Profesi 4

O se ke Wa Nyahama Ha O Sa Nkutlwe Ke Le Lehlakoreng La Hao! Kgalefo YA KA E Kgolo Jwalo Ka Lerato LA KA!

E Filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu Hlakola 5, 1997

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale: Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Kajeno feela ke itse YAHUVEH, ho etsahalang ha ke utlwe boteng ba hao jwalo ka ha ke se ke tlwaetse? Ke bakile sebeng sefe kapa sefe seo ke se entseng ke sa tsebe, empa boteng ha bo tshwane. YAHUVEH ha a bue hakaalo mme ke ntse ke tshwenyeha haholo. Ha se seo re se etsang, hobane rea tseba YAHUSHUA o ntse a tla re rata, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo kgahlisa le ho mo mamela. Rea tseba hore re tlameha ho dumela lentswe la YAHUVEH ka tumelo. Ha a re lahla.

Ha re tsamaye ka maikutlo a rona, maikutlo a re thetsa, re tlameha ho tsamaya ka tumelo ya rona! Hobane ba lokileng ba tla phela ka tumelo feela, e seng ka maikutlo. Ho ne ho le monate ha re dumellwa ho utlwa boteng ba hae hape, empa hona le ntho e ntseng e fetoha sebakeng sa moya mme le hoja YAHUSHUA a ntse a le lehlakoreng la rona, ho tshwana le ha a robetse ka sekepeng,mme re hlaselwa ke difefo tsa bophelo, mme re barutuwa ba reng, “YAHUSHUA, tsoha ho seng jwalo re tla timela!” Joale YAHUSHUA wa tsoha mme o re, “Oho lona ba tumelo e nyenyane!” mme o kgalemela sefefo. Ke ntse ke emetse hore a kgalemele difefo tse matla tseo ke bileng hare ho tsona ka nako e telele jwale ka ho bonahala. Rea tseba hore ho na le nako e behilweng bakeng sa topollo ya rona. Ha ke ntse ke ngola sena ke ntse ke fumana tlotso. Ke eme mme ka rapela ka Moya mme ke tla e etsa ka nako e nngwe, kamora hore ke nke matla hodima satane. Haeba YAHUVEH a hlile a batla ho bua ka ho nna hape o tla etsa jwalo. Ke nehelana ka matsoho a ka ho wena YAHUSHUA le kelello ya ka, ditsebe tsa ka tsa moya le mahlo a moya.

Ke kopa o bue le nna hona jwale e le hore nka fana ka lentswe la kgothatso ho moena wa ka. Ka lebitso la hao YAHUSHUA ke kopa le ka matla a MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH), ka Madi a YAHUSHUA ha MASHIACH wa Calvary. Na ho na le lentswe leo o batlang hore ke le bolelle batho ba hao? Haeba ho jwalo MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) tlotsa matsoho a ka jwale jwalokaha o buile ka tlotso ena e sa tlwaelehang nakong e fetileng ha raro (3) melaetsa ya boprofeta.

Hobane o tsotella batho ba Marang-rang( Internete) ba se nang mokgwa o mong wa ho utlwa melaetsa ya hao ka ho hlaka e le hore ba ka utlwisisa le pherekano e ke ke ya ba tshwara taolong ya Satane. Tlotso e tla matsohong a ka jwale mme hang hape lentswe la YAHUSHUA le bua le nna. Rorisang YAHUSHUA!

* * * * * * * *

Ba bolelle Ngwana KA; ba bolelle hore nke ke ka hlola ke kgona ho thibela kgalefo ya Ntate. Ke lekile. Ke hweletsa ho hauhela ba silafatsang tsohle tse halalelang ka boomo; ba hanang ho amohela lentswe sebe. Ba difaleng ba etsang mabaka a fokolang a sebe, na le lebaka le molemo ka ho fetisisa le ka kwahela botsho ba sebe? Leha ho le jwalo ha ke ba kopa hore ba bake, ba furalle sebe, ba ntshoma mme ba re YAHUVEH ha a tsotelle, O wa utlwisisa. Ba bolella Baprofeta le Baapostola BA KA ho kwala melomo le ho ba tlohela, ho boloka mantswe a bona ho bona. Ba ke ke ba ba dumella ho bua ka dikerekeng, ba dumella meya ya bodemona ho kena ka dikerekeng kahoo esita le moprofeta ha a bolokehe ha a rapela. Meya ena e mebe e ya lalla, e tseba hore baprofeta ba tlilo romela ditemoso TSA KA, mme ba thibelwa eya ebile, ba bang ba bile ba lematswa. Ha tlhokomediso e le kgolo, ke moo kganyetso e tswang ho sera.

Satane o leka ka matla ho kgutsisa Baprofeta le Baapostola BA KA le bao ba bolelletsweng ho lemosa batho. Ba hlokomedise ka Modimo ho Nahume 1 e reng o bua ka difefo le ditshisinyeho tsa lefatshe. Ba hlokomedise hore YAHUVEH ke Modimo o boulelang mme a ke ke a dumella Medimo e meng ka pela HAE. Ba hlokomedise, hore kgalefo ya YAHUVEH ha e kokobele ha bonolo. BA HLOKOMEDISE! Leha ho le jwalo, NNA, YAHUSHUA, ke romela manqosa A KA ho ba lemosa mme jwaloka ka Bibeleng ba a shapuwa mme ba bang ba bile ba bolawa. KE buile ka dimela tsa satane dikerekeng, ha ho motho ya mamelang.

Ke ba seng bakae feela ba bileng ba lekang ho ba pepesa. Ke ba lemositse hore satane o hara dikereke mme o lwanela dithuto tsa bohata, meya ya borabele, moya ho aparela kereke hore sebe hase sebe. Empa NNA ke Modimo o Halalelang mme ke batla hore le Halalele jwalo ka ha ke Halalela. KE kentse Moya WA KA ka hare ho lona hore le tle le tsebe se nepahetseng le se fosahetseng. Sebe se setsho ha se seputswa, kgalalelo e tshweu mme ha se mmala o mong. Ba bang jwale ba tla dumella satane ho nka seo mme a etse moelelo wa morabe ho tswa ho sena. Emisa hona jwale! Wa tseba na KE bolelang! Ke bofubedu feela bo tla hlatswa sebe sena dikelellong tsa lona, mme ke Madi a YAHUSHUA ha MASHIACH mane Calvary. Ke ntse ke lemosa jwale ka lebaka leo ka lona hobaneng boteng BA KA bo sa utlwahaleng jwaloka pele ke hobane KE hlomohile. KE llela seo KE tlamehang ho se etsa haufinyane.

Na ba ile ba mamela Moprofeta enwa eo KE mo sebedisang hona jwale ha ke lemosa esale pele hore Chaena e tla latswa kgalefo YA KA ka ditshisinyeho tsa lefatshe, e kgolo ka ho fetisisa ha e so etsahale empa e ya tla. Ba bolaile Bana BA KA ba bangata, le ho hlokofatsa le ho kwalla teronkong Bana BA KA, Manqosa A KA. Bakeng sa sena, mmuso o tla lefa haholo mme naha e tla haholwa ke ditshisinyeho tsa lefatshe ha ba ntse ba batla ho arola Batho BA KA le hore ba furalle NNA ka baka la ho tshaba ho kgumamela pepeneneng Modimo oo ba kileng ba o sebeletsa mme jwale ba tshaba ho mo sebeletsa pepeneneng. Jwalokaha ba arotse Batho BA KA, le NNA ke tla arola lefatshe la bona.

KE sireletsa bao e leng BA KA, mme KE tseba bao e leng BA KA. KE bile KE sisinya menyako ya diteronko jwaloka mehleng ya kgale, hobane batshwaruwa ba neng ba bolela evangedi, ena e ne e le yona tlolo ya bona feela mme ba tlameha ho lokollwa. KE tla ka tsela e matla mme selemong sena leha diteishene tsa ditaba tsa sebakeng sa heno di hana ho amohela timetso le kgalefo eo KE seng KE e bontshitse selemong sena. KE tla qala ho bontsha ka ditsela tseo ba ke keng ba hlola ba kgona ho iphapanyetsa. Ba beha molato ho tlhaho. Ho na le Mmopi a le mong feela mme KE Ntate wa dibopuwa tsohle. “KE NNA” eo “KE NNA!” Ha ho e mong. Ha ke arolelane khanya YA KA le motho haholo-holo e seng le tlhaho! KE rometse ditemoso mananeong a thelevishene, eya lefika le hweleditse, empa na ba mamela, ke ba mmalwa, oho ke ba mmalwa. O se ke wa nahana hore KE thabela seo KE tlamehang ho se etsa hobane ha KE rate, empa KE ya tlameha, hobane jwale bana ba nahana hore ba busa motswadi.

Maqhubu a seretse se tjhesang a tla nyoloha ka nako e le nngwe, e tla ba seretse se tjhesang se hlatsang se sefubedu SA KA se tshwantswang le kgalefo YA KA. Ke ba fokolang hakaakang ba lekang hape ho Halalela. Ba nahana hore ke tla panya leihlo sebeng. Hoja feela ba ka baka. Hoja ba ka elellwa hore KE Modimo o sa fetoheng. KE yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Le tlameha ho fetoha, e seng e moholo “KE NNA”. “KE NNA” eo “KE NNA” mme ha KE kope tshwarelo ya letho ho seo KE se etsang. Ha KE arabe motho. YAHUVEH e moholo o halefile esita le Mora WA KA, eo KE le fileng yena e le Mopholosi a ke ke a kokobetsa kgalefo YA KA nako e telele. KE haufi le ho hlahisa ho hong ha kgalefo YA KA, hlokomelang bohle ba neng ba soma NNA, le lentswe la YAHUSHUA le ho kgutsisa ba nang le tlotso ya baromuwa BA KA. Ba hlekefeditse, ba hlokofatsa le ho kwallwa ditjhankaneng tsa batho. KE halefile! KE lemositse Sodoma le Gomora mme KE boetse KE ya le lemosa hape. Lefatshe kajeno ke Babylona, lefatshe lena. KE Mmopi ya batlang Kgalalelo; KE kentse ho motho e mong le e mong sebaka se lakatsang kgalalelo le kamano le Mmopi wa bona.

NNA nke ke ka romela feela seretse se chesang se tla qhoma ka ketane, empa KE tla sisinya lefatshe jwalokaha motswadi a sisinya ngwana ya sa mameleng. NNA nke ke ka sisinya karolo e le nngwe ya lefatshe ka nako e le nngwe, empa KE sisinya dikarolo tse ngata tsa lefatshe ka nako e le nngwe. Ke tla romela maoto A KA a tla hatakela fatshe ka kgalefo. Hobane kgalefo YA KA e kgolo ho marabele ba sisinyang difeisi tsa bona sefahlehong SA KA, mme ba re ba hana ho mamela buka le melao e ngotsweng dikete-kete tsa dilemo tse fetileng. Bakeng sa ba sebedisang Lebitso LA KA jwalo ka lentswe la thohako. Bakeng sa ba somang Madi a Mora WA KA a tsholotsweng bakeng sa bona Calvary. KE tlilo romela mahodiotswana ho bontsha meokgo eo KE e tsholotseng hodima bana BA KA ba sa bakeng le hodima bao KE ba bopileng ba neng ba lokela ho ba Bana BA KA empa ba hanne ho amohela NNA jwalo ka Ntate.

Bao ba ileng ba fetohela boitshwarong bo bobe, mme ba seke ba leka ho kgahlisa NNA kapa ho batla NNA. Dikgohola di tla tla mme di tla kwahela dikarolo tse ngata tsa lefatshe ka nako e le nngwe. Tsena di tla tshwantshetsa meokgo YA KA, jwalo ka ha ba bangata ba na le dihele hodima Lehodimo. Ba kgethileng satane hodima YAHUSHUA! Ke tla romela mahodiotswana mme e tla ba setebele SA KA se romela moya o fofang. KE tla bontsha sena eseng sebakeng se le seng, ha le bona ba bangata ba bokana hammoho le tla tseba hore KE a bua mme KE halefile mme kgalefo YA KA ha e kokobele habonolo.

Ha esale ho na le ditshisinyeho tsa lefatshe, dikgohola, difefo, mahodiotswana mona le mane empa ha o bona eka ke ketane, tse ngata ka nako e le nngwe o tla tseba hore ena ke nako eo KE o lemositseng ka yona. BAKA JWALE pele nako e eba morao haholo! KE kgale KE thibile kgalefo YA KA! Molemong wa Mora wa KA le dithapelo tsa hae bakeng sa lona, batho ke thibetse kgalefo YA KA. Empa satane o soma NNA le ho kgoba NNA hobane ha KE eso le o otle. O sebedisa dibopuwa TSA KA ho soma NNA le ho phoqa. Melomo eo KE e entseng! Melomo eo KE e tlotsitseng ka nako e nngwe. E, le dikerekeng TSA KA KE a songwa ha Lentswe le Halalelang le sothwa ho ipapisa le setshwantsho sa motho. E seng setshwantsho sa Modimo o Halalelang. Ba ruta hore bosodoma ke BA KA, ha se sebe, ke phoso YA YAHUVEH, ke bofokodi ba tswalo.

Meya ya leshano le e thetsang e tswa ho ba nang le sebopeho sa borapedi, empa ho sena borapedi ka hare. Ke tla sebetsana le badisa bana ba khopo ka bonna ka ditsela tse tla bontsha batho hore ha KE Modimo ya songwang. Ha KE Modimo ya halefang habonolo. Ke tla sebetsa ka thata mme o tla bona ba wela difaleng (pulpiting), ba kgothalletsang dintho tsena le ho ntsha mpa. KE le tsebile e mong le e mong wa lona pele le ka popelong ya bomme ba lona. KE bopile le ho theha le ho rera seo KE batlang hore bophelo ba hao bo be sona. E ne e le khetho ya hao hore na o bile seo KE neng KE se rerile.

O se ke wa qosa NNA, hobane KE ne ke batla se molemo bakeng sa hao feela. Esita le lona ba utlwileng bohloko, le ho phela bophelo bo sa bonahaleng bo hlohonolofaditswe, KE tla mme ke le sebedisetse thoriso YA KA, mahlomoleng a lona le tlotlisitse NNA jwalokaha ba bang ba le bona le tla nne le rorise NNA, le sebeletse NNA le kgumamele NNA. Tlotso YA KA e tsholoha maphelong a lona, le ho feta ba phetseng bophelo bo nang le mathata a fokolang. Bophelo ba hao ha bo a fuwa mahlohonolo a ba bang, empa e ne e se hobane KE sa o rate jwalo ka ba bang, ke hobane jwalo ka YAHUSHUA a behilwe lefatsheng lena ho utlwa bohloko molemong wa ba bang, ho bile jwalo le ho wena, mme moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong ha eba le dula le tshepahala ho isa qetellong.

Ba bang ba Bana BA KA ba kwatile ha ba bona bahetene, bao le ka mohla ba sa kgumamang ka mangole, kapa ba fana ka thapelo ya teboho ho NNA, mme Bana BA KA ba re ke Modimo wa mofuta ofe enwa? Ke re ho lona, le se ke la ba le mohono ho barui ba sa amoheleng NNA, kapa ba kgopo. Ho bonahala ba na le mahlohonolo ohle bophelong hobane ke sona feela seo ba tla bang le sona, mme e tla ba nyediso e sa feleng, le Dihele tse sa feleng le tlhokofatso. Ba ile ba tela bosafeleng Lehodimong dilemo tse kgutshwane lefatsheng moo ba bileng le kabelo sebeng sa mefuta yohle, haholo sebe sa ho nahana hore ha ba hloke Mopholosi.

Wena ka lehlakoreng le leng, ha o ka dula o tshepahala o tla bona Lehodimo, mme ka nakwana lefatsheng o tla tseba mahlomola, lehloyo le tlhekefetso, empa se ke wa kwata, o se ke wa furalla NNA. Kgutlela ho NNA. Bonang hore ke Ntate ya lerato hakakang. Ke le hlokomedisitse hore ha dintho tsena di etla lefatsheng e be le se le lemositswe, le tle le BAKE mme le lemose ba bang pele kgalefo YA KA e hlaha. Ke romela Baprofeta BA KA ho lemosa pele Ke romela kahlolo. Empa lona ba lerato ka botshepehi, le sebeletsang NNA le ho itlhatswa ka Madi a YAHUSHUA MESIA hore le dule le halalela mahlong A KA, le seke la tshoha letho nakong ena, le ke ke la makala.

KE tla sireletsa tsohle tseo e leng TSA KA, mme KE tseba tsohle tseo e leng TSA KA. KE tseba e mong le e mong le dipelo tsa lona, mme ke na le meya ya lona matsohong A KA hobane le nehile bophelo ba lona le moya wa lona ho NNA ha le amohela YAHUSHUA e le Mong le Mopholosi wa lona. Le fane ka mmele ya lona e le mahlabelo a phelang bakeng sa khanya YA KA. Ha KE a o halefela, KE a o rata mme ke tla o kgurumetsa le ho o sireletsa. E, leha o bona lefatshe le sisinyeha kgalefong YA KA, hweletsa ho NNA. Ke tla ba teng ho le tshedisa.

Lebaka leo bongata ba lona le sa utlweng boteng BA KA hona jwale, ha e amane le lona. E, esita le eo ke mo sebedisang ho bua mantswe ana mme a sa tsebe ho tloha lentsweng le leng ho ya ho le leng hore na o tla ngola eng, o thatafallwa ke ho utlwa boteng BA KA ho tloha ha ke ne ke mo sebedisa lekgetlo la ho qetela ho lemosa batho. KE mo file tlotso ena e sa tlwaelehang ho hapa tlhokomelo ya Batho BA KA hoo a neng a ke ke a ba le mokgwa o mong wa ho bua le bona, hobane KE le hasantse lefatsheng lohle.

Baprofeta le baromuwa BA KA ba tla utlwa, mme ba be le ditsebe tsa moya le mahlo le molomo o sebete ho hlokomedisa batho ba sa mameleng. KE boetse ke le bolella Baprofeta le Bana BA KA, le se ke la nyahama le ho nahana hore ke le siile ha le se le sa nkutlwe ke le lehlakoreng la lona. Ha KE eso ye kae kapa kae, ke ntse ke le mona; KE kgutsa feela hobane ke kgutso pele ho sefefo. KE a kgutsa pele KE lahlehelwa ke kgalefo YA KA hobane KE leka ho thibela kgalefo, empa ho tloha morwallo ya Noe o ntse o phahama hape KE mahlomoleng ha ke bona tsohle tseo KE di entseng, esita le ho fana ka Mora WA KA ya tswetsweng a nnotshi e le sehlabelo. Abrahama o bile le sehlabelo se seng; KE fane ka Mora WA KA, hoba Mopholosi wa lona. Ke ba bakae YENA ba tla mo amohela. KE kwatile! Ke fane ka Mmele WA HAE hore le tle le fole. Ke ba bakae ba tla dumela hore phodiso e teng ka baka la dithupa tseo (maqeba) tse neng di beilwe hodima Mmele WA HAE. KE fane ka Madi A HAE, le tle le tshwarelwe. Ke ba bakae ba tla amohela mpho eo ya Calvary. KE fane ka bophelo BA HAE, le tle le pholohe. Eya, ke ka hona le utlwang tahlehelo ya boteng BA KA. Na ha o so ka wa halefela bana ba hao hoo o ileng wa fellwa ke takatso ya ho bua, ka lebaka la ho tshaba kgalefo ya hao? Na ha ho mohla o kileng wa sarelwa ka matla hoo o neng o batla ho kgutsa kapa ho halefa hoo o batlang ho kgutsa feela. O se ke wa iteta sefuba ho ntsha kgalefo ya hao ka ho tshaba se tla etsahala. KE moo!

Ha KE a halefela ba hlolohetsweng ho utlwa boteng BA KA. KE halefetse ba sa hlokomeleng le hore ke kgutsitse, le boteng ba KA ha bo hlolohelwe. Bakeng sa lona ba utlwang boteng BA KA bo le siyo, mme le ikwahlaela seo,mme le ntse le baka le ho ipotsa hore na le entse eng e fosahetseng, jwale ke bua ho tswa ho lekgabunyane LA KA mme KE a le bolella, le entse tsohle tse nepahetseng, ke ka lebaka leo le hlokomela kgutso YA KA, mme ha le utlwe boteng BA KA. Ha KE bue le ba leng sebeng, mme NNA ha ba ka ba ntseba kapa ho hlolohela NNA ho tloha qalong. Le wena wa tseba hore na KE le bua mang. Ke Bana BA KA feela ba tla utlwisisa. Bakeng sa lona, bao e neng le le Bana BA KA empa le le foofo, kgutla jwale, KE a le kopa. Ntlholohele NNA mme o labalabele ho utlwa lentswe LA KA hape. Ha KE so tsamaye, ke wena.

Baka ho ruta phoso. Baka bakeng sa ho ruta sebe ha se ho hloka kgalalelo mme ha ho ntho e kang sebe, hobane YAHUVEH ya lerato o tla o tshwarela ho sa tsotellehe seo o se etsang. Ha ho hlokahale ho baka, kapa ho furalla sebe. Na ha o bone hore sena ke leshano la diabolosi. Diabolosi o re, “Ha o hloke Mopholosi,” mpho YA KA, Mora WA KA Ya Ratehang YAHUSHUA. Ha o bone? Ha ke lla ha ke nahana ka theko eo Moratuwa WA KA a le lefelletseng yona. Haeba o re ha hona ntho e kang sebe, mme ntho e nngwe le e nngwe e ya amoheleha ho NNA hoba NNA KE Molimo o seng o sa tsotelle hore na o robala le mang kapa eng.

Ke madi a se nang molato a tshollwang? Esita le bana ba e so tswalwe, ha se sebe ho ba bolaya ha feela le sa ba bone. Le ha o ka ba bona ha feela ba ntse ba bolaya bana ba se nang molato ho pholosa bophelo ba ba bang ke hantle, ba na le molemo ho se itseng. Sena ke polao mme sena ke sebe! Bareri le tla arabela ho NNA ka bonna. Hoba le itse le sebeletsa NNA, empa le ntse le sebetsa kgahlanong le NNA. Bosodoma ke SEBE! Ho ntsha mpa ke SEBE! Polao ke SEBE! Borabele ke SEBE! Boloi ke SEBE! O wa tseba hore SEBE ke eng! Bala Melao e leshome (10)! Bareri, Baapostola, Baprofeta, Baruti, Baevangedi, ba kgutlelang ho rera sebe jwalo ka sebe. Ke moetsadibe ya bakileng feela ya tla tshwarelwa.

Ha re sa hlola re kwala mahlo a rona hoba ha re batle ho swabisa mang kapa mang, kahoo ba ka phahamisa matsoho a bona mme ba amohela YAHUSHUA ha MASHIACH e le mopholosi wa bona. A na o na le tsebo hore na seo NNA se nkgalefisitse jwang? Ho tloha neng e le mohlodi wa dihlong ho tla ho YAHUSHUA bakeng sa tshwarelo ya dibe tsa hao. Ho ke ke haeba le pholoso ntle le ho bolela dibe tsa hao ho ba bang. Boipolelo bo lebisa pholosong. KE a le bolella haeba NNA le sa mpolele pela batho, YAHUSHUA a ke ke a le bolela pela KA. Bana BA KA, baevangedi BA KA, baprofeta, badisa, baruti, baapostola ba entse hona.

E, bohloko. Bohloko bo KE bo ke bo jereng ka sena. O nahana hore batho bao ba neng ba hlajwa ke dihlong ho ema le ho bolela hore ba hloka mopholosi ba tla dula ba pholositswe ho fihlela neng? Hang-hang sera se tla utswa peo e nyenyane e jetsweng. Lona ba entseng sena, BAKANG! O hane pepeneneng ho etsa sena hape. Hobane le tla arabela meya e lahlehileng e ka beng e pholositswe. Bao ba entseng NNA e kare ke Modimo wa thetso jwalo kaha le bolela hore ba ka phahamisa matsoho a bona sephiring mme ba re YAHUSHUA kena pelong ya ka, ntle le ho ruta pele ba lokela ho lla le ho bakela dibe tsa bona, mme ba furalle dibe tseo. Ba dumele ho beha YAHUSHUA pele bophelong ba bona, le ho latela kgalalelo, e seng ho hloka kgalalelo. Le wena o tla arabela ho NNA ka bowena, mme ho bohle ba neng ba nahana hore hang ha ba pholositswe ba pholositswe, jwale re ka etsa eng kapa eng seo re se batlang hobane dibe tsohle tsa rona di kwahetswe. Ha o wa ka wa ba ruta, ke hobaneng ha o re NNA o wa nthata empa o sa obamele NNA.

Lona ba sebedisitseng moya wa bolotsana ho etsa hore batho ba phahamise matsoho a bona ha bohle ba ntse ba kwetse mahlo hore feela ba tle ba eme ka pela batho ka morao hore o ba etelle pele ba dumele hore ba ka etsa sena sephiring. O ba bontshitse hore YAHUVEH ke Modimo wa thetso le bolotsana. NNA HA KE YENA! O tla lefa ka hona, ha o sa BAKE! Eya, pele lefatshe le qala ho reketla, le hona jwale ke ntse ke reketla le ho arola ba se nang bomolimo le ba nang le bomolimo ho seo ho thweng ke Dikereke TSA KA, Ditempele TSA KA. KE bua ka dibaka tsa kopano hona jwale. Hobane kereke ya nnete le ditempele ke Batho BA KA.

Empa ka hare ho meaho ya dikereke le tla bona se etsahalang ho ba thetsitseng dinku TSA KA. Kapa bao ba neng ba batla ho ba dinku empa ba fetoha dipodi, hoba modisa ya kgopo ke phiri e rometsweng hara dinku TSA KA ho di timetsa ka lebaka la ho hloka tsebo le temoho. Ke kwatile! Meahong ya dikereke o se o bone karohano e qala. Ke pepesa sera ka hara diahelo tsa lona. Hlokomela, ema, sheba, mme o mamele lentswe la MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH). Hape, dula o ntse o bitsa ho NNA o re ke hlolohelwa boteng ba hao hobane bana ke ba neng ba tlwaetse ho utlwa boteng BA KA mme ba ne ba utlwa lentswe LA KA letsatsi le letsatsi mme jwale ba hlokomela kgutso YA KA.

Empa nke ke ka dula KE kgutsitse ka dinako tsohle baratuwa BA KA, ke ka nako e kgutswanyane feela le tla utlwa ho hlomoha HA KA, mme ha le a lokela ho tsamaya ka maikutlo a lona hobane hoo ke nama. O lokela ho tsamaya ka tumelo ya hao hobane seo ke sa Moya. Kajeno ke kgethile ho bua ho tswa ho lekgabunyane lena, le se ke la ngangisana mahareng a lona mme la re hobaneng YAHUVEH a ka bua ho tswa ho mosadi kapa a tlotsa matsoho a hae. KE o siya le sena, ke kgetha ho sebedisa eo ke kgethang ho mo sebedisa, mme ha KE arabe ho motho. Mme hoja KE ne ke tlotse molomo wa hae feela jwaloka ha a tlwaetse le yena, mme ha ke a tlotsa matsoho a hae hodima khipoto (keyboard), na o ka be o utlwile NNA ke bua molaetsa ona ka yena tsatsing lena? O arabile potso ya hao.

Jwale ka kopo hlokomedisa batho, le hoja mehleng ya Noe ba bangata ba ke ke ba mamela. Leha ho le jwalo, o se ke wa ba le madi matsohong a hao jwalokaha Ezek.3 e re, “Madi a se ke a fumanwa matsohong a lona.” HLOKOMEDISA BATHO! Ho sa ntsane ho setse nako e nyenyane, ka lebaka la Mora WA KA KE bile le mohau ho batho, empa nako ya phetetso le kahlolo e atamela ka potlako. Ba lemose, mme le mpatle KE sa ntse ke fumanwa. Ela hloko letsatsi lena mme o lebelle diketsahalo tsa lefatshe ka hloko. 2\5\97. Ke thibetse lekgabunyane LA KA, Sherrie Elijah

[ELISHEVA SHERRIE ELIYAHU] , ho fetola lentswe le le leng leo KE le buileng. Leha a tseba hore ha se bohle ba tla amohela seo ke se buileng.

Hape, KE hlokomedisa bao e leng dira TSA KA empa ba iketsa metswalle YA KA, Judas’ hlokomela, hobane ha o batla ho ntsha morumuwa enwa kotsi, o ntsha ya mo mmopileng le ya mo tlotsitseng kotsi. O tla ba wa pele ya utlwang kgalefo YA KA mme o tla tseba boteng BA KA ka ditsela tseo o ka ratang ho se bo tsebe. KE HALEFILE, mme lona ba kopileng NNA hore ke bue le utlwile lentswe la lerato, tiisetso, maswabi, le kgalefo e matla. Le utlwile lentswe la YAHUVEH e Moholo “KE NNA” le bua ho tswa sejaneng se robehileng sa letsopa letsatsing lena. Rapella bao dipelo tsa bona le lekileng ho ba fihlela, empa leha ho le jwalo NNA ba ntshutumeletsa hole. Rapella hore ba bake kajeno, hobane hosane nako e tla ba morao haholo.

E filwe Moprofeta Sherrie Elijah (ELISHEVA SHERRIE ELIYAHU) 2/5/1997

**********

Moena Noel, ke sa tswa bala sena ho mora wa ka ya dilemong tsa botjha wa lerabele, mme ka re ho tla ba le batho lefatsheng ka bophara ba tla beng ba rapela le ho batla YAHUVEH ho bona hore na seo ke se ngotseng ke sa YAHUVEH. Na ehlile ke YAHUVEH Ntate ka tlotso ya MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) ya buileng ho tswa ho nna? Sena se tla lekwa le ho tiiswa ke baprofeta ba bangata, badisa, baapostola, matitjhere, baevangedi. Pele ba tiisa melaetsa e meng ya boprofeta selemong sena YAHUVEH a mphileng yona, jwale ke a o botsa mora wa ka, na lena ke lentswe la YAHUVEH le neng le bua ho tswa ho nna? Mme netefatso e ntle ho nna ke ha mora wa ka a re ho nna, "Eya."

Rorisang YAHUSHUA! Ke ile ka mo bolella hore tshepo e teng bakeng sa hae. Etswe esita le motjha wa lerabele a ka utlwa lentswe la YAHUVEH. Ena e ne e le teko e kgolo ka ho fetisisa leha ho le jwalo mme ha ho pelaelo hore YAHUVEH ka sebele o buile mantswe ana hore ke a ngole letsatsing lena. Ka kopo, kopisa sena mme o se romele ho e mong le e mong eo MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) a o bolellang hore o ba romelle. E arolelane le kereke ya hao, leha ba sa mamele.

Bona ‘Bopaki bo ka morao ho Boprofeta’ mabapi le ditshisinyeho tsa lefatshe

le boemo ba lehodimo bo makatsang le bo senyang bo etsahalang hona jwale.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred