Borapedi Ba Sontaha
Letshwao La Sebata

Mang kapa mang ya amohelang molao wa Sontaha, o tla kenngwa tshebetsong, o tla be a fana ka botshepehi le borapedi ba hae ho sebata (Kereke ya Roma ya Khatholike) ho ena le Modimo. Ebe ba tla tshwauwa (moyeng) ka letshwao la sebata, ebang ke diphatleng tsa bona, kapa matsohong a bona

Letshwao la Sebata ke Eng?

Ana ke Mantswe a YAHUVEH, YAHUSHUA le MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH ). Mantswe ana ke seo BONA ba se buileng mabapi le Letshwao la Sebata. Mantswe ana a Boporofeta a bokelletswe ho tswa Boporofeteng bo builweng le bo ngotsweng ke Moapostola Elisheva Eliyahu. Tsena ke dikarolwana feela ho tswa Boporofeteng tse buang ka Letshwao la Sebata. Ka kopo tobetsa nomoro ya Boprofeta le sehlooho ho bala Boporofeta ka botlalo. Re rapela hore o utlwe lentswe la YAHUVEH, YAHUSHUA le MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) mme o tla baleha Dikereke tsa Sontaha tsa Babilona.

E hlahlobilwe Ka La 2 Lwetse, 2012:

Ho na le pherekano e ngata ho marang-rang (inthaneteng) mabapi le tjhipi (chip) ya RFID ho thweng ke letshwao la sebata le seo YAHUVEH a se senotseng ka letshwao la sebata boprofeteng bo filweng ho tswa ho Elisheva. Re rapela hore sena se tla hlakola pherekano efe kapa efe eo mang kapa mang a ka bang le yona mabapi le sena.

Ntho ya pele eo re hlokang ho e sheba ke lengolo, Bibele e re eng ka letshwao la sebata Bukeng ya Tshenolo.

Tshenolo 13:16-18 Hape se etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba futsanehileng, ba lokolohileng le ba makgoba, ba tshwauwe letsohong le letona kapa phatleng, e le hore ho se be motho ya ka rekang kapa a rekisang ntle le haeba a ena le letshwao, ke hore, lebitso la sebata kapa palo ya lebitso la sona. Sena se hloka bohlale: ya nang le kutlwisiso a ke a bale palo ya sebata, hobane ke palo ya motho, mme palo ya sona ke 666.

Tshenolo 14:9-11 Lengeloi le leng, la boraro, la ba latela, le re ka lentswe le phahameng: "Haeba mang kapa mang a rapela sebata le setshwantsho sa sona mme a amohela letshwao phatleng ya hae kapa letsohong la hae, le yena o tla nwa veine ya kgalefo ya Modimo, e tshetsweng ka matla ka senwelong sa bohale ba hae, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole ka pela mangeloi a halalelang le ka pela Konyana. Mme mosi wa tlhokofatso ya bona o nyoloha ka ho sa feleng le kamehla, mme ha ba na phomolo, motshehare kapa bosiu, barapedi bana ba sebata le setshwantsho sa sona, le mang kapa mang ya amohelang letshwao la lebitso la sona."

Tshenolo 19:20 Sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona moprofeta wa bohata ya entseng dipontsho tseo ka tsona a ileng a thetsa ba amohetseng letshwao la sebata le ba rapelang setshwantsho sa sona. Bana ba babedi ba ile ba lahlelwa ba phela letsheng la mollo le tukang ka sebabole.

Mangolo a hlakile haholo ka letshwao la sebata:

1. O LOKELA HO RAPELA sebata le SETSHWANTSHO SA SONA ho fumana LETSHWAO la sebata.

2. Haeba o amohela LETSHWAO la sebata o TLA KGONA ho reka kapa ho rekisa.

3. Ba amohelang LETSHWAO la sebata ba tla be ba THETSITSWE ke sebata ho fumana LETSHWAO la sona.

4. Haeba o amohela LETSHWAO la sebata ntle ho pelaelo o tla ya diheleng ebe Letsheng la Mollo.

Hopola, batho ba tla THETSHWA hore ba amohele letshwao la sebata. Batho ba tla amohela letshwao ka boithatelo mme ba dumele hore ba etsa ntho e nepahetseng hobane ba THETSHWA hore ba dumele sena.

Jwale batho ba tla thetswa jwang? Ba tla thetswa ka tsela e tshwanang le eo Bakreste ba bangata ba thetswang ka yona kajeno ka ho ya kerekeng ka Sontaha, ke kamoo. Ke a tseba, ke a tseba, Bakreste ba bangata ba balang sena ba tla nahana hore sena ke leshano, empa ke a le tshepisa sena, ba bangata ba bona ba tla se dumela ha ba bona se etsahala ka pela mahlo a bona ha ba ntse ba feta Matshwenyehong a Maholo. Ke dumela hore ena ke thetso e kgolo ka ho fetisisa eo satane a thetsitseng batho ka yona, taelo ya bone (4), letsatsi la nnete la Sabatha leo YAH a re laelang ho obamela YENA ka lona mme ke Labohlano ha letsatsi le dikela ho fihlela Moqebelo ha letsatsi le dikela letsatsi la bosupa (7) la beke.

YAH o laela batho ba HAE ho obamela YENA ka Moqebelo, sebata se tla laela batho ba hae ho mo obamela ka Sontaha. Ka kopo bula mahlo le pelo ya hao nneteng ena. Ke ka tsela ena o tla thetswa hobane haeba o le Mokreste jwale mohlomong o se o ntse o rapela ka letsatsi le fosahetseng, kahoo e tla ba ntho e tlwaelehileng hore o tswele pele ho rapela ka Sontaha mme o tla dumela hore o etsa ntho e nepahetseng empa o tla lahlehelwa ke moya wa hao. O tla amohela letshwao la sebata ka boithatelo, mme e tla be e se e le morao haholo; o reretswe ho ya mollong wa dihele. Ho hlakile haholo haeba o bula mahlo a hao mme o lakatsa nnete ka pelo ya hao yohle. Letsatsi la Sabatha ke taba e kgolo ho YAHUVEH, ke ka lebaka leo e leng taelo ya ka ho sa feleng, letshwao le sa feleng pakeng tsa YAHUVEH le Batho ba HAE.

Seo re se buang ke sena, tsela feela ya ho fumana letshwao la sebata (ho sa tsotelehe hore na ke tjhipi, thathu, jwalojwalo.) ke ho ya kerekeng ya Sontaha nakong ya Matshwenyeho a Maholo kamora hore e be molao wa lefatshe lohle wa hore bohle ba ye Kerekeng ya Sontaha. Sena ha se etsahale ho fihlela bohareng ba Matshwenyeho, kahoo re ntse re le hole le hore letshwao la sebata le kenngwe tshebetsong, empa thetso e kgolo e bile teng ka makgolo a dilemo e lebisang letshwaong la sebata.

Ntho ya ho qetela. E tla ba bao ho thweng ke Bakreste le bao ho thweng ke ba yang Dikerekeng tsa Sontaha ka morao hore e be molao o akaretsang nakong ya Matshwenyeho a Maholo ba tla be ba qosa le ho kgaola dihlooho tsa bao ba mamelang ditaelo tsa YAH mme ba hlompha letsatsi la Sabatha la nnete. Bana bao ho thweng ke Bakreste ba tla dumela hore ba etsa ntho e nepahetseng.

Letshwao la sebata ke ntho e ke keng ya nkuwa ka phoso. Hona jwale ho na le batho ba ileng ba kenngwa tjhipi ya elektroniki ke mmuso mme ha ba tsebe le ho tseba. Re ne re tseba mosadi ya ileng a etswa opereishene dilemo tse fetang leshome (10) tse fetileng mme ngaka e ile ya mo kenya tjhipi ya Elektroniki (RFID) ntle le tsebo ya hae. Moo tjhipi e kentsweng teng o ile a tshwaetswa mme a utlwa ho hong leotong la hae kahoo a qala ho batlisisa mme ka nnete e ne e le tjhipi. Elisheva o ile a bona tjhipi ka mahlo a hae. Jwale sena e ne e le dilemo tse fetang leshome (10) tse fetileng mme mohlomong ba ne ba ntse ba leka tjhipi tsena nakong eo, empa hopola tjhipi ena e kentswe ntle le tumello kapa tsebo ya hae.

Na o ya diheleng hobane wena, Mokreste ya lokileng, o na le tjhipi ena ka hare ho wena e neng e beilwe moo kgahlanong le thato ya hao mme o nahana hore ke letshwao la sebata? Ke nahana hore tjhe, WENA o tlameha ho nka letshwao la sebata ka thato ya hao, o ke ke wa le nka ka phoso. Jwalo ka ha Bibele e re haeba o amohela letshwao la sebata qetello ya hao e TIISITSWE, ha ho na ho kgutlela morao, o tla YA DIHELENG.

Bongata ba lona ba balang sena le tla hana ho dumela sena jwale, empa ba bangata ba lona le tla amohela sena ha le bona dintho tsena di etsahala Matshwenyehong a Maholo. RORISANG YAHUSHUA!

DIPOROFETO TSE BUANG KA LETSHWAO LA SEBATA KE TSENA

Boprofeta Ba 21
Na o Itokiseditse ho tshoha?
Ka La 7 Phato, 1998


KE le bolella sena jwale e le hore ha le bona dintho tsena di etsahala le se ke la tshaba lebotho la hae la di-ZOMBI tse tla bolawa ke MATLA A SEFAPANO sa YAHUSHUA MESIA! Hopolang ho di otla ka boto kapa patsi e emelang SEFAPANO. Bafu ba YAHUSHUA (Kreste) ba tla tsamaya mme ba pake ka Kganya YA KA ba tla tsamaya jwalo ka mehleng ya kgale mme ba pake ka Lehodimo, le hore ba se ke ba nka Letshwao la Sebata! Ba tla paka hore ho na le bophelo ka mora lefu. Bahalaledi BA KA le tla ba utlwa mme le ba bone ka Mebele e Kganyang e KE KENG YA BOLAWA!

Jwale bakeng sa Mohlolo o mong, na le itokisitse? Eya, le tla nkuwa ho ya kopana le NNA moyeng. Kannete le tla hapuwa le Mopholosi wa lona matsohong A KA. Empa pele KE le hopotse, na ha KE a ka ka tsamaya lefatsheng matsatsi a mashome a mane (40) kamora tsoho YA KA, ka mmele WA KA o Kganyang? Le mmele wa YAHUSHUA MESIA mme kahoo le tla etsa se tshwanang hape le ntse le paka bakeng SA KA mme le lemosa bahetene hore ba se ke ba nka Letshwao la Sebata. Le paka hore Lehodimo ke la nnete. YAHUSHUA MESIA ke wa nnete. Lefu ha se qetello empa ke qalo ya pholoso, kapa kahlolo.

Boprofeta Ba 24 karolo ya 1
Hlokomelang Monyako wa Areka le Buka ya Baditjhaba E Ya Kwalwa!
Ka La 15 Pudungwana, 1998


KE a le lemosa ka nako eo le tla tsamaya ka tumelo eseng ka pono ho feta nako efe kapa efe historing. Ha ho motho ya foofo tumelong ya tla pholoha bohale BA KA. Haeba o fumana ho le thata hona jwale ho ba le tumelo, o tla fumana ho le thata hakaakang ho dumela hore KE tla o pholosa empa tumelo ya bongata e tla shwa mme ba tla tela maphelo a bona e le bashwelatumelo, ba kgethe sena ho tswela pele ho phela ka tumelo feela. Ba tla kgaolwa dihlooho ka lebaka la ditumelo tsa bona mme ba kgethe lefu ho feta mahlomola. Leha ho le jwalo, bohle ba hanang Letshwao la Sebata Matshwenyehong ba tla pholoswa.

Boprofeta Ba 24 karolo ya 2
Hlokomelang Tomoso ya Bafarisi!
Ka La 15 Pudungwana, 1998


Satane o tla ho utswa tumelo ya lona ya hore KE tla sireletsa bao e leng BA KA le ho neha Monyaduwa WA KA tsela ya ho phonyoha! Dumelang feela! Hore mahlomola a Bahetene ha se mahlomola a Bana Ba KA! Dumelang feela hore ke Modimo ya putsang ba batlang NNA ka tieo! Meputso ya ka e ho NNA! Feela jwalo ka Matsatsing a Noe le tla be le shebile timetso le bolokehile ho tswa kgalefong YA KA. E ne e se e le morao nakong ha monyako ya Areka o kwalwa mme ho sa tsotelehe hore na bahetene ba otla monyako wa Areka jwang ba ne ba ka se kgone ho kena. Ha KE isa Monyaduwa WA KA hae, bohle ba setseng ba tla qobellwa ho feta nakong ya Matshwenyeho. Ho itshetlehile ka tumelo ya ba ipiletsang ho NNA ho ba pholosa ho tla netefatsa hore na ba a shwa kapa ba kgona ho phonyoha Letshwao la Sebata. Ho utlwa lentswe LA KA feela le ho mamela NNA ho tla netefatsa sena.

Boprofeta Ba 25
Amerika, Letsoho LA KA le Behilwe Kgahlanong le Wena!
Ka La 2 Tshitwe, 1998


Itokisetseng ntwa e tlang. Bakeng sa lona ba reng le reretswe ho dula le ho tsamaya bohaleng BA KA. KE a tla ho tlo nka Monyaduwa WA KA. Ke morwetsana WA KA mme o kgabisitse kgwele ya hae, mme o na le oli leboneng la hae, le oli e eketsehileng. Bakeng sa ba tsitlellang ho bona tshabo e tlang ho lona, le tla tsamaya ka tumelo eseng ka pono. Bongata bo tla bolawa mme ba bangata ba ke ke ba nka Letshwao la Sebata. Ba tla ithuta ka tsela e thata kaha ba hana ho mamela jwale. Ba sa tsamayeng ka tumelo ba tla shwa. Se tshabe hobane ho tla ba le ba ke keng NNA ba mpelaela ha ho se na dijo kapa metsi. Na o na le tumelo ya ho rapela ho lejwe mme o dumele bakeng metsi? Na o na le tumelo ya ho dumela hore seretse ke bohobe?

Boprofeta ba 27
YAHUSHUA O Tla Kgutla ka Sabatha! Phahamang Basadi Ba Baapostola le Baprofeta!
Ka La 4 Pherekgong, 1999


Lena ke letsatsi leo KE tla kgutla hape! Eya, KE itse boloka Sabatha ho tloha letsatsing lena ho ya pele bakeng sa bao ba ipolelang hore ke Monyaduwa WA KA! Itokise hobane Monyadi wa hao o a tla mme o tla fihla ka Sabatha. Ha o tsebe hore na ke efe. Empa NNA ba sa nkemelang ka SABATHA NNA BA KA SE MPONE . Eya, KE re hape, kaha ho fihla HA KA lefatsheng ho ntse ho atamela, letsatsing lena NNA ha ke be mehopolong ya lona, mantsweng le diketsong tsa lona. Thabang letsatsi lena le NNA. Na o ke ke wa tela menate ya hao ya lefatshe bakeng SA KA letsatsi le le leng ka beke? Itlwaetse sena hona jwale. Nako e ya tla eo ba kgopo ba tla ela hloko hore na ke mang eo e leng WA KA ruri,le eo e seng WA KA. Ba tla tseba ka LETSHWAO la hore na le hlokomela le ho boloka melao YA KA. Ba tla le thibela ho kopana ka Sabatha kapa ho amohela hore letsatsi lena ke Sabatha. Hopola Labohlano ha letsatsi le dikela ho fihlela Moqebelo ha letsatsi le dikela, ke SABATHA. Le boloke le HALALELA ebile e le letsatsi la hore NNA le wena re be mmoho mme re tsebane. O Moratuwa WA KA. Ba etsang sena ba tla tseba ditlhohonolofatso tse fapaneng le tseo o kileng wa di tseba pele.

Boprofeta ba 34
Marako a Jeriko a Tla Heleha Hape!
Ka La 7 Motsheanong, 1999


Ela hloko mobadi haeba sena se so fihle dikerekeng tsa lona ho le leka, ho tla eba jwalo hobane satane o batla ho arola le ho TSHWAYA bao e leng ba hae mme ba sa tsebe hore ba se ba qadile ho TSHWAUWA! Ha se LETSHWAO le isang topollong efe kapa efe, empa ke qalo ya thetso e tla lebisa ho LETSHWAO la Sebata! Letshwao la Sebata le tla amohelwa habonolo jwalo ka ha LETSHWAO lena la kgauta le amohelwa hona jwale. (Ho tlatswa ha meno a Kgauta kapa meno a kgauta kapa lerole la kgauta) Ha Letshwao la Sebata le fihla batho ba tla nahana hore ke tlhohonolofatso ha e le kannete ba ahlotse meya ya bona ho leba mollong o sa feleng le sebabole. Hobane Elia wa ka e Motjha o bua Mantswe A KA, wa nyatsuwa mme wa etselletswa ke ba bang ba batlang feela ho utlwa ditlhohonolofatso TSA KA tse phahamisang mme ba sa batle ho utlwa hore na dithohako TSA KA ke dife bakeng sa ba hanang ho mamela mantswe ao ke a buang.

Boprofeta Ba 49
Hlokomela! Le Tshwana Le Dinku Tse Lebiswang Tlhabong!
Ka La 1 Mphalane, 2001


Ba bang ba batla NNA ho nteka mme ba dule le baratuwa ba bona ba sa pholoswang. Eba le tumelo bakeng sa mehlolo e hlokahalang, ho leka ho ba lemosa hore ba se ke ba amohela Letshwao la Sebata, ba bang ba a tseba hore ba tla fumana Mebele e Kganyang, ke ka lebaka lena ho nang le karohano e jwalo, ka bobedi ba nepile. KE se ke e kentse moyeng wa hao haeba o le WA KA, hore na o tla bolaelwa tumelo, kapa hore na o tla ba ya shweleng ho MESIA, mme o tla shwa pele, o tsohe, kapa hore na o tla nkuwa ho tla kopana le nna moyeng ha o ntse o phela.

Boprofeta ba 66
Letsa Terompeta Mme O Lemose,
YAHUSHUA Ha A Tle Bakeng La Kereke Empa Bakeng Sa MONYADUWA WA HAE!
Ka La 8 Tshitwe, 2002


Baeti ba rata Monyadi empa ba sa ikemisetsa ho lahla mekgwa ya bohetene le dinako tsa phomolo, ho kenyeletswa dikereke tsa Babilona le melao ya moya e entsweng ke batho. Baeti ba ne ba tseba hore na YAHUSHUA ke mang empa ba hana ho ithuta haholwanyane ka hore na YAHUSHUA ke mang Morena wa Bajuda, Moprista wa hao ya Phahameng wa Mojuda ya ileng a obamela le ho boloka Matsatsi le Mekete e Halalelang ya Bajuda. Baeti ba ile ba tsitlallela ho dula ba phutholohile ba nka karolo ho tlwaelehileng kamahanong e ba fepang makumane a bohobe bo sa sebetseng ho fapana le manna a matjha a tswang Lehodimong. Monyaduwa wa YAHUSHUA o tshwenyeha ho feta feela bobona empa o sebetsa ho tlisa ba bang dinneteng tsa Mmuso wa Lehodimo. Monyaduwa wa YAHUSHUA o tla lokisetsa baeti mokete wa lenyalo jwalo ka ha ba ntse ba etsa hona jwale ka mebele ya bona e shwang mme o tla tswela pele ho thusa ho lokisetsa baeti kamora hore Monyaduwa a fetohele ho Mebele ya bona e Tlotlisitsweng mme o tla lemosa baeti hore ba se ke ba nka Letshwao la Sebata le ho ba thusa ho ba sireletsa sebakeng sa nama le sa moya.

Boprofeta ba 71
SE NENG SE KWAHETSWE JWALE SE SENOTSWE!
Ka La 1 Pudungwana, 2003


Bohle ba balang sena jwale utlwa sena, NNA, YAHUVEH ke le laela ho arolelana sena le batho bohle bao le ba tsebang, ho ba tiisetsa, ha ho motho le ya mong eo lebitso la hae le ngotsweng Bukeng ya Bophelo ya Konyana ya tla rapela sebata kapa ho amohela Letshwao la Sebata! (Tshen. 13:15-17) Ha ho motho le ya mong NNA, YAHUVEH ya tla lahleha ho satane le mmuso wa hae. Ha ho motho le ya mong ya neng a tshepahala ho NNA, YAHUVEH le Mora WA KA YAHUSHUA ntweng eo e kgolo pele ho motheo wa lefatshe ya tla ya diheleng kapa letsheng la mollo. Jwalo ka ha NNA, YAHUVEH, ke rometse Mora WA KA YAHUSHUA ho pholosa Bana BA KA ba Ratehang ho sebe se tlisitsweng ke Adama le Eva, NNA, YAHUVEH ke tla boela ke romele Mora WA KA ya Ratehang YAHUSHUA ho pholosa Bana BA KA ba Halalelang ba Tshepahalang. Shebang hodimo bana, leha lefatshe le nyedisa le ho soma ruri topollo ya lona e atametse. (Luka 21:28)

Boprofeta ba 79
NNA, YAHUVEH, KE RE "BATHO, LE FOSA NTLHA!"
Ka La Phato 2, 2005


Monyaduwa wa YAHUSHUA a ke ke a fetolwa feela ho ba le Mebele ya bona e Kganyang mme ba tlatswe ka tlotso jwalokaha eka YAHUSHUA ka boyena o tsamaya hara bona, mme le bona. Yena o tla ba tlatsa ka tlotso e kaalo ha ho letho le ke keng la se kgonahale bakeng sa bona. Mme ka matsatsi a mashome a mane (40) Monyaduwa wa Mora WA KA YAHUSHUA o tla lemosa, "Le se ke la nka Letshwao la Sebata." Ba tla ya ho bao KE ba bitsang baeti le bao mabitso a bona a ngotsweng Bukeng ya Bophelo ya Konyana mme ba tla re ho bona, "Le se ke la hloka kutlo, le se ke la inehela, leha se ka baka pheletso ya bophelo ba lona ba lefatsheng."

Wa bona, KE sebedisa Lekgabunyane le Kgethehileng (Ring Maiden) hona jwale, leha a se na Mmele wa hae o Kganyang, e le lentswe le hweletsang temoso pele ho nako. Hobane KE mo bitsitse hore e be moprofeta ditjhabeng. Le se ke la nka Letshwao la Sebata! Borapedi ba Sontaha le Letshwao la Sebata di hokahane. Hlokomela, o tla lahlehelwa ke moya wa hao haeba o boloka molao wa borapedi ba Sontaha nakong ya Matshwenyeho a Maholo. KE tla tlameha ho kopa tshwarelo ho Sodoma le Gomora tseo KE di sentseng ka mollo le sebabole haeba ke dumella manyala ana a lefatshe ho tswela pele nako e telele tsela eo ho leng ka yona. NNA nke ke ka kopa tshwarelo ho Sodoma le Gomora. KE tla timetsa le ho fedisa sohle seo NNA, YAHUVEH, ke se hloileng.

Bareri bana ba bohata ba etsa mabaka a ho etsa sebe mme le ba mametse. Le tla tshebeletsong ena bakeng sa dijo tsa lona tsa moya, ho latswa tlotso, ho nwa lebese la moya le ho ja nama ya moya. Jwale ke ba bakae ba lona ba sekisetsang mme ba ya dikerekeng tsa Sontaha. Le wela maotong a moruti wa lona ka botshepehi mme ke moo le fanang ka karolo ya leshome le dinyehelo tsa lona. Le ke ke la ba mahlakoreng a mabedi. Le tlameha ho etsa qeto ya hore na ke letsatsi lefe leo ke le laetseng e le Sabatha, hobane jwalo ka ha ke laetse hore na ke letsatsi lefe leo e leng Sabatha, e leng letsatsi leo le lokelang NNA ho ntlhompha le ho phomola le ho atamela ho nna.

NNA, YAHUVEH, KE RE "BATHO, LE FOSA NTLHA!”

Mme kahoo mora wa satane o tla laela ba sekisetsang hore ba mo kgumamele ka letsatsi leo a laelang ka lona.

NNA, YAHUVEH, KE RE "BATHO, LE FOSA NTLHA!”

Jwalo ka ha Mora WA KA YAHUSHUA a buile mme YENA a re "Nwang veine ena le je bohobe bona, le etse sena nna ho nkgopola." Matshwenyehong a Maholo a tlang haufinyane, na ha le tsebe hore mora wa satane o tla re ho bohle ba amohelang Letshwao la hae, "Etsang sena ho nkgopola." Ba tla nwa madi a bashwela tumelo ho tswa dinkgong. Di tla tlatswa madi mme jwalo ka di-vampaya, ba tla nwa madi ao. Mme feela jwalo ka ha sejana sa selallo se fetiswa, ruri, ba tla fetisa sejana mme mora wa satane o tla re, "Etsang sena nna ho nkgopola." Nama e besitsweng ya bashwela tumelo ba tla e ja. Ba tla soma selallo SA KA le Monyaduwa wa YAHUSHUA. Ka nnete ba tla nyedisa Monyaduwa wa YAHUSHUA hobane ba tseba hore dithapelo tsa ba lokileng di ile tsa thiba mora wa satane ho fihlela e eba nako ya ho bitsa Monyaduwa wa YAHUSHUA a tsamaye.

Dithapelo tsa ba lokileng di thusa haholo. NNA, YAHUVEH, ke a le lemosa hore e se e qadile. Ho tla ba le mekete ya thobalano dikerekeng tsa Sontaha Matshwenyehong a Maholo. E tla ba ka tsela ena mora wa satane a somang Monyaduwa wa YAHUSHUA. Hobane YAHUSHUA le Monyaduwa WA HAE ke motho a le mong, mme bohle ba obamelang YAHUSHUA, ba mamelang Mora WA KA ke motho a le mong, hobane ke kgokahano ya moyeng mmele, kelello, moya le moyeng. Wa satane mora o tla soma nakong ya Matshwenyeho a Maholo, o tla tshwara mekete ya thobalano dikerekeng tsa Sontaha. Qalo ya thetso e kgolo ke dikereke tsa bosodoma. Hape ke re, "Sebe se se se qadile."

NNA, YAHUVEH, KE RE "BATHO, LE FOSA NTLHA!”

Ena ke tsela eo ke sebedisang tshebeletso ena ka yona, ho arola dinku ho dipodi, ho arola koro ho mofoka (mofoka). Bao mabitso a bona a ngotsweng Bukeng ya Bophelo ya Konyana pele lefatshe lena le thewa. Bana ke bao mabitso a bona a tla dula Bukeng ya Bophelo ya Konyana. Ba ke ke ba obamela mora wa satane mme ba tla hana Letshwao la Sebata. Esita le haeba o utlwa kapa o bala sena hona jwale mme o tswela pele ho sekisetsa jwale, nakong ya Matshwenyeho a Maholo o tla boloka le ho hlompha Sabatha (Shabbat) ya nnete e leng Labohlano letsatsi ha le dikela ho isa Moqebelo letsatsi le dikela le hoja o tla lahlehelwa ke bophelo ba hao mme o tla bolaelwa tumelo.

Boprofeta Ba 80
Monyaduwa wa YAHUSHUA, Rapela Hore NNA, YAHUVEH Ke Romele Dira Tsa Hao Sehatelong Sa Veine Sa Kgalefo YA KA!
Ka La 18 Pherekgong, 2006


NNA, YAHUVEH, ke rometse Mora Wa Ka YAHUSHUA ka Moya WA KA ho isa meya Lehodimong mme satane o romela moya wa hae ho thetsa bohle ba tla mamela le ho latela moya wa borabele kgahlanong le tsohle tse Halalelang e le kannete, a ba isa Diheleng, a ba hohela ka Letshwao. Jwalokaha YAHUSHUA a tshwaile bao e leng ba HAE ka nnete, bao mabitso a bona a ngotsweng Bukeng ya Bophelo ya Konyana pele ho thewa lefatshe lena, le satane o tshwaile bao e leng ba hae mme o tla ba tshwaya hape mmeleng, a paka hore ba mo latelang mabitso a bona a bukeng ya ba rohakilweng kapa bukeng ya ba hlakotsweng. Ha ho motho ya nkang letshwao la satane ya tla ke a kene Mmusong wa Lehodimo. Iseraele e ke ke ya tseba kgotso ya nnete ho fihlela e re, "Ho hlohonolofatswe YENA ya tlang ka LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA." KE romela Monyaduwa wa YAHUSHUA jwale ho tla buella le ho rapella Iseraele le ho rapella bakeng sa emong mme NNA, YAHUVEH, KE bua ka bohadi ka lekgabunyane lena la tlotso e ntjha ho lona le e filwe ke YAHUSHUA ho Monyaduwa wa HAE ha ba ka e dumela ka tumelo.

NNA, YAHUVEH ke phatlaladitse ntwa ho polanete lefatshe moo ho se halalele ho atileng. NNA, YAHUVEH ke fana ka matla ana hona jwale. Ha le rapela ho NNA ka LEBITSO LA Mora WA KA YAHUSHUA, le tle ka sebete ka pele HA KA mme le kope hore dira tsa Iseraele di lahlelwe sehatelong sa veine sa Kgalefo YA KA. Nako e a tla haufinyane haholo, kahoo ke lemosa Monyaduwa wa YAHUSHUA le Baeti Selallong sa Lenyalo la Konyana jwale ka Lekgabunyane le Kgethehileng la YAHUSHUA. Satane o tla romela kgotso ya hae ya bohata, pele ho soma Kgosana ya nnete ya kgotso, a leka ho thetsa le ho tshwaya lefatshe ka Letshwao la hae. Satane o bile a behile letsatsi la beke leo Letshwao lena le tla fuwa ka lona. Ba nang le ditsebe tsa ho utlwa le ho mamela, Hlokomelang Sabatha e entsweng ke motho. Ke rometse Baprofeta BA KA ho lemosa hore nako e tla tla eo bohle ba lokelang ho ikgethela hore na ba tla sebeletsa Modimo ofe. Mora wa timetso o tla tla haufinyane, ya tla bolaya ba bangata ho feta bahatelli ba lona ba babe ka ho fetisisa. Mora enwa wa timetso o tla tla ka sebopeho seo le sa se nahaneng. Mora enwa wa timetso o tla tla ka lehloyo ho mang kapa mang ya amohelang Mesia e mong. Mora enwa wa timetso o hloile tsohle tse Halalelang kannete mme le ba amohetseng YAHUSHUA e le MESIA.

1 Johanne 2:18

Bana ba banyenyane, ke nako ya ho qetela: mme jwalo ka ha le utlwile hore mohanyetsi wa kreste o tla tla, le jwale ho na le bahanyetsi ba kreste ba bangata; ke moo re tsebang hore ke nako ya ho qetela.

Johanne 2:22

Ke mang ya leshano haese yena ya latolang hore YAHUSHUA ke Mesia? Yena ke mohanyetsi wa kreste, ya latolang Ntate le Mora.

1 Johanne 4:3

Mme moya o mong le o mong o sa boleleng hore YAHUSHUA MESIA o tlile nameng ha se wa YAHUVEH: mme ona ke moya oo wa mohanyetsi wa kreste, oo le utlwileng hore o tla tla fihla; mme jwale moya ona o se o le teng lefatsheng.

2 Johanne 1:7

Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng hore YAHUSHUA MESIA o tlile nameng. Enwa ke mothetsi le mohanyetsi wa kreste.

Bahalaledi BA KA ke ke ba se tshepahale ho NNA, YAHUVEH kapa YAHUSHUA MESIA. Ke ba nang le moya o kang wa Judase feela ba tla fumana Letshwao le meputso e fuwang ke satane tse tla eba nako e kgutshwane. Iseraele e tla ema kamehla. Ha ho motho ya tla e hlakola yona mmapeng, hobane Mora Wa Ka YAHUSHUA o tla hloma maoto a Hae Thabeng ya Mehlwaare mme a buse le ho rena ho tloha Jerusalema. KE entse kano mme Iseraele e ke ke ya timetswa ka ho phethahetseng. Oho, ho fapane hakaakang le bao ba rerang leano kgahlanong le Iseraele jwalo ka Judase kapa ba itseng ba tla hlakola Iseraele sefahlehong sa mmapa. NNA, YAHUVEH, ke nna feela ya nang le tokelo ya ho otla Iseraele, jwalo ka ngwana ya kgelohileng. Ba nang le moya wa Judase le Hamane (Esthere 3:1-6) Hamas ya mehleng ena ba tla kotula kotsi efe kapa efe e hlahelang Iseraele. (Esthere 8:7)

Boprofeta Ba 83
NNA, YAHUVEH, KE RE, “ITOKISE BOFELO BO HAUFI!”
Ka La 15 Hlakubele, 2006


Matshwenyehong a Maholo, mora wa satane o tla behella ka thoko letsatsi la hae hore a kgumamelwe mme e tla ba Sontaha. Ha borapedi ba Sontaha bo tlamehile mme le laelwa lefatsheng ka bophara ho ya Kerekeng ya lehae e haufi le wena ya Sontaha, ela hloko, O SE KE WA YA.

Ke leraba la mora wa satane. Ho mang kapa mang ya yang Kerekeng ya Sontaha nakong ya Matshwenyeho a Maholo, ba tla kena monyako ba tshwere ke meya ya thetso, ho laola kelello, borapedi ba ditshwantsho le borabele hara meya e meng e mengata e matla ya bademona. Ba lemose hona jwale. Ba tla be ba nkile Letshwao la Sebata mme ba kena kerekeng ya ditshila mme ba kgethile ho rapela sebata le ho amohela Letshwao la sona la nama hammoho le la moya. Lemosa batho hona jwale, pele ho e ba morao haholo.

Sena ha se bolele hore Dikereke tsohle tsa Sontaha di mpe hona jwale, empa le haufi haholo jwale, bofelo bo haufi, le tlameha ho lemosa batho moo baruti ba hlolehang ho etsa jwalo. O tlameha ho ruta nnete ya mabitso a Halalelang a Seheberu A KA, YAHUVEH le Mora WA KA YAHUSHUA e leng MESIA a le mong feela, Madi a hae feela a tsholotsweng bakeng sa batho bakeng sa tshwarelo ya dibe. NNA nke ke ka amohela sehlabelo se seng sa madi, mme ha ho na mokena-dipakeng e mong ya ka o buellang. Seo se kenyelletsa le bao ba bitswang bahalaledi ba shweleng. Eseng le mme wa YAHUSHUA, Maria (Miryam), hobane le yena o ne a hloka YAHUSHUA e le MESIA wa hae.

Lena ke lona feela lebaka leo Monyaduwa wa YAHUSHUA a lokelang ho ya Kerekeng ya Sontaha, ho ruta dinku le dikonyana nnete moo baruti ba hanneng, leha e le motho a le mong ka nako. Ditaba tse monate ke tsena: jwalo ka bana BA KA ba Ratehang, bao mabitso a bona a ngotsweng Bukeng ya Bophelo ya Konyana mme a kgethilwe esale pele, ho jwalo le buka ya satane ya ba rohakilweng.

YAHUSHUA A KE KE A LAHLEHELWA KE MOYA O LE MONG BAO MABITSO A BONA A NGOTSWENG BUKENG YA BOPHELO YA KONYANA PELE HO THEHWA LEFATSHE LENA. O ke ke wa kgetha ka phoso ho amohela Letshwao la Sebata; o tla tseba hore o se ke wa etsa jwalo mme o ka mpa wa shwa pele o etsa jwalo.

Boprofeta ba 85
Hweletsang Le le Ditlhorong Tsa Ntlo! Hweletsang Lefatshe! Monyaduwa wa Matjhaba wa YAHUSHUA, Etlang Pele!
Ka La 5 Motsheanong, 2006


MaAmerika le MaCanada mathang, balehang ha le ntse le kgona, haeba le tseba hore le a tseba hore KE le bolelletse jwalo. Mamelang. Hopolang, KE le bolelletse hore dinaha tse bitswang lefatshe la boraro, leha di futsanehile, e tla ba e sireletsehileng ho tswa mebusong e bodileng, e ruileng e tla tlisang ya bitswang antikreste, leha ho le jwalo NNA, YAHUVEH ke mo bitsa mora wa satane, mora wa timetso, ya tlisang Letshwao la Sebata. Le se ke la tshepa mmuso ofe kapa ofe ho le sireletsa matsatsing a lefifi a tlang, hobane KE romela AmightyWind ho sebediswa e le tekanyetso kgahlanong le bobe lefatsheng lena le bobe bo tlang lefatsheng lena. Ithuteng ka hlooho mangolo a tla le kgothatsa ha le sa ntse le ka kgona ho a bala ka bolokolohi. Nako e ya tla eo lentswe le tla tlameha ho patuwa ka tsela e fapaneng.

Boprofeta ba 87
Iseraele, Wena Iseraele, Utlwa Wena Iseraele, Jerusalema le Lefatshe Lohle. Seo NNA, YAHUVEH Ke Tla Se Buang
Ka La Phato 27, 2006


Utlwa Wena Iseraele, Jerusalema le Lefatshe Lohle, KE le romela Metsi a Phelang hape le hape ka dijana TSA KA tse tlotsitsweng empa le lahlile Metsi a Phelang morao difahlehong tsa bona. Le hlorisitse, la otla, la leleka, la kenya baprofeta BA KA teronkong mme la ba bolaya. Ka lebaka lena KE tla romela Dipaki TSA KA tse Pedi Jerusalema mme di tla porofeta kgahlanong le bobe boo Iseraele le bo entseng, boo le bo etsang le boo le tla bo etsa. Dipaki TSA KA tse Pedi di tla kwala lehodimo mme pula e ke ke ya na hobane le hana le ho kgesa Metsi a Phelang a tswang ho YAHUSHUA. Dipaki TSA KA tse Pedi di tla lokolla dithohako tsohle tsa Deuteronoma 28 ho ba sa mameleng le ba latolang bomodimo ba Mora WA KA ya Ratehang YAHUSHUA. Bohale BA KA bo tla wela bohle ba rohakang LEBITSO LA YAHUSHUA. Bohale BA KA bo sa hlapollwang bo tla ja bohle ba jereng Letshwao la Sebata mme ba rapela sebata. (Tshen. 13:16-18)

Utlwa Wena Iseraele, Jerusalema le Lefatshe lohle, hobane le hana ho mamela baprofeta BA KA ba tlotsitsweng ba halalelang bao takatso ya bona feela e leng ho mamela le ho sebeletsa NNA, YAHUVEH, KE romela Dipaki TSA KA tse Pedi tse tla bang le tlotso e kang ya Moshe le Elia wa boholo-holo. Ba tla romelwa ho hlokofatsa ya bitswang mohanyetsi wa mesia eo e leng mora wa satane, moprofeta wa bohata le bahlanka bohle ba hae ba tla jara Letshwao la Sebata, jwalo ka ha Moshe a ile a sebediswa ho hlokofatsa Faro ya kgopo, le NNA ke tla sebedisa Dipaki TSA KA tse Pedi.

Boprofeta ba 89
DIPHIRI TSA MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH)
Ka La 27 Pherekgong 2007


Oho, empa Matshwenyehong a Maholo bao ba pholositsweng hona jwale mme ba ntse ba phela ba Halalela ka pele HA KA, moya WA KA o ka hare ho bona, jwalo ka ha le pholositswe ka Lebitso la JESU (YAHUSHUA), le tla nne le bitse YENA ka Lebitso leo. Mme NNA le se seke la nkutlwisisa hampe, ho na le matla, matla a Lehodimo a ho tshehetsa Lebitso leo ka lebaka la mohau wa ABBA YAHUVEH wa lona. Empa Matshwenyehong a Maholo ba bangata ba tla shwa, leha ba pholositswe jwale, ba bangata ba tla ipotsa hore na hobaneng dithapelo tsa bona di sa arajwe. Hase hobane RONA ha re ba rate. Mme ha KE bue ka ba tla ya dikerekeng tsa Sontaha mme ba tla nka LETSHWAO, KE bua le ba tla bitsa ka Lebitso la (JESU)YAHUSHUA, ba tsebang hore ke YENA ya thakgisitsweng mme a tsoha bafung mme ka letsatsi la boraro o ile a tsoha.

Boprofeta ba 90
LEBITSO LA MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) KE MANG?
Ka La 27 Hlakola, 2007


Mora wa satane, ya bitswang mohanyetsi wa kreste, o tla phatlalatsa hore ke JESU KRESTE. O tla batla hore bohle ba mo rapele mme ba mo hlomphe mme ba ye mme ba bokane dikerekeng ka Sontaha mme ba nke LETSHWAO la hae ba paka botshepehi ba bona. Mohanyetsi wa kreste mora ya tswetsweng wa satane o tla tla ka moya wa Judase le Hitler hape; eo mangolo a reng ke mora wa timetso, kapa mora wa Dihele. Mora wa satane, o tla etsa dipontsho, dimakatso le mehlolo ya bohata ka matla a satane bakeng sa kgalalelo ya satane.

KE sebedisitse Tshebeletso ena ho lemosa, ha o bona molao wa setlamo wa borapedi ba Sontaha o fetisitwe, O SE KE WA kena Dikerekeng tsa Sontaha kapa o tla lahlehelwa ke moya wa hao. KE lemositse hore o ithute jwale hore na Letsatsi la Nnete la Sabatha la phomolo ke lefe (Letsatsi la Labohlano ha le dikela ho isa Letsatsi la Moqebelo ha le dikela). Ena e bile molaetsa o thata hore Elisheva a fane ka ona hobane Dikereke tsa Bokreste ha di batle ho o utlwa. Leha ho le jwalo, ho ba tshepahalang le ba buileng dinnete tsena, lea tseba hore le filwe taelo ya Ezek. 3: 17-21.

Boprofeta Ba 92
LE THABE HOBANE NNA, YAHUSHUA MESIA, KE MODISA YA MOLEMO KE LE MONG MME KE OTLA DIPHIRI!
Ka La 27 Mphalane, 2007


Matshwenyehong a Maholo lebitso la JESU le tla boela le sebediswa ke ya bohata mme le tla sebediswa ke ya bitswang mohanyetsi wa kreste, eo e leng mora ya tswetsweng a nnotshi wa satane. Nakong ena historing, ho na le Dikereke tse ding tsa Sontaha tse ntseng di sebediswa bakeng sa Kganya YA KA, empa Matshwenyehong a Maholo Dikereke TSOHLE tsa Sontaha di tla sebediswa bakeng sa kganya ya satane mme Letshwao la Sebata le tla ba Dikerekeng tsa Sontaha ka nako eo. Le lemositswe.

Na ha le utlwisise bohlokwa ba ho tseba temoso ena hona jwale. Le ho ithuta LEBITSO LA KA la Seheberu hona jwale, ho itlwaetsa ho sebedisa LEBITSO LA KA la Seheberu hona jwale, leo Mme WA KA wa Moheberu wa lefatsheng a mphileng lona ha ke tswalwa? Kamehla KE romela Baprofeta BA KA ba nnete ho lemosa pele ho kahlolo. Ruta ba bang dinnete tsena jwale, e le hore ba se ke ba ya Dikerekeng tsa Sontaha Matshwenyehong a Maholo. Hobane haeba o kena Dikerekeng tsa Sontaha nakong ya Matshwenyeho a Maholo o TLA FUMANA Letshwao la Sebata, ketso eo ya ho qetela ya borabele batho ba tla lahlehelwa ke meya ya bona.

Boprofeta ba 113
Ho Rialo YAHUSHUA MESIA, "Na NNA o Tla Ntumella Ho Arola Seo Letsoho La Ka Le Sa Kang La Se Kopanya"?
E filwe Ka La 30 Phupu, 2009


E Lokollotswe Ka La 21 Lwetse, 2009 ka Rosh Hashanah

Ha nako e fihla mme Letshwao la Sebata le tlama, o tla bona se etsahalang ho malapa a kentsweng jokong ka ho se lekalekane a hanneng NNA ho ntumella ho tswa bokgobeng le dikamanong tse kentsweng jokong ka ho se lekalekane ho lokollwa!(Matt 24:9-10, 25)

Boprofeta ba 117
NNA, YAHUVEH, Ke Re, "Kahlolo E Behilwe!"
E filwe Ka La 6 Phuptjane, 2008
E Lokollotswe Ka La 3 Hlakola, 2010


Dira tse ngata tseo di o hlaselang hona jwale le nakong e tlang di tla rekisa meya ya tsona jwalo ka ha Judase a entse ka dikotwana tse mashome a mararo (30) tsa silevera mme ba fumane Letshwao la Sebata hore bohle ba ba bone (Matt 26:14-16, Tshen 14:9-11). Ba lemose jwale sena ke sebe se sa tshwarelweng. Meya e lahlehileng e somang le e hloileng tsohle tse Halalelang e tla apara Jeremia 6:27-30 mme kgalefo YA KA e tla ba kwahela ka botlalo. Ha se ka tshohanyetso mabapi le hore na ke mang ya fumanang Tshebeletso ena, ba bang e tla ba Monyaduwa wa YAHUSHUA MESIA, ba bang e tla ba Baeti Selallong sa Lenyalo la Konyana, ba bang e tla ba dira tsa meya ya hao, hobane ke dira TSA KA hobane bohle ba tla lekwa!

* * * * * * *




CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred