Profesi 2 Kgalefo YA KA E Kgolo Jwalo Ka Lerato LA KA!

E Filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu Pherekgong 8, 1997

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna ka mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, (RUACH HA KODESH) IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Ho itswe ke Morena Modimo wa Makgotla: Ke tla bontsha hore ke tla putsa bao ba batlang NNA ka tjantjello. Nteke NNA mme o bone hore ha se selemo seo o ntse o se lebeletse. Kopanang kaofela lefatshe ho pota ka mpho ya khomputa,tshwarahanang, emang mmoho mme le tla bona ho tshollwa ho hoholo ha MOYA O HALALELANG ( RUACH HA KODESH) ho feta pele.

Hobane le tla tsosa dimpho tsa ba bang tseo di neng di robetse kapa di sa sebediswe ha ngata. Le tla kopanngwa hammoho moyeng ntle le hore le palame sefofane, le tla mong ho NNA ka mpho ya thekenoloji ena ya khomputa le hoja satane a e sebedisetsa bobe ba hae, NNA ke tla e sebedisa le ho feta bakeng sa Thoriso YA KA, Tlotlo le Kganya. Baprofeta BA KA ba tla e sebedisa ho fetisa melaetsa YA KA kahoo mamela ka hloko selemong sena hore le tsebe seo le tlameile ho se lebella pele se etsahala. KE tla romela baporofeta pele KE tla romela kgalefo YA KA.

Rapela hore KE o fumane o batla NNA ka tjantjello, o rata NNA le ho mamela Lentswe LA KA. Hobane o se bue hore NNA o wa nthata empa NNA o sa mmamele. Le ha dibe tsa hao di hlatswitse ka Madi a Pholosang a YAHUSHUA, NNA o seke wa nteka hobane ke a tseba hore ke mang ya pholositsweng le hore ke mang ya etsang feela.

Pele ke bolella Moporofeta WA KA hore kahlolo e qala Ntlung ya YAHUVEH! Jwale letsatsing lena la Pherekgong 8 1997, Kahlolo e se e qadile Ntlung ya YAHUVEH ka tsela e matla ho feta pele! Lebella mme o mamele ka hloko, o itokise! Lebella NNA ke hlwekisa ditempele jwaloka Mora WA KA a ile a heletsa tempele, e ne e le ya dintho tse tlang ho tla, mme e se e qadile. Badisa ba babe le baruti ba hlokang kelello, baporofeta ba bohata, hlokomelang, kgalefo e kgolo le e matla e tla tseleng ya hao selemong sena.

Baleha o sa ntse o kgona. O entse dintho ka Lebitso LA KA, wa utlwisa dinku TSA KA bohloko, o di hlabile le ho di etsa sehlabelo maotong a satane mme bakeng lena o tla lefa. O kgothaditse ba kgopo mme wa wa nyahamisa ba lokileng. Le itse ke buile mashano, mme le bone dipono empa NNA ha le ntsebe. Ekabe NNA o mpone jwang le ho utlwa ho NNA jwang. Le thetsitse ba bangata le bile le sebedisitse Lentswe LA KA le Halalelang molemong wa lona le kganya ya lona.

Itokiseng ho lwana hobane ha le tlo lwana feela le MODIMO YA MATLA OHLE YAHUVEH! Empa le hape mofuta WA KA wa bahlabani ba tlotlitsweng ka RUACH HA KODESH (MOYA O HALALELANG). Utlwa mehoo ya bona ya ntwa. Ba tletse kgalefo ya YAHUVEH ka seo sera se se entseng. Ba latela kamorao dinku tse sera se di lelekileng. Ba di tlisa maotong a Modisa ya Molemo a le mong, YAHUSHUA HA MASHIACH(Jesu Kreste) wa Nazaretha le Kalvari. YAHUSHUA HA MASHIACH ke Lebitso LA HAE mme le melomong ya bona, mme le ngotswe diphatleng tsa bona (kelellong) le dipelong tsa bona.

Ke matlafatsa ditshebetso TSA KA tse hlano ka tsela tseo ba sa ditsebeng mme ka nako yohle batla utlwa lentswe LA KA mme ba bone hore MODIMO eo ba mo sebeletsang o matla ohle ntweng. Bana BA KA le se tshohe letho hoba KE tseba dinku tsaka mme le tseba modisa wa lona. Ha ho letho leo le lokelang ho le tshaba. KE boetse ke re ho wena, tadima hodimo, topollo ya hao e atametse. Ho tla HA KA ho atametse ho feta kamoo o nahanang, empa sera se tseba sena jwale o leka ho potlakisa bobe.

Hopolang, mohla sera se tlang jwaloka morwallo, ke tla tsosa maemo kgahlanong le sona. Ba emeng kamorao ho difala mme ba sebeletsa dinku TSA KA ba utlwa lentswe LA KA. Ke le bitsitse hore le be bahlabani ba YAHUSHUA e seng mahlapitsa. Kgutlisa seo sera se o utsweditseng sona ka Lebitso LA KA. Satane o tla ho utswa, ho bolaya, le ho timetsa. Kgaotsang ho mo dumella. KE boetse ke re ke le bitsitse ho ba bahlabani BA KA, e seng mahlatsipa.

Se nehe diabolose sebaka, mme diabolose a ke ke a ho neha sebaka. Letsatsing lena kereke, eo e seng moaho kapa moruti empa batho BA KA ba bitsitsweng ka Lebitso LA KA, ba tlameha ho phahama ba re, “ Re bahlabani ba YAHUSHUA HA MASHIACH; rea tseba hore re bahlodi ho feta ka Lebitso la YAHUSHUA. Ntwa ke ya YAHUVEH, tlholo ke ya rona bakeng sa Thoriso, le Tlotlo le Kganya ya YAHUSHUA HA MASHIACH le YAHUVEH!”

Qetellong karolong engwe le engwe le tla mpona ke arohanya seo ke sa se kopanyang, lona le se entse. Empa ho tla nka letsoho LA KA feela ho tlamolla joko eo e neng e sa rerelwa ho kengwa. Na pholo le tweba di ka hula kariki? Ho hobe le ho feta, na pholo le bohlwa di ka hula kariki e tletseng ditholwana. Rapelang NNA mme (RUACH HA KODESH) MOYA O HALALELANG WA KA o tla senola moo bohlwa kapa tweba e kentsweng jokong le wena. Jwale amohela leha ho jwalo ha KE kgetha, mang kapa mang eo KE kgethang ho mo arohanya le wena.

Hobane le kile la ipotsa hore hobaneng ha dithapelo tsa lona di ilwe tsa sitiswa, ke hobane ba bang ba lona le kentswe jokong e sa lekaneng ka tsela tse ngata tse fapaneng. Sena se kenyeletsa basebeletsi BA KA, le bosebeletsi, hammoho le maphelo a lona. Ha ho motho ya tla tlohela eng kapa eng bakeng LA KA, seo NNA nkeke ka se kgutlisetsa bonyane habedi bophelong bona le lehodimong. Tshepa NNA mme o ikemisetse jwalo ka Abrahama a entse mme o be le tumelo. E re, “ YAHUVEH, eng kapa eng e nthibelang ho ba sohle seo ke se bitseditsweng ho ba sona, le sohle seo ke se kgethetsweng ho se etsa, ke se nehela ho wena e le sehlabelo, ntho e fe kapa efe e emang tseleng ya thato ya hao e phethahetseng e etswe bophelong ba ka”.

Nehela ho NNA sohle seo o leng sona, le sohle seo o seng sona, mme o tadime KE etsa mohlolo o moholo bophelong ba hao le ba baratuwa ba hao. Selemong sena KE tla o fa ditakatso tsa pelo ya hao hobane ke tseba ditakatso tsa pelo ya hao ke ditakatso tseo ke o fileng tsona.

E filwe letsatsing lena ho Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu ka 1/8/97 ka tlotso ya (RUACH HA KODESH) MOYA O HALALELANG bakeng sa kganya ya YAHUSHUA, Mora a NNOTSHI wa YAHUVEH Molaetsa ho tswa ho Moruti Elisheva Eliyahu: Rapela ka matla ka maleme a ( RUACH HA KODESH) MOYA O HALALELANG mme haholoholo hore neo ya boporofeta e tsohe ho wena. Le rona baporofeta re hloka ho porofetelwa. Ke sebeletsa ba bang, empa ba seng bakae ba sebeletsa nna. Mohlomong o tla ba e mong wa bona. Eya tshisinyeho ya lefatshe le yona e ya tla ho Amerika. Ke bile le ditoro tse ngata mme ke bone profinse ya heso ya Indiana e batla e senyehile. E tla ba 8.9 sekaleng sa Richter hape ka nako ho tla ba le difefo le dikgohola. E tla otla bonnyane diprofinse tse 15 hammoho le Indiana ka nako e le ngwe.

Ke utlwile Ntate Modimo a bua torong ya ka e tshosang ka ho fetisisa ha batho ba ntse ba hlwekisa mme ba nahana hore ho fedile. Pheletso ya potoloho ya 1, jwale potoloho ya 2. Empa ho roriswe YAHUSHUA, o mpontshitse torong yona eo hore le hoja matlo a mmalwa a tla sala a eme, ho tla ba jwalo ka mehleng ya Moshe mme bao ba rapelang YAHUSHUA, ka moya le ka nnete, matlo le maphelo a bona a tla bolokeha.

Lengeloi la lefu le tla ba feta mme le ke ke la ba ama kapa la ama matlo a bona. Ditliliniki tsa ho ntsha mpa di tla wela mekoting e meholohadi ha lefatshe le buleha le ho di kwenya. YAHUVEH ka bo yena o tla bontsha se tla etsahala ho babolai ba masea a se nang molato a ntseng a le ka popelong tsa bo-mme. Bosodoma ke moya o kgopameng(sothehileng) wa takatso e mpe, e seng sekodi sa tswalo empa ke sebe mme o romellwa ke satane ho soma kopano ya YAHUVEH e bitswang lenyalo! Empa hape YAHUVEH YA MATLA OHLE o tla iphetetsaka ditsela tse tla paka hore ha a songwe ha bonolo.

Mme ho madimabe ba somang, hobane YAHUVEH ha se MODIMO wa mohau le lerato empa wa kgalefo ho dira tsa hae.

Setjhaba le batho ba lahlehetswe ke tshabo ya YAHUVEH boholo ba Amerika mme ba se nang tshabo, o tla ba neha hoo ba tla ho se tshaba. Empa rona Monyaduwa wa YAHUSHUA ha re na ho tshoha letho, ha feela re ntse re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo mamela, ho utlwa lentswe la hae, le ho mo kgumamela ka Moya le ka nnete. Hlokomedisang ba bang hore madi a Eze.3:17-21 a se ke a matsohong a hao. Ho madimabe ba utlwang mme ba sa mamele. La pele e tla ba kahlolo ntlung ya YAHUVEH e be bahetene.

Leruo la ba khopo le mesebetsi e tla fuwa bana ba nnete ba YAHUSHUA ba mo rapelang, ba nang le tumelo, mme ba lekang ho mo mamela, le ho mo sebeletsa, ba phatlalatsa Evangedi ya YAHUSHUA bakeng sa poloko ya meya. Ho tla hlaha dimilione tsa batso ho feta ba kileng ba ba teng pele, mme e tla ba bana ba YAHUVEH ba nang le leruo, difofane, ditsi tsa mabenkele.

Ke bitseditswe ho ba motjadi wa kereke le moruti wa dikereke tse ngata. Sena se nka tjhelete eo ke se nang yona hona jwale, empa ke dumela tumelong bakeng sa sena pele selemo se fela. Ka kopo kgothatsa baena le dikgaetsedi tsa rona le fatsheng ka bophara, o ba bolelle YAHUSHUA o tlo sireletsa kereke ya hae ka tsela e kgolo ho feta pele. Itshwarelle mme o bone dira di wa.

China e tla ba le tshisinyeho e kholo ya lefatshe le mafu a sewa a tla ba wela, le mafu ao ho seng motho ya ka phekolang, mme ba tla utlwa bohloko ka lebaka la ho hlorisa bana ba YAHUSHUA. Hape YAHUVEH o tla paka hore ha se sefofu kapa setholo mme o utlwile dillo tsa bana ba hae. Bona sera se re YAHUVEH wa rona ha a yo. Empa hlokomela satane hobane topollo ya batho ba YAHUSHUA e tseleng le ha sena se ntse se ngolwa. Bao ba hlorisitseng Bakreste ba nnete e tla ba bona ba tla hloriswa jwale. Ba rometseng meya ya timetso, bofuma, ho hloka tshepo le lefu e tla bona bao meya ena e tla kgutlela ho bona ka tsela e matla. Dira tsa rona di tla timela ha ba sa bake pela MODIMO ya ahlolang tsohle. Leruo le tla ba teng mme le se le qadile ho fetolelwa matsohong a ba lokileng ka lebaka la YAHUSHUA HA MASHIACH. E tla ba nako e kgutshwane pele YAHUSHUA wa rona a tla hape mme tjhelete ena e tla sebediswa ho bokella kotulong ya meya.

YAHUSHUA wa rona o a tla! Pele o tlameha ho lokisa kereke ya hae e se be le letheba kapa ho sosobana. Ho seke ha eba le boikgohomoso ho baetapele ba moya ba rona, hobane sena se tla etswa ka matla a (RUACH HA KODESH) MOYA O HALALELANG kahoo ho se be le motho ya nkang Kganya ya YAHUSHUA. Matla a tlotso ka nako eo a tlaba hodima bahlanka ba hae ba kgethilweng mme dipontsho tse kgolo, mehlolo, le dimakatso tse kgolo di tla tla ho barapedi ba nnete ha ba bona hore YAHUSHUA wa rona o ntse a etsa mehlolo le kajeno ka tsela e matla.

Ba bang batla ba le tlotso e matla ebile le seriti sa bahlanka ba bang se tla leleka diabolose le mademona a hae mme ba fodise ba kulang le ho tsosa bafu bakeng sa Kganya ya YAHUSHUA feela. Selemo sena sa 1997 e tla ba nako ya phetoho dikerekeng, dikereke tse hanang veine e ntjha di tla be di sena matla kapa di tletse matla a boloi. MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) ha o tla hlola o amella dikereke tse arohaneng. Kaofela re ntho e le nngwe mme ha re a lokela ho bona mmala o mong ntle le o mofubedu! Re batho - re hlatsitswe ka Madi le ho hlwekiswa ka Madi a pholosang a YAHUSHUA HA MASHIACH wa Kalvari!

Baena le dikgaetsedi tsa rona ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, ba leloko kapa ba puo efe ke feela ba pholositsweng, ba halalelitsweng, le ba tlatsitsweng ka MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH). Re tla ba tseba ka ditholwana tsa bona le ho paka ka meya ya bona. Satane o lekile ho etsa hore merabe e nahane hore e betere, hoo ke boikhohomoso mme YAHUVEH o re e nngwe ya dintho tseo a di hloileng ka ho fetisisa ke boikhohomoso.

Ha ye ka tshobotsi ya batho. YENA o wa tseba hore ke bo mang bana ba hae. Le hore bana ba satane ke bo mang. YENA a ke ke a dumela hore bakgethwa ba hae ba kgeloswe hape. Lebella ha mashano a wela ka mokgwa o matla haholo mme YAHUVEH a phahamisa baprofeta ba nnete, baevangedi, baruti, baapostola le matitjhere ho nka dibaka tsa basebetsi ba bohata.

Mme ba morao ba tla tlotswa ho feta ba pele, hobane ba tla dumela hore ha se ka matla a rona empa ka matla a MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH) feela. Ka Lebitso la YAHUSHUA HA MASHIACH mme ke ka Madi a Hae topollo e tlang ho tla. Ke tlotso e tla roba dijoko le bokgoba, ka matla a MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH).

Hona le bahlabani ba bangata ba weleng. Ba hloka matla kapa tumelo. Diabolosi o ba thetsitse mme ba nahana hore YAHUSHUA ha a bone dikeledi kapa dillo tsa bona selemong sena. Tiisetsa ha se nako ya ho tlohela. Ditshebeletso tseo le di nehilweng di tla atleha mme tsohle tseo o di emetseng di tla phethahala. Le seke la tela.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred