Profesi 3

Hlokomelang Dimela Tsa Satane ka Dikerekeng!

E Filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu Pherekgong 17, 1997

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale: Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna ka mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Dimela ke seo bosatane ba ba bitsang tsona. Moya wa boloi o tsohile dikerekeng tse tletseng evangedi ka lebaka la dimela tsena.Empa ha o ba bona o tla ba tseba! Hobane NNA, YAHUVEH, ke fa lona kereke ya nnete ya YAHUSHUA ha MASHIACH (Jesu Kreste) mahlo a matjha ho bona, ditsebe tse ntjha ho utlwa le molomo o sebete ho bua le matsoho a matjha ho ba leleka. Hobane ke matsoho a KA ke ahlamisitse letsoho la KA le letona, letsoho la Kgalalelo mme jwaleka ha Mora wa KA a lelekile bobe ka ntlung ya YAHUVEH ho tla etsahala hape.

Selemong sena baruti ba bang ba babe, dimela, ba tla shwa nakong ya dithero tsa bona. Hoba ba rera Lentswe la KA ho soma NNA. Empa NNA ha ba ntsebe, Lentswe le entsweng nama. Satane o tseba Lentswe, le seke la thetswa, mme o na le tshabo e kalo hore a thibele bobe ba hae, Tjhe, le dimela ba ka seke hoba ba rekisitse meya ya bona ho satane mme ba tla kotula tshenyeho eo ba e jetseng. Ba bang ke baevangedi, leha ba re ba isa meya ho Jesu Kreste, ke Jesu e mong eo ba ba isang ho yena, maotong a antikreste.

Jwale batho ba qala ho kgumamela moetapele mme sena ke pontsho ya hao. Ba tlohela ho batla NNA le melao le Lentswe LA KA mme ba batla lentswe le tswang ho motho feela tjee. Ha ba tsotelle ho kgopisa a le mong feela YAHUVEH Ya Matla Ohle “KE NNA!” Empa ho le jwalo ba tshwenyeha ka ho kgopisa moruti eo e leng semela sa satane, ho tlisa pherekano, ho hloka tshepo, borabele, timetso, bofutsana, meya ya leshano, e thetsang le ho utswa tumelo e nyenyane eo dinku TSA KA di kileng tsa ba le yona.

Ha ba wela ka tlasa matla a semela se ntseng se ba rapella, ha ba wele maotong a YAHUSHUA empa maotong a antikreste mme ha ba utlwisise hore ba ne ba batla NNA e be moya wa taolo ya kelello o etsa hore ba fumane modisa e mong, modisa ya kgopo ya hlokofatsang dinku tsa hae le ho di hlaba a tseba hore di tla kopantswa le dimela ha ba nehelwa ho satane e le sehlabelo. Sena se ka utlwahala se sa tlwaeleha ho ba bang empa se a etsahala dikerekeng tsa kopano ya Modimo, le dikereke tsa Pentekosta, le dikerekeng tsohle tse kgolo.

Empa KE tlo paka YAHUSHUA ke yena feela Modisa ya Molemo mme selemong sena ke tlo pholosa dinku TSA KA. Ho leleka diphiri Dikerekeng TSA KA, mme KE tla sebedisa lona ho etsa seo. Jwale ka ha ke tsholotse Metsi A KA a Phelang le Veini e Ntjha. Satane o tsholotse asene ya maiketsetso eo KE e hanneng moya wa ho ba foofo ho ba le sebopeho sa borapedi empa ho se bomodimo ka hare.

KE llela Bana BA KA le Bakgethwa BA KA ba thetsitsweng. KE Modimo ya tletseng mohau ho bao e leng BA KA, empa hobane ba kgeloswa ke ho hlohlona ha ditsebe ho utlwa, feela seo ba batlang ho se utlwa, ba isitswe polaong. KE tsosa lebotho le matla la Gideone ho kgutlisa dinku TSA KA ka tlotso e ntjha eo ba bang ba lona ba seng ba e hlokometse.

Ha le ntse le bala diprofesi dimpho tseo ke le fileng tsona di tla tsosetsana dimpho tsa MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) ho isa boemong bo phahameng. Jwale ba nang le meya ya hlalefo le kelello sena se tla tshwana le Veini ya Kgale le Veini e Ntjha tse lekang ho kopana. Evangedi ena ya YAHUSHUA e bonolo kahoo le ngwana a ka utlwisisang mokgwa wa ho pholoswa. Le seke la thatafatsa seo KE se entseng ka boomo se be bonolo. Lebaka ke hore ke ne ke sa rera hore dihele e be tsa batho, di etseditswe satane le mangeloi a hae a weleng. Ke le etseditse tsela ya ho tswa, nnete e le nngwe, bophelo, le tsela e yang Lehodimong le matsohong A KA a letileng moo KE lakaditseng ho le bokella jwalo ka kgoho ya mme e bokellang ditsuonyana tsa yona.

Ha ke batle hore leha e le mang a timele kapa a ahlolwe, ke kopa o ba lemose. Letsa terompeta ya tlotso eo ke le fileng yona. Jwalo ka ha mme kapa ntate a lemosa pele ba otla bana ba bona, KE re ka mohau le lerato LA KA le sa feleng, “Ba hlokomedise.”Hobane mohla ke lokollang kgalefo YA KA ho tla ba thata NNA ho nkgotsofatsa.

Haeba le ba lemosa, leha ba ne ba soma Moshe, o ne a mamela, a ba lemosa. Ha lefatshe le tsitsinyeha dibakeng tsohle ke Bana BA KA feela ba nnete ba utlwang lentswe LA KA mme ba tseba MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) WA KA, mme ba apesitswe ke Madi a tsholotsweng a Mora WA KA Kalvari, mme ba bitsa Lebitso la YAHUSHUA HA MASHIACH, YAHSHUA MESIA, ka puo efe kapa efe ba e buang. O tseba Lebitso LA HAE le Moya oo Lebitso LA HAE le bolelwang ho oona.

Ke ba feela ba tla bolokeha. Bitsang Lebitso la YAHUSHUA HA MASHIACH mme wena le ba ntlo ya hao ba bitsang Lebitso la YAHUSHUA ba tla bolokeha. Mamela hape, KE sa lebella KE ngotse Mantswe A KA ka Lekgabunyane LA KA, Moporofeta WA KA, Ngwana WA KA, Mohlabani le Monyaduwa wa YAHUSHUA!

Elisheva Sherrie Eliyahu hape o ne a sa tsebe hore ke tla mo sebedisa ho letsa terompeta ena hammoho le ba bang KE ba rometseng ho pota lefatshe dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe. Utlwang modumo wa terompeta ya temoso, pele ntwa e tswela pele ke romela modumo wa terompeta. Ba hlokomedise, mme le lona le tla be le phetha karolo ya lona. Bohle ba amohelang sena ba na le karolo ho lemosa ba nang le ditsebe ho utlwa le ho mamela, le ho bao ba kgethang ho dula ba sa utlwe ditsebeng. Bonyane ba ke ke ba kgona ho bolela hore ha ba lemoswa!

* * * * * * *

1/17/97 e filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred