Profesi 5

O Letlotlo la Ka le Patilweng, O Sebetsa SA KA se Patilweng!

E Filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu Hlakubele 14, 1997

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale: Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Ke ile ka qala ho rapela ka maleme a MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) mme ntho e latelang eo ke neng ke e tseba ke hore YAHUVEH o ne a ntlotsa mme molaetsa o ka tlaase wa hlaha. Le hoja ke ne ke nahana hore e ne e tla ba bakeng sa Daniele feela, empa e ile ya e-ba ya ba bangata. E ba lehlohonolo ha o ntse o bala ka tlase mme o bone hore na MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) ha o bontshe, hore ha se wa hao le wena.

Ha o dula o batla sefahleho SA KA, le ho botsa NNA, hore “Ke neng NNA ke tla o sebedisa?” Ke wena molaetsa ona e leng wa hao. Ha eba o utlwa lentswe LA KA ho profesi ena, lona Bara le Baradi BA KA, molaetsa ona ke wa lona. Moya WA KA o tla netefatsa hore na kannete molaetsa ona ke wa hao. Hobane o tla paka moyeng o ka hare ho wena. Ba bang kaofela batla dula tsebe di sa utlwe, hoba e tla mantswe feela. Ba tla belaela hore na ke YAHUVEH ya buang ho tswa ho lekgabunyane lena. O nepile haeba o ikutlwa ka tsela ena, hobane o ne o sa rerelwa wena.

E filwe letsatsing lena la 3/14/97 ho sejana sena se pshatlehileng sa letsopa empa mohlabani le ngwana, le morutuwa wa YAHUSHUA MESIA Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu

* * * * * * *

Bana BA KA ba ratehang, le tshwana le letlotlo le patilweng, le tshwana le kgohlopo e patilweng ya metsu, ha ba bona seqha feela. KE tla o sebedisa ho bua ka matla, mme o tla etsa seo kgaitsedi ya hao e se etsang, o lemosa ka kahlolo e tlang. Le wena o molebedi hodima tora. Lebella dipontsho lehodimong jwaleka Elija [ka Sehebera, Eliyahu] a ne a etsa, hobane o tla hlokomediswa mme o tla fetisa temoso eo ho ba bang. Bana BA KA, ke le tlotsitse ho arolelana dimpho tseo ke le fileng tsona. Ha o eso be le tshepo ya ho etsa jwalo, ka mokgwa oo KE o tlotsitseng ho o etsa. Empa letsatsing lena KE le kgethile, o kopane le lekgabunyane LA KA mme dimpho tsa hae le tsa hao di fetohile ntho e le nngwe. E mong o tsositse dimpho tsa e mong. Nahana hore sena hase kotsi, hobane le bang Moyeng WA KA.

Lentswe LA KA ka hare ho wena le tuka jwaloka sabole e tukang. Lehare le nqa tse pedi le tla seha botebong. Ho na le mollo o mongata o kwaletsweng masapong a hao, mme ha o tsebe hore na o etseng ka oona. Qala ho a bua. Mantswe A KA a ke ke a kgutlela ho NNA a le feela, a tlameha ho etsa seo ke se bitsitseng hore se etswe. KE o bolelletse tse ngata sephiring, mme ha o wa ka wa arolelana le ba bang. Jwale ke nako ya ho letsa terompeta le ho lemosa ka kahlolo e atamelang bakeng sa ba somang, kapa ho iphapanyetsa. Empa ke nako ya mahlohonolo ho ba mamelang le ho batla sefahleho SA KA ka boikokobetso, ba mamelang lentswe LA KA mme dinku TSA KA di tseba lentswe LA KA mme ha ba tle ho motho eo ba sa mo tsebeng. Bana ha ba na ho tshaba letho.

Leha lefu le ba pota-potile, mme o ba bolella, le ke ke la ntsha kotsi ho bao e leng BA KA. Mme haeba e le bashwela-tumelo madi a kena mobung feela ho hlahisa a bo Paulose eo e kileng ya eba Shaule mme a tswala a bo Setefane ba bangata. O tshwana le Setefane; o sebetsa SA KA sa sephiri seo KE se patileng. Hape KE re, o tseba lentswe LA KA mme o bile le netefatso bosiung bona ho tswa ho e mong wa Baprofeta BA KA. O tla sebediswa mme o ntse o sebediswa ka matla ho bao o seng o ba amme. O se ke wa nyedisa qalo e nyenyane hobane esita le sefate se seholo sa eike se qadile ka peo e nyenyane. O jwaloka sefate sa eike se matla sa ho loka, ho loka HA KA. Ha o wa tlala boikgohomoso, mme NNA nka se o dumelle, hobane KE tla o tlosa setulong sa hao haeba o ka leka. O dutse o ikokobeditse pele HA KA mme ke o rata haholo, hobane ke o bona o ithuta dihoreng tsa bosiu, ke utlwa bodutu ba hao le ho ipotsa hore na o wa hokae.

Mehato ya Bomodimo e behilwe ke YAHUVEH. Tswela pele ho latela mehato YA KA mme o tataise ba bang ho NNA. Latela mehato YA KA mme o tataise ba bang sefateng sa Calvary. Latela mehato YA KA mme o tataise ba bang dihekeng tsa lehodimo. KE o rutile, eseng motho. KE o hlomamisitse, e seng motho. O letlotlo LA KA le patilweng, sebetsa SA KA se patilweng mme KE tla qala ho o sebedisa ka matla dinakong tsena tsa bofelo, mme o se wa thetswa tsena ke dinako tsa bofelo. Empa ha se pheletso ho Bana BA KA, ho bona ke qalo e ntjha e tsotehang.

Ho kgutlela hae ho tla etsahala mme o shebe Bana bohle BA KA ba kopane ho pota-pota tafole ya mokete. E, Bara le Baradi BA KA, le tla be le phuthehile ho pota-pota tafole eo ya mokete kapele ho feta kamoo le tsebang kapa le nahanang kateng. Qalang pele ho bokella nakong ya kotulo, kaha e kgolo haholo mme basebetsi ba fokola haholo. Ho soma ho hola le ho feta ha ke utlwa baruti ba neng ba bolela Evangedi YA KA jwale ba bolela evangedi ya bona. Ba ipitsa medimo. KE tla ba pakela hore na Modimo YAHUVEH ke mang. Ba tla ikwahlaela ho ruta sena hobane ba bangata ba kgelohile leshanong lena. Ba bangata ba shwele ba maketse ha ba kopana le NNA; empa e mobe ke yena ba mmonang. Empa le se ke la thetswa, hobane ha KE kgeswe ha bonolo. Mashano a mangata a builwe ke baetapele ba moya bao o kileng wa ba tshepa. Ba tla tlameha ho nka boikarabelo ka seo ba se tsebang. Ba ne ba rera borabele mme ba e bitsa evangedi. KE a le bolella hore ba tla lefa haholo. Hobane ba mpitsa Ntate mme ha ba tsebe le hore NNA ke mang. Empa eseng lona Bara le Baradi BA KA. Eseng ba utlwang lentswe LA KA ho tswa melaetseng ya boprofeta eo ke e fileng lekgabunyane LA KA.

Dinku TSA KA di tla tseba lentswe LA KA. Le hoja lentswe la osele leo ba le utlwang le ka tswang ho moruti ya hlomphuwang, kapa moetapele wa moya, bao nakong e fetileng o neng o ka ba tshepa, hona jwale o ke ke wa hlola o ba tshepa. O seke wa sheba ho motho empa ho YAHUSHUA feela jwalo ka moetapele wa hao wa semoya. Na seo baetapele bana ba moya ba se buang se dumellana le Lentswe le Halalelang la YAHUVEH kapa ba le nka le ho le sotha hore le dumellane le setshwantsho sa motho? O lokela ho fetohela ho MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) o tla o lebisa nneteng, mme a o fe mahlo a moya le ditsebe ho utlwa. Tshepa moetapele feela ho fihlela MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) o re o se hlole. Ditshebeletso tse ngata di a wa ka pela mahlo a lona. E mpa e le qalo ya selemo feela mme seo KE se profetileng se etsahetse, mme tse ding di tla wa pele selemo sena se fela. Le seke la hlonama ke ditshebeletso kapa baruti ba weleng hobane ba ile ba hlokomediswa!.

Hlomohelang dinku tse thetswang jwale mme ba tlohela ho ntshepa.Hlomohela dinku ha di leba lemeneng la diphiri, hore hobane di rwala maske ya nku mme di tla ba harola. Ba tla boela ba di harole dinku tse hasaneng diahelong tsa dira ka lebaka la ho hlohlona ha ditsebe tsa tsona. Hlokomelang ditsebe tsa lona Bana BA KA. Sheba mahlo a hao. Le se ke la thetswa seo leleme le se bolelang, leha se utlwahala se le boreledi jwaloka mahe a dinotshi; lemohang Moya o buwang. Ela hloko ka mahlo a hao, na e dumellana le lentswe la YAHUVEH? Na ba nahana hore aha, jwale ke ithutile haholo, ke na le tshenolo e ntjha mme tshenolo eo ha e o atametse ho NNA, empa e etsa hore o tlohe ho NNA. Moetapele wa sebele wa moya o tla o atametsa haufi, a lemosa, a o kgothatsa le ho o matlafatsa. Moetapele wa sebele wa semoya ha a ikgohomose.

Ba a tseba hore hase Molimo, e seng le e monyenyane. Ba a tseba hore na ke bo-mang; ba entswe ka setshwantsho SA KA ho bolelang hore ba na le nko, mahlo le ditsebe. Oho hle; sheba seiponeng o tseba hore na setshwantsho ke eng.

Le seke la dumella baruti bao ba mawatla ho le kgelosa. O amohetswe jwale ka ngwana lapeng, KE na le Mora a le mong ya tswetsweng, na ha ho jwalo? Empa leha o amohetse sa ngwana wa lapeng, ke le rata jwalo ka ha ke rata Mora WA KA ya tswetsweng a nnotshi. Bolella ba bang seo ke se buileng bosiung bona le hoja le qadile e le la a le mong le fetohile mantswe ho ba bangata. KE nna YAHUVEH, Modimo wa hao, mme ha ke senye letho. Esita le puisano ena e ne e rerilwe esale pele. Kopano ya lona e rerilwe esale pele.

Ke a le bolella jwale YAHUSHUA o kgutlela Monyaduwa WA HAE, mme bao ba sa mo lebellang ba tla sala MORAO. Bao ba sa pheleng jwalo ka ha e ka ha kgutle neng kapa neng batla sala MORAO. Tswelang pele ka mosebetsi WA KA mme o etse mosebetsi oo ke o bitsitseng ho o etsa. Ho sa tsotellehe hore na ba dumela, tlohela seo pakeng tsa bona le NNA. Jwalo ka mehleng ya Noe ha ba ka ba dumela. Jwalo ka matsatsing a Lota ba ne ba sa dumele empa le se ke la thetswa lentswe le boprofeteng bona le bua le Bana BA KA mme NNA nka se dumele hore ba thetswe, ntle le haeba ba kgetha ho ba jwalo.

Ha KE ntse ke romela dipontsho tse ngata tsa kgalefo YA KA, bohale bo tla phahamela Baprofeta ba bolelang melaetsa ena. Empa tseba sena, kamehla KE romela Baprofeta ho lemosa ka lebaka la lerato le mohau WA KA. Ha ke batle hore leha e le mang a utlwe bohloko kapa a timele kapa a utlwe bohloko ba kahlolo e sa feleng. Kahoo letsa terompeta hang hape, ba nang le ditsebe tsa moya ho utlwa ba tla utlwa lentswe LA KA ka ho hlaka mme ba bang kaofela ba tla dula ba sa utlwe ditsebeng mme ba foufetse. Ke kgetho ya bona eseng ya hao.

* * * * * * *

E filwe sejana sena sa letsopa ka 3/14/97. TLOHO YAHUSHUA, TLOHO! Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred