Profesi 9

E Rere, E Rute, Etsa Hore Ba Bang Ba E Dumele!

E Filwe Moprofeta Elisheva Sherrie Eliyahu ka di 16 Mphalane, 1997

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale: Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Moratuwa WA KA, ke tseba pelo ya hao, mme ba o ahlolang ka bohata ha ba tsebe seo ba se buang. KE NNA moahlodi wa hao le lekgotla, eseng ba tshwarang lekgotla ntle le tumello YA KA. Ema ka thoko mme o se ke wa botsa hore na ke hobaneng, hobane haeba ba sa o sireletse hona jwale dinthong tse nyenyane, ba ke ke ba o sireletsa hamorao ditabeng tse kgolo.

O moratuwa WA KA, mme ba tshwarang lekgotla kgahlanong le wena ntle le bopaki leha e le bofe ba tla bona hore ha KE a thaba. KE o tlisitse sebakeng sena ho o kgothatsa, le ho thoba pelo ya hao e robehileng. Hobane wena le NNA re tseba bohloko boo o bo utlwang. Leha ho le jwalo, ho hanwa hona ha se bakeng la hao, empa ba hana karolo YA KA.

O na le maikutlo a metlae hobane KE o file maikutlo ao a metlae, KE o bitsitse mme ka o hlomamisa kamoo o leng ka teng. O filwe mpho ya ditsheho, ho thusa ho bebofatsa merwalo ya hao hammoho le ba bang. Ditsheho di etsa hantle jwaloka moriana o molemo. Empa esita le ditsheho le metlae di na le teka-tekano. Ha ke mokgatlong wa dikereke moo matemona a mawatla a iponahatsang le ho etsa Batho BA KA mawatla.

Hlokomela moo ntho efe kapa efe e etsahalang, diponahatso dife kapa dife tseo o neng o ke ke wa tshwantsha YAHUSHUA wa hao a nka karolo ho tsona. Na Modimo wa hao o bohola jwalo ka ntja, o duma jwalo ka katse, o rora jwalo ka tau e be KE soma lentswe LA KA. Na MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) o ka tlontlolla batho mme o etse hore batho ba se laolehe ho isa boemong ba ho ba moferefere? Ponahatso ena ya bodemona mme ho hobe le ho feta e dumellwa ho tswela pele mme ba sitwa ho kgetholla motsamao wa nnete wa MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) WA KA, le motsamao wa maiketsetso wa anti-mesia. Ba emeng ka mora difala (dipulpiti) ba ipona ba le bohlale, ba etsa ka bowatla. Ba ipulela le ho bulela phutheho bakeng sa diponahatso tsa bodemona, le ho rua, le kgatello.

Topollo e tlameha ho etswa le ho hlwekisa matlo a Ditempele TSA KA ho bao ho neng ho thwe ke baetapele ba semoya ba hlomphuwang haholo ba kajeno. Ka lebaka la bothoto bona jwale KE bokella mabotho ho pota lefatshe. Ha ho mohla KE kwalang lemati ntle le ho bula le leng. O seke wa nahana hore ena ke pheletso hobane ke qalo feela ya mosebetsi o moholo oo KE tlang ho o sebedisa ho oona. O seke wa fetohela mang kapa mang ha ese Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH eo o mo sebeletsang. O ke ke wa kgahlisa batho bohle, ka dinako tsohle, kahoo tlohela ho leka. Ka pelong ya hao o tseba se lokileng, tswela pele ho se etsa.

Mamela lentswe LA KA, bua mantswe A KA. Ha KE o ahlole, kapa ho o nyatsa, empa ba o qosang ka bohata ba tla ahlolwa. O ba tshwarele, hobane ba ne ba sebediswa ke sera sa moya wa hao, mme ba ne ba sa tsebe. Veine e ntjha le veine ya kgale di ke ke tsa kopana le ka mohla. Veine e ntjha eo ke o tlatsitseng ka yona hore e kgaphatsehe e tla phatlola senkgo ha eba o leka ho kopantsha ya kgale le e ntjha. Veine ya kgale ha e batle karolo ya veine e ntjha, o se ke wa hlomoha ka seo o nahanang hore o lahlehetswe ke sona, hobane ha wa lahlehelwa ke letho leo NNA nke keng ka o neha lona le ho feta; ho peteditswe fatshe le ho tsukutleha mmoho ebile ho tsholoha. O tla hlohonolofatswa. O tlameha ho lokolla tlotso ya kgale ho bula sebaka bakeng sa tlotso e ntjha.

Boloka ditsebe tsa hao,le mahlo a hao, a butswe mme o bue seo KE o bolellang sona hore o se bue leha o tla ahlolwa ha bohloko o tseba lentswe LA KA. mme o na le sebete sa Johanne Mokolobetsi ho bua mantswe A KA. Ha o nahana hore o theoha molemong WA KA, o mpa o hatela pele. O se ke wa ikwahlaya, empa o utlwe bohloko ka bao KE tla ba kgalemela ka ho bakela ngwana e monyenyane WA KA ho hlomoha le maswabi. Hlomohela bao ba o qosang ka bohata.

KE a o rata Moratuwa WA KA mme ke NNA feela ya tsebang pelo ya hao. E labalabela ka mora HA KA jwalo ka ha kgama e labalabela metsi. Ha le hloriswa ka baka la Lebitso LA KA, le tla hlohonolofatswa ruri. Mohlanka ha a maholo ho monga hae, ke ile ka hloriswa haholo ke ba ipitsang badumedi, le wena ho jwalo. Ke tseba dipelo tsa bona jwalokaha ke tseba ba le ahlolang ka leshano. Boloka matsoho a hao a se na molato wa kgalefo mme o dumelle NNA KE iphetetse. Hobane ha ba sa BAKE pela KA, ba tla bona. Phetetso ke YA KA ho bolela YAHUVEH mme ruri ke tla buseletsa. Le se ke la ahlola NNA ka tsela eo ba bang ba ipolelang hore ba emetse NNA ba le ahlolang ka yona.

O Moratuwa WA KA le Mohlabani WA KA mme KE o bitsitse mme KE o beile mme ha ho motho ya ka o amohang seo. Tsela ya Moprofeta e katilweng ka diteko le matshwenyeho le ho se utlwisisane ho bohloko. Ke ba seng bakae ba hlileng ba batlang ho utlwa seo Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH a se bolelang. Ba batla ho dumela hore ke lerato le mohau feela, mme ba lebale “KE NNA” eo “KE NNA” mme “KE NNA” hape ke Modimo wa tekatekano dinthong tsohle. Ho bolela hore mmoho le lerato le mohau, ke leka-lekane le kgalefo, le kahlolo eya le lehloyo, ba bangata ba lebala hore KE na le kgalefo le lehloyo ho dira TSA KA.

A Lentswe LA KA ha le re: “Ke ratile Jakobo, Esau ke mo hloile?” A Lentswe LA KA ha le re, “Mahlohonolo ho ba mamelang. Ho rohakwe ba sa mameleng?

O lokela ho rera seo KE leng sona ka botlalo. Eseng feela lehlakore la YAHUVEH le sa kgopiseng, empa lehlakore la Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH le kgopisang ba bangata. Sebe ke Sebe mme ha KE so thekesele kapa ho fetoha ebile NNA nke ke ka hlola ke fetoha. Sheba ho Tshen.19 le Tshen.20. Ke ba bakae ba utlwisisang hore ke ne ke le Konyana e hlabilweng empa hang. Ke bile lehlatsipa empa hang. Bakeng sa hao, ke fetohile phofu.

Empa jwale ha KE sa le Konyana e boikokobetso, e bonolo. Ha KE tla hape ho timetsa ba leng kgahlanong le NNA le Kgalalelo le tla bona KE YA Matla Ohle le ntweng. Bana BA KA ha ba hloke ho tshoha, empa dira TSA KA di tla thothomela mme ba thothomela hobane ba tseba hore KE Modimo ya tlang ho iphetetsa ho dira TSA KA. Ke NNA wa Pele le Bofelo, qalo le qetelo. Ke thibile kgalefo YA KA, ke e hahela letsatsi leo. Ha ho le ya mong ya tla ema tseleng YA KA.

E rere, e rute, ba bang ba tle ba e dumele. KE Modimo ya sa tliseng pholoso feela, empa kahlolo ho ba kgethang ho ba kgahlanong le ho latola Madi A KA a Pholosang le Lebitso le Pholosang. Ha ho pholoso ntle le ho tla ka Madi a tsholohileng a Calvary. Le ka Lebitso la YAHUSHUA MESIA. KE tseba Bana BA KA, mme ba tseba NNA, mme KE tseba bohle bao e leng dira TSA KA. Ha ba o ama, ba ama NNA. Ha eba e se ka boomo ba le kgopisitse Bana BA KA, jwale KE tla tshwarela hobane sera se ikemiseditse ho thetsa le ho ferekanya. Empa ha eba ka maikemisetso ba batla ho o timetsa, o ba bolelle hore ba hlokomele.

Etswe ke kgalefo YA KA ba tla e utlwa e phefumoloha melaleng ya bona. Ke ka ho baka feela ba tla boela ba fumane mohau WA KA. KE otla bao ke ba ratang. KE timetsa bao ke ba hloileng. Se sa Halaleleng ha se SA KA. Ho sa tsotelehe hore na ke mang ya emang ka mora sefale (pulpiti)mme a re, “Modimo o lerato o tla utlwisisa.” SEBE ke SEBE. KE Modimo ya sa fetoheng. Motho wa fetoha. NNA, “KE NNA” e moholo ha ke fetohe. E rere, e rute, ba bang ba tle ba e dumele. Ba tsebang lentswe LA KA ba tla lemoha hore KE buile, ba bang kaofela ba tla sala ba sa utlwe ditsebeng. Ho dira TSA KA ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo ya phelang, YAHUVEH le YAHUSHUA. Ka dinako tse ding eya, ke tlameha ho o otla, empa hape le matsoho A KA a o sireletsa, ho o tataisa le ho o sireletsa. Matsoho A KA bakeng sa Bana BA KA ba lekang le ho mamela NNA, le seke la tshoha letho, ba hlatswitsweng ka Madi A KA a Pholosang.

Empa ba hloileng NNA le ba hloileng seo KE se emetseng ba na le mabaka ohle a ho thothomela, mme ba tla thothomela. Bakang, Mmuso wa Lehodimo o atametse. KE o file mpho ya pholoso, jwale ke kgetho ya hao hore na o kgetha pholoso kapa kahlolo. Ikgetheleng kajeno Modimo eo le tla mo sebeletsa. E rere, e rute, ba bang ba tle ba e dumele.

E Filwe Ngwana enwa, Mohlabani, Monyaduwa wa YAHUSHUA MESIA ka 10/16/97

Moprofeta Elisheva Sherrie Eliyahu



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred