15) O tla bitsa ho NNA - ke tshepiso ya YAH, YAHUVEH o re - O tla bitsa ho NNA, mme KE tla mo araba, le yena: ke tla ba le bona tsietsing; KE tla mo lopolla le yena, ke ba hlomphe.

(16) KE tla mo kgorisa le yena ka matsatsi a mangatangata, ke ba bontshe POLOKO YA KA.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred