Profesi 7

Tshwarella Ka Thata Ho Lemeno La Seaparo SA KA

E Filwe Moprofeta Elisheva Sherrie Eliyahu Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna ka mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana.

Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Lemeno la seaparo SA KA, ha ho a lekana ho le ama feela. Tswela pele ho kokota monyako WA KA, mme ha karabo e sa tle kapele-pele, otla. Ha le kgathala, le nne le kope, le batle, mme le tla fumana, empa le se ke la kgaotsa ho fihlela le utlwa ho tswa lehodimong.

Hoba KE le tshepisitse Bana BA KA, bohobe e seng makumane a lefatshe lena. Hobane le bona kahlolo e fihlile ntlung ya YAHUVEH mme ha ho bonolo jwalo ka ho ama lemeno LA KA, kapa ho kokota ha bonolo bakeng sa dikarabo tsa hao, o mpe o itokise hantle hobane o tla lokela ho lwana bakeng sa tlhohonolofatso ya hao, jwalo ka Jakobo. Empa e paka tumelo ya hao le ho e matlafatsa, e leng ntho e hlokahalang mehleng ena ya bofelo. Ka hona, tswela pele ho bolela hore ha ho sa na makumane. O ke ke wa latolwa. Hobane o Monyaduwa ya rekilweng ka Madi wa YAHUSHUA MESIA.

KE tla o araba, ke o lopolle. Ha KE buwe leshano. Hobane ha le a tshepiswa makumane a lefatshe lena, empa bohobe ba bophelo, bohobe ba bana ba phodiso, topollo, katleho, bophelo bo bongata le bo tletseng kganya. Hobane YAHUSHUA ke Bohobe ba hao ba Bophelo mme KE batla ho bona hore na o tla rorisa NNA, mme o tshwarelle tumelong ya hao leha ke sa arabe hanghang. Ha se kamehla KE leng Modimo wa maekoroweife. Eya, KE tseba ka di-maekoroweife, o nahana hore ke mang ya o fileng boqapi boo? O na le lengolo leo o ka emang ho lona, bala Mattheu 15:22-28 mabapi le tumelo ya mosadi wa Mokanana. O ne a rapela YAHUSHUA, leha ho le jwalo a iphapanyetsa yena, a dumella barutuwa ba mo kgalemela ba mmitsa ntja, ba re tlhohonolofatso e ne e le bakeng sa e mong eseng yena. O re, “Hobaneng YAHUSHUA, hobaneng o ka be o entse tsena tsohle?” Hobane matsatsing ana a ho qetela, tsena tsohle di tla etsahalla balatedi BA KA ba tshepahalang ka ho fetisisa, ba kgumamelang NNA, sena se tla etswa ke ba bang ka Lebitso LA KA.

O tla rohakwa, o lahlwe, o hloriswe, empa ha o ka nna wa tshwarella tumelong ya hao, leha KE sa o pholose hang-hang,e be o tla putswa jwaloka mosadi enwa wa Mokanana. Etswe KE tla bona kamoo tumelo ya hao e leng kgolo kateng. Hobane mehleng ena ya ho qetela KE lokisa mmele WA KA ka tsela ena, mohla ke kgutlang hape ke ba bakae ba tla beng ba kgomaretse tumelong ya bona? Ke ba bakae ba tla furalla ha ba hweletsa ka thapelo bakeng sa tlhoko mme ke sa arabe hang-hang?

O tlameha ho ba bolella hore ba ikemisetse ho lwana le NNA bakeng sa tlhohonolofatso ya bona jwalo ka ha Jakobo a entse. Hobane KE rata ho o hlohonolofatsa. KE batla feela ho leka le ho bona hore na o batla tlhohonolofatso ena hakakaang. A na o tla nne o kgumamele NNA ha ke sa arabe hang-hang? Ha se kotlo YA KA e bakang sena, hobane mosadi o ile a wa mme a kgumama maotong A KA. Le rapela maotong A KA. Empa kahlolo e qadile ntlung ya YAHUVEH mme e nngwe ya dintho tseo ke di lekang ke hore na tumelo ya hao e matla hakae?

O tla tshepahala hakaakang, o tla itshetleha hakae ho NNA? Jwalo ka mosadi wa Mokanana, tumelo ya hao le botshepehi ba hao di tla putswa hobane o tla bona seo o se lakatsang, mme ka ho fetelletseng le ka bongata ke tla tshollela mahlohonolo A KA jwaloka noka e kgapatsehang. O tla ba le thabo e kgolo. Mme ke tla o hlohonolofatsa haholo. O tla qobellwa ho fana ho ba bang. Itshwarelle ka thata lemenong la seaparo SA KA. O seke wa tlohela. Tswela pele ho kokota ho fihlela monyako o buleha bakeng sa mahlohonolo ao o a kopileng. KE tla araba qetellong. O se ke wa itshetleha ho kutlwisiso ya hao, empa ditseleng tsohle tsa hao tseba NNA, mme KE tla o tataisa ditseleng tsa hao.

Hopola hore diteko tsa tumelo ya hao di bohlokwa ho feta kgauta. Beha mahlo a hao ho Mopholosi wa hao, eseng hodima pherekano ya lewatle kapa o tla kganngwa ke maqhubu. Empa ke mona ho o pholosa. Hobane ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao na ha KE yena? NNA nke ke ka o lahla, kapa ka o furalla. Ke a tseba hore na ke kgatello e kae eo o lokelang ho e beha hodima letsopa pele le robeha, hore na ke mollo o mokae ho dumella o fete ho ona pele o tjha. Maqhubu a ho nyahama a ke ke a o kgama. Hobane KE mona ho o pholosa le ho o lopolla eseng moya wa hao feela, empa kelello, mmele le Moya. Tshepa NNA mme o tla e bona e etsahala. Jwale hopola hore na KE mang ya o lopolotseng e ne e se monna kapa mosadi, empa e ne e le Modimo wa hao ya o bopileng.

Empa KE NNA ya tla araba pitso ya hao, hobane KE tseba seo o se batlang le pele o ka kopa. Sebakeng sa moya ho phethehile, Ke emetse feela nako YA KA e phethahetseng ho iponahatsa lefatsheng. Tumelo ya hao e thusa sena ho etsahala. Na Lentswe LA KA ha le re o ka se kgone ho kgahlisa YAHUVEH ntle le tumelo? O thabisa NNA ka ho bontsha tumelo ya hao ho Modimo ya tsotellang le ya utlwang le ya tsebang tsohle. Le bontsha tumelo ya lona ha le hlokomela hore le ke ke la ipholosa, empa le hloka NNA, Mopholosi wa lona ho le lopolla, mme ke tla etsa jwalo. Hobane na ha KE Morena le Mopholosi wa lona? Na Modimo eo o mo sebeletsang ke setholo? Tjhe. Na letsoho LA KA le lekgutshwane ho o lopolla? Tjhe. Na tumelo ya hao ya lekwa? Eya. Na KE lakatsa ho o hlohonolofatsa? Eya. Na o tla ba e mong wa ba tla tshwarella ka thata lemenong la seaparo SA KA, mme ba nne ba kokote? Na o tla ba e mong wa ba emeng le ho emela topollo YA KA le mahlohonolo ao KE o tshepisitseng oona?

Ke kgetho ya hao. Kajeno KE buile ho tswa ho lekgabunyane lena, hore le tle le utlwisise hore na ke hobaneng ha dintho tse ding tse tshepisitsweng di e so etsahale. O nne o tshware ka thata tekanyong ya tumelo eo KE o fileng yona, mme qetellong o tla bona topollo.

E filwe Moprofeta Elisheva Sherrie Eliyahu

* * * * * * *

Bona ke boprofeta ba morao-rao boo ke bo filweng ho fetisa le ho fepa dinku tsa YAHUVEH. Itshwarelle ka thata lemenong la seaparo sa hae. Leha moriri wa ka o molelele o mosweu o ntse o tsamaya mobung ha a feta hara letshwele, sefahleho sa ka se shebile hodimo ho sa hae, mme ha ke na ho tlohela. Ha o feta ho sena mme ke ne ke tlameile ho bala sena ha ke se bala, ho se amohela e le hore ke fetise sena ho ba bang ba batlang ho tseba hore na ke hobaneng ha dithapelo tsa bona di sa arabelwe ka potlako.

Na YAHUVEH ke setholo? Tjhe! Na letsoho la hae le lekhutshwanyane hoo le ke keng la fihla ho rona? Tjhe. Jwalo ka ha YAHUSHUA a boletse, tumelo ya rona e ya lekwa, mme sena ha se boiphihlelo bo monate? Empa ho a hlokahala hore e hole. Hona jwale ke tshwana le Jakobo ya lwanang le Modimo ho fihlela a ntlhohonolofatsa ka topollo eo a ntshepisitseng yona. Empa ke na le mobu diretheng tsa ka mme ke bolelletse Monga ka YAHUSHUA hore nke ke ka latolwa hobane ha a ntshepisa makumane. Lefatshe le fana ka makumane, empa re tshepisitswe bohobe ba bophelo, bohobe ba bana ba phodiso, topollo le nala. Re tshepisitswe bophelo le bophelo ka bongata. Makukuno a ka a bohloko ke ho kokota.

Mahlo a ka a lerootho ka lebaka la ho lla. Empa re tlameha ho tiisetsa. Ha YAHUSHUA a tla hape ke ba bakae yena a tla ba fumana ba ntse ba ena le tumelo? Ke batla ho ballwa palong eo, na ha se seo o se batlang?

Tshebeletsong ya Monghadi, Mopholosi YAHUSHUA MESIA sejana se pshatlehileng sa letsopa empa e le mohlabani ya matla wa YAHUSHUA, Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu. Jwale haeba ha o so lekwe ka thapelo eo o e emetseng nako e telele mme o wa bona ha e so etsahale, (ke eme dilemo tse 21) jwale ha o na ho utlwisisa hore na ke bua ka eng. Empa ke romelwa ho bao dithapelo tsa bona di e so phethahale lefatsheng, leha di ne di tshepisitswe sebakeng sa moya. Ke ka hona mehleng ena ya bofelo le YAHUSHUA a itseng, “Na o tla fumana tumelo ha a kgutla?” Ke tlameha ho lemosa batho. Jwale o lokela ho lemosa batho. Kahoo ba tla utlwisisa mme ba se ke ba tlohella YAHUSHUA le ho retelehela lefatsheng bakeng sa dikarabo kapa ho retelehela ho moya wa antikreste.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred