Profesi 6

Pele NNA ke a lla, ebe NNA ke a HALEFA!

E Filwe sejana sena sa letsopa ka 3/14/97.

TLOHO YAHUSHUA, TLOHO!

Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale: Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

E amohetswe Motsheanong 12, 1997 Ho tswa ho: "Elisheva Sherrie Eliyahu" Ho molaetsa wa 97-05-12 01:15:00EDT, KT Jerome wa ngola: Ke motlotlo ka Bakreste ba kang wena ba tla iteta sefuba ho bua nnete ba tobane le thloriso le/kapa ho nyatsuwa. Kelly ya ratehang, Ha o tsebe hore na ke hloka hakaakang ho utlwa o bua mantswe ana. Bosiung bona feela, ke hlasetswe ka sehloho. Ke lekgetlo la boraro ka beke mme e tswa ho badumedi ba reng ba sebeletsa YAHUSHUA. Bosiung bona, ke a ipolela ho wena ke ile ka lla hobane ke ile ka hlaselwa le ho bitswa ya hlokang Modimo ka lebaka la mpho ya ka, setshwantsho sa ka, hobane ke na le moriri o molelele o mosehla, mme ke itlotsa ka ditlolo. Ke utlwile bohloko haholo mme ke ile ka lla mme YAHUSHUA ha a bua letho ho ntshedisa. Seo se ile sa mpefatsa maikutlo le ho feta.

(Profesi e a qala) YAHUSHUA (Jesu) a bua le Moya wa ka mme a re, E, kea tsotella mme lebaka le etsang hore ke se bue ke hobane KE lla le wena! Hobane KE o romela setjhabeng SA KA hore o be tlhohonolofatso, mme ba bang ba o entse thohako.” Empa NNA, YAHUSHUA, hape ke rometswe jwalo ka tlhohonolofatso, mme ke ba bakae ba entseng NNA jwalo ka thohako? Ke lla le wena, bakeng sa hao, le ba tsebang ho feta, leha ho le jwalo, ba ama manqosa A KA a tlotsitsweng, leha ba lemositswe. KE llela seo Bana BA KA ba ipitsang ka Lebitso LA KA ba se etsang ho ba bang.

Ho ba meharo, poulelo, ho se tshepane, diqoso, ho hloka lerato le lehloyo. Mashano a bolellwang e mong mme ba beha Lebitso LA KA hodima leshano jwaloka hoja KE le buile. KE a lla, hobane pelo YA KA e robehile, hobane ho na le ho se hole ho hoholo le ho Bakreste ba hodileng tsebong.

Baprofeta esale ba le bang ka nako e telele. Ba lahlilwe ka makgetla a mangata, jwale ba tseba feela mokgwa wa ho hana le ho arola ba bang, leha takatso YA KA mehleng ena ya bofelo e le hore bohle le kopane ka Lebitso LA KA, ka tumellano e le nngwe. Mehleng ena ya ho qetela ho ngangisana hona le ho qabana ho tlameha ho kgaotsa. Lona, Baapostola BA KA, baprofeta, baruti, baevangedi le baruti ba ka, le tshwanetse ho ba kgopolo e le nngwe. Le lebotho LA KA la nako ya bofelo.

Tshebeletso tsohle tse hlano, le lokela ho kgaotsa ho ikarola mme le kopane leratong LA KA. Le tlameha ho kgaotsa ho ntsha maqeba a lematsang hodima Moya wa e mong. Le tlameha ho kgaotsa ho ntsha maqeba a lematsang hodima Meya ya ba bang mme le qale ho tlamisa maqeba ao le a bakileng hara lona. KE llela lona bohle, hobane kaofela ha lona le utlwisitswe bohloko ke motho ya itseng ke wa Moya WA KA. E, wena, ba bangata le bona mme ke ka sewelo haeba o ka re ha o e so thetswe ke sera se tlang ho wena se ikgakantse e ka nku empa e le phiri etswa ho ya harola mohlape WA KA. Empa le ke ke la tswela pele ho harolana. NNA nke ke ka e dumella.

Ke bua hape ho tswa ho lekgabunyane LA KA ho le bolella hore ha ke llele feela se tla etsahala ho dira tsa Evangedi, empa KE llela lona Bana BA KA. Hobane tsela eo le tshwaranang ka yona ha se ya Moya WA KA wa lerato ho hang. Na Lentswe LA KA ha le re, “Le tla ba tseba ka sena, lerato leo ba ratanang ka lona?” Na wa elellwa hore ke sera se tlang ho wena mme se bua dintho tsee tse mpe? Ho hlohlelletsa Bahlabani BA KA ho lwana le ho se kopane mmoho, ho lwantsha sera empa ba nahana hore ba ka e etsa sena ba le bang. Na Lentswe la KA ha le re, “Ke lelekisa ba sekete?” Ke bademona ba bakae ba tla baleha, ha le kopana, le sa lwane? Sena ke sona se ileng sa arola lebotho la Gideone. Kgohlano eo ba neng ba e na le yona mahareng a bona. Sena ke sona se arolang mabotho a mangata. O Lebothong la e moholo “ KE NNA”. Ke lona lebotho la mehla ya bofelo leo ke le kgethileng ka letsoho. E, sera se o thetsitse, LEBALA KA SEO!

KE ile ka ekwa ke Judase. Na ke tshwara bohle jwaloka Judase? Tjhe, KE latotswe ke Petrose, na KE latola wena? Tjhe, emisa hona jwale. Nako e nngwe ke kgetha ho bua le ho re bofelo bo haufi, ha feela o ka bona hore na ho tla HA KA ho haufi hakae. Eng kapa eng eo o bitseditsweng ho e etsa, o e etse hona jwale, ka sohle seo ke o nehileng sona. Ho na le dineo tsa moya tse notletsweng ka hare ho wena tseo o sa di tsebeng. Le lokela ho tsosetsana dimpho, eseng ho kgopisana. NNA le a nkgalefisa ha le etsa sena. Ha le lwanele NNA, le lwantshana le NNA. Haeba o sena le NNA o kgahlanong le NNA. Tlohelang ho ahlolana ho ya ka ponahalo ya lona. KE tlameha ho ipheta ka makgetlo a makae? Ke hobaneng ha o sa mamele? Ke hobaneng ha o nahana hore o molemo ho feta e mong ka lebaka la mmala wa letlalo, kapa morabe, seaparo sa ka ntle, kapa tjhebahalo?

Na ha le eso ho utlwisise? KE tla tsekisana le lona ho fihlela neng? Sera se le arola le pele NNA nka le kopanya. Empa o se ke wa nahana hore o wa bohlokwa. Hoba KE tla phahamisa bahlabani ba bang ho nka sebaka sa hao. Ona ke monyetla wa hao wa ho qetela. BAKANG! Ha se bohle ba nang le dineo tse tshwanang. Ke fane ka dimpho tse ikgethang ho ba seng mmalwa ba kgethilweng. Se ke wa ama motlotsuwa WA KA. Le seke la etsa Baprofeta BA KA hampe. E, ahlola se buuwang, na se dumellana le Lentswe le Halalelang? Na e mabapi le moelelo wa taba kapa e nkilwe kantle ho moelelo? O tla tseba. Empa tlohela ho kgutsisa Baprofeta BA KA. Tlohelang ho kgutsisa Baapostola BA KA. Tlohela ho ba bolella hore ba tla hloleha, hobane mosebetsi o moholo haholo mme ha ba a tshwanela ho utlwa ho tswa ho YAHUVEH le YAHUSHUA. Kgaotsa ho kenya NNA ka lebokoseng. A ha KE Modimo ya etsang tse sa kgoneheng? Na ho na le ntho e ka hlolang NNA?

Ke hobaneng ha o ba kgodisa hore ba tla hloleha, ha NNA ke itse ba tla atleha? Kgaotsa ho nyahamisa bao o lokelang ho ba kgothatsa. Na mosebetsi wa bona ha o boima ka ho lekaneng? Na ha ba nke tlhekefetso e lekaneng ho sera? Na e tlameha ho tswa ho ba lokelang ho ba le lerato, ho ba tshehetsa, ho thusa le ho rapella katleho ya bona? Na ha se NNA moqapi le mophethahatsi wa tumelo ya bona, tumelo ya hao? Haeba KE o bolelletse ho etsa ho hong, leha ba bang ba o jwetsa hore ha ho kgonehe. Ke ha le tseba hore KE buile. KE ile ka boela ka laola lekgabunyane lena mme ka le tlotsa hore le bue mantswe ao ke neng ke batla hore le a bue. Ke molomo WA KA. KE ile ka mo dumella hore a utlwe bohloko e le hore a ka bua mantswe ana. Hopola, na ha ke re, ha tlotso e le kgolo le tlhoriso e kgolo? Empa tlhoriso ha e tswe ho NNA, empa e tswa ho sera se batlang ho le nyahamisa. Thloriso e tla hantle ho tswa melomong ya bahlanka BA KA e mong ho e mong.

Ke tlilo qala ho ahlola hampe hobane Kahlolo e qala ntlung ya YAHUVEH mme KE le lemositse hape esale pele . KE se ke tla tloha ke tlosa bao KE ba kgethileng le ho ba bitsa, hobane ba batla ho timetsa bao KE ba kgethileng, mme ka tsebo mme le ho nahana esale pele mme le lonya ka dipelong tsa bona (le hoja ho se pelaelo hore ba bua molemong WA KA) ba batlile timetso ya bona. Empa KE re: “Tshenyeho e tla tla difubeng tsa bona!” E tla kgutlela ho bona. Le lemositswe. Ke qala ka ho lla, ebe ke a halefa. Empa ha o batle ho bona Molaodi wa hao e Moholo a halefile. Ntshepe. Ke bile konyana eo e hlabetsweng lefatshe hang. Ha ke sa le konyana e bonolo le ho qenehela, empa ke kgutla jwaloka tau e tswang lelokong la Juda. KE tlameha ho lokisa Kereke YA KA e hlokang letheba kapa ho sosobana… tieho yohle e tlameha ho fela.

Etsa seo o tsebang ho se etsa mme o se etse kapele. Bao o ba kgopisitseng, ba tshedise. Le se ke la tlisa ho NNA dinyehelo, le mahlabelo ho fihlela le bakela bobe boo bongata ba lona ba bo entseng mahlong A KA. Bakang ka pela KA mme le bake ka pela baena le dikgaetsedi tsa lona, bahlabani mmoho le lona ba YAHUSHUA MESIA. Le lemositswe. Se ke wa etsa hore KE iphete. ‘Ratanang, ’ ka lebaka lena le paka hore NNA le a nthata mme le paka hore le a nthata NNA le ho ntshebeletsa ka hodima tse ding tsohle. Le seke la bitsa NNA Morena ha le sa mmamele, le se ke la re NNA le a nthata ha le sa mmamele. Hobane Morena ke Monghadi, Mmusi, mme le ka bitsa NNA Morena jwang, ha le sa mmamele? Ratanang; ena ke taelo YA KA ho e mong le e mong wa lona. Emang mmoho le lwanele Kgalalelo.

Emang mmoho le lwantshe ho hloka kgalalelo. Ka Matla A KA, Lentsweng LA KA, ka Lebitso LA KA, tlasa Tlotso YA KA, ka Madi A KA le tla ba bafenyi ho feta ka YAHUSHUA MESIA monga lona. Empa le tlameha ho ikopanya. Ha ho modumedi eo e leng ketane, ke lehokelo feela la ketane ya kgauta. Dihokelo tse ding tse kgolo ho feta tse ding, empa le a hlokana ho ketane ena, e tla tlama maoto a bolailweng (satane) le ho mo lahlela letsheng la mollo ka nako ya hae e behilweng. Hopola, KE lehlakoreng la hao. Lehodimo lohle le a ema ka taelo YA KA. Le ke ke la hloleha ntle leha le ka kgetha ho se mamele mantswe ana ao KE a buileng letsatsing lena. Empa leha ho le jwalo nke ke ka hloleha. Hobane ha KE Modimo o ka hlolehang, KE tla tsosa feela mabotho a mangata a mehla ya bofelo ho nka ditulo tsa lona. Le ke ke la hloleha ha feela le ntse le ela hloko mantswe ana a boletsweng letsatsing lena ka lekgabunyane LA KA, Elisheva Sherrie Eliyahu 5/12/97.

Ba nang le ditsebe tsa moya ho utlwa ba tla mamela, ba bang kaofela ba tla sala ba sa utlwe ditsebeng. Jwale ho boletswe le ho ngolwa letsatsing lena. Ditlhohonolofatso kapa dithohako di tla fihla tseleng ya hao, ho itshetlehile ka seo o se etsang ka boprofeta bona letsatsing lena. Bakang jwale Bana BA KA pele nako e eba morao haholo. E filwe Moprofeta Elisheva Sherrie Eliyahu 5.12.97

* * * * * * *

Kelly, ke wena wa pele wa ho amohela sena. Ke hobane o ile wa mamela MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH ) mme wa nngolla mme wa hlohonolofatsa le ho ntshedisa le hoja o ne o sa tsebe le hore ke hloka matshediso. Hona jwale ke boprofeta ba bo tshelela (6) boo MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) a bo ngotseng ka nna ho tloha ka 12/31/96.

Boprofeta bohle bo ka fumanwa sebakeng sa ka sa Internete (marang-rang) sa YAHUSHUA ho http://almightywind.com kapa http://amightywind.com. Alpha & Omega AlmightyWind HOLY GHOST Fire Church.

Ke kopa o bale sena mme o mpolelle hore na o utlwa lentswe la MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) ka yona. Ke maketse haholo. Ke ne ke ntse ke itima dijo ho tloha ka di 9 le 11 mme mohlomong ke ka lebaka lena molaetsa ona o ileng wa hlaha. Ha ke tsebe… Ke a leboha ha o arabile KAPELE mme ke kopa YAHUSHUA hore batho ba hao ba utlwe mantswe a hao ka ho hlaka, e seng a ka. Haeba ehlile ke wena dumella Kelly hore e be wa pele wa ho utlwa tlotso e matla. Hlohonolofatsa pelo ena e ratehang e utlwileng lentswe la hao, ya ileng a nngolla lentswe la kgothatso leha a ne a sa ntsebe, empa o ile a mamela WENA hore tlotso ena e tle e hlahe. Mo hlohonolofatse ka matla mme ke rapela batho ba utlwisitseng ba bang bohloko ka boomo, ba nyahamisana, ba tla baka pepeneneng ho wena mme e mong ho e mong. Ka lebitso la hao YAHUSHUA kea e kopa. Ke tshwarela ba ileng ba ntlhasela ka sehloho ntle ho lebaka, mme hona ke ho nka e le thabo jwalokaha ho hlahile se molemo ho sona.

Dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong ho bao ba ratang YAHUVEH le ba bitsitsweng ho ya ka morero wa hae. Ke a o rata YAHUSHUA! Ke ao rata Kelly ya ratehang ka ho mamela YAHUSHUA. Ke batla ho boloka lengolo-tsoibila la hao jwalo ka ha le le jwalo, e le hore ba bang ba ka bona sena ha se a iketsetswa. Nka e sebedisa kamoo e leng ka teng? Ke kopa o seke wa hlajwa ke dihlong kaha YAHUVEH o ile a o sebedisa ho tsosa dimpho tse ka hare ho nna. YAHUSHUA o tla o hlohonolofatsa haholo hobane o hlohonolofaditse lekgabunyane lena hoseng hona 3:35 nakong ya bohareng.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred