Boprofeta Ba 18

Hlokomela Lesira La Lefifi Le Tswang Diheleng!

E Filwe Moapostola Elisheva Eliyahu Ka La 26 Hlakubele, 1998 3:54

Ho tswa ho Boprofeta ba 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofeto, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Boprofeta bo bong le bo bong:

2 Dikronike 36:16, ˜Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.

* * * * * * *

Lelapa le ratehang la YAHUSHUA,

Ke fumane sena kajeno ha ke ntse ke lla maobane bakeng sa bana ba banyenyane ba bolailweng ntle ho lebaka ntle le hore bana ba bang ba banyenyane ba ne ba kenwe ke moya o mobe wa polao le tshenyo. Ngwana enwa ya dilemo di leshome le motso o mong (11) le leshome le metso e meraro (13) ha ba utlwisise le hore na ke eng e ba qobelletseng ho thunya bana ba se nang molato ba dilemo tsa bona, bao ba neng ba bapetse le bona le ho tsheha le bona jwale ba ba bolaya jwaloka khama morung empa le khama e na le monyetla wa ho matha ho ya ipata. Satane ka boyena o ile a iponahatsa ho bana bana ka tsela eo re ke keng ra e utlwisisa.

Eya, rapela, empa rapela hore mmuso ona o lelekileng tshireletso e le nngwe feela eo lefatshe lena le nang le yona, lebitso la hae ke YAHUSHUA MESIA mme Bibele e Halalelang e kgutlisetswe dikolong ka potlako. Hape, Melao e Leshome e tla leketla dikolong tsa setjhaba. O se ke wa bolaya. Re bua jwalo ebe mmuso o bolella bana ba rona empa le ka bolaya masea a se nang molato hafeela ho se motho ya ka bonang ha feela lesea le sireletsehile ka popelong ya mma lona hole le mahlo a batho; ho molaong ho bolaya lesea le se nang molato le sa kgoneng ho ithusa. Ke kgetho ya mme.

* * * * * * *

Ho itswe ke YAHUVEH...

O NA LE SEBETE JWANG! O NA LE SEBETE JWANG! O NA LE SEBETE JWANG! O botsa NNA hore na ebe ke dumelletse ntho e jwalo jwang. O re o kae YAHUVEH ha dipolao tsena tsa masea ana di etsahala? Empa KE lelekilwe tsamaisong ya sekolo sa lona sa setjhaba. Lebitso LA KA ha le bolelwe empa ka mantswe a thohako feela. Ke hobaneng ha tshireletso YA KA e hlokahala ha boteng BA KA bo sa hlokahale? Ke hobaneng ha o nka sena e le ntho e tshosang ho feta lesea le se nang molato le llang ka popelong ya mmae le hlokofatswang ka ho ntshwa ha mpa? Na ke hobane ke NNA feela ke utlwang mehoo ya bona e kgutsitseng? Ha lebaleng la sekolo ho ne ho utlwahala mehoo le dillo tsa masea hohle na ha o bone hore ke ntho e tshwanang?

Moya wa polao o ile wa kena ho bana ba neng ba bapala sebakeng sa satane. Na ha KE a ka ka re se ka pelong ya hao se tla bonahala. Bana ba feptjwa madi le tshollo ya madi thelevisheneng ka dibaesekopo le dipapadi tseo ba di bapalang. Bana ba qobellwa ho feptjwa pefo, lefu, timetso, bosodoma,ditshwantsho tsa manyala tse hlephisang boitshwaro, lehloyo le borabele ha re bolela tse seng kae feela. Ba ntse ba rutwa hore kgalalelo ha e hlokahale kajeno. O re ho na ke hobaneng ha NNA ke dumelletse sena? Ho ka be ho sa etsahala hoja feela bana ba ne ba rutilwe ho lla ka Lebitso LA KA.

Ba boneng tlokotsi ena ba tla paka ha ba hweletsa ho NNA, KE ne ke le teng. Mangeloi A KA ba ne ba ba lwanela mme ba ba kgurumetsa ka mapheo a bona. Masea ana kaofela a Lehodimong, eya le a bolailweng mpeng le a shwetseng lebaleng leo la sekolo. Empa ke ile ka dumella sena ho bontsha se etsahalang tsamaisong ya dikolo tsa setjhaba kaha moya wa antikreste o leleka ntho efe leha e le efe e halalelang sekolong.

O lefa theko Amerika le ditjhaba tsohle tse latelang mohlala wa yona. Sena se tla tswela pele ho fihlela ho bolaya masea ka mpeng ho se nang kelello ho kgaotsa. KE tla dumella satane ho iponahatsa ho bana ba lona ba sa rutwang ho bitsa ho NNA. KE tla dumella satane ho sebedisa mmino le metjha ya phatlalatso ho senya bana ba hao ho ba tlosa ho NNA le ho ba tlosa ho wena mme ba tla dumellwa ho phatlalatsa ntwa kgahlanong le batswadi, batho ba baholo le balaodi. Hobane ha o ne o ba ruta ho se hlomphe se halalelang le melao YA KA o buletse satane ho ba tlatsa ka meya ya hae e kgopo e tla ferekanya le ho sitisa Amerika le tsamaiso ya sekolo.

Dipapadi tse qadileng di se na molato le ho ba monate, tse neng di ruta bana mokgwa wa ho phedisana hammoho jwale di qabanya e mong kgahlanong le emong ho bona hore na ke mang ya ka bolayang e mong. A na Lentswe LA KA ha le re ha o etsa sebe pelong ya hao, NNA o a ntshitelwa? Mohopolo wa hao ha se wa hao, monahano o mong le o mong o lokela ho tshwarwa bakeng sa tlhahlobo YA KA. Haeba o sitelwa ngwaneno ke sebe. Molao o moholo ho Melao e Leshome ke hore o rate moahelani wa hao jwalokaha o ithata.

Seo se boetse se kenyelletsa hore o se ke wa bolaya. Leha ho le jwalo ho bana ba hao ba bolaya mme ba bolaya ba lokileng hammoho le ba kgopo dipapading. Hlokomela, jwalo ka ha ke ile ka botsa pele ho lekgabunyane lena, “satane o fepa bana ba hao eng bosiung bona ka metjha ya ditaba, le ka dithaka tsa bona, ka dipapadi kapa dibuka tseo ba di balang le ka mmino wa bona?” Hlokomela, satane wa tseba hore KE tlile lefatsheng ke le ngwana ya senang molato mme jwale o batla ho otla bana, ho silafatsa meya ya bona mme qetellong a ba ise diheleng le yena.

Bana ba lona ba ima mme ba bolellwa hore ho lokile, ba ya bolellwa feela ntsha lesea ka mpeng. Ha ho na monahano o le mong bakeng sa ngwana ya se nang molato ya sa kang a rutwa hore boitshwaro bo bobe ba thobalano ke SEBE mme bo lebisa ho tshilafatso ya moya. Ha ho na monahano o le mong wa tlhokofatso ya lesea leo le se nang molato ha le robetse ka popelong ya mme wa lona. Leha mme wa lona e ka ba ngwana e monyenyane feela le yena, o sitelwa NNA, Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH mme o sitelwa lesea la hae le eso tswalwe le neng le batla ho tswalwa feela, mme o etsa hore le bolawe. Ha ho na phapang pakeng tsa sethunya se sebediswang bakeng sa polao le ngaka e sebediswang bakeng sa polao. Ke polao kaofela mahlong A KA. Mme le yena o sitelwa mmele wa hae, moya wa hae le Moya wa hae. Kelello ya hae e ke ke ya lebala, mme NNA nka mo tshwarela haeba NNA a ka nkopa ebe o furalla bobe bona.

Jwale ke profeta ntho e tshabehang haholo ho e nahana empa dipolao di tla ata haholo. Batswadi ba tla tshaba bana ba bona. Bana ba tla laola batswadi ba bona ha borabele bona bo dumellwa ho hola. Mebuso e tla re ‘ba busa bana ba lona.’ Mebuso e tla theha melao ho thibela bana ba lona ho kgalemelwa ke batswadi. Ditokelo tsa botswadi di amohilwe hanyenyane le hanyenyane ho fihlela haufinyane lona batswadi le ke ke la ba le ditokelo. Le se ke la dumella sena ho tswela pele! Satane a ke ke a nka seo le sa mo feng sona. Nkang bana ba lona ka Lebitso LA KA! Ntshang bana ba lona mahaheng ana a bokgopo; le ba ruta ka ho lefa ka meya ya bona.

NNA mpatleng ha KE sa fumanwa habonolo mme KE tla le bontsha tsela e nngwe ya ho ruta bana ba lona, dintho tse lefatsheng la moya le la nama. KE tla boela ke ba busetse takatso ya kgalalelo le ya boitshwaro. Ho na le lesira la lefifi le theohetseng tsamaisong ya dikolo tsa setjhaba, mme seaparo sa lefifi se tswile ho tswa mekoting ya dihele mme se kwahela batjha ba bangata ba setjhaba sena, ba sa nthapeleng NNA jwaloka Morena le Mopholosi wa bona.

Bana ba utlwa bohloko ka lebaka la sebe sa batswadi ba bona ho se ba rute hore na YAHUSHUA MESIA ke mang! KE nna feela tshireletso ya bona! Satane o amohetswe dikolong tsa lona mme ho hloka kgalalelo ho atile ka ho bona.

Emang batswadi; ntshang bana ba lona dikolong tse ke keng tsa dumella kgalalelo YA KA hore e be karolo ya kgodiso ya bana ba lona. Emang batswadi mme le bolelle mmuso hore le na le tokelo ya ho laya bana bao. KE kgalemela bao ke ba ratang! Ba tlameha ho tseba tshabo ya Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH hape le tshabo ya batswadi ba bona. Tshabo ya bomodimo, e nang le tlhompho e hahang botho le ho fepa moya e tseba hore ho na le melao mme haeba o tlola melao o tla lefa.

Dikolo di a lefa hona jwale. Mmuso o a lefa hona jwale. Batswadi ba lefa hona jwale. Ba batla ho fetisa melao mme ho tla etsahala, hafeela o e dumella, hore o tla thibelwa ho shapa bana ba hao. Haholo-holo, batjha ba setjhaba sena le lefatshe ba lefa hona jwale. Ba hloka NNA empa ke batswadi ba mmalwa ba ba rutang hore KE NNA feela tsela,nnete le bophelo. Kgalalelo ya hlokahala mme e lokelwa ho hatellwa dinakong tsena tsa bofelo. Tshaba molao ona! Lwantsha molao ona! Hobane haeba o nahana hore bana ba hao ke marabele jwale o bone pono feela ya borabele bona. Madi ha a matsohong a bana bao ba bolaileng feela, madi a ho Boto ya Thuto. Madi a matsohong a batswadi ba sa kang ba ruta bana ba bona kgalalelo. Madi a matsohong a mmuso. Madi a ho Amerika mme ha se Madi a Mora WA KA, YAHUSHUA MESIA, a kwahelang setjhaba sena hona jwale, empa ke madi a se nang molato a masea a dimilione a bolawang letsatsi le letsatsi, dihora tse 24 ka letsatsi.

Ha o re ho bolaya masea ho molaong hafeela ba le ka popelong ya mme ebile re ka se utlwe mehoo ya bona e kgutsitseng le dillo tseo NNA feela KE di utlwang. KE a o jwetsa hore mehoo le dillo di tla tswa ho bana bao o ka ba utlwang, bana ba bahetene, bana bao o ka ba bonang, bana ba se nang molato empa ba sa tshwane le masea a ka popelong a bolawang. Polao e le nngwe e a tshwana, borabele bo le bong bo a tshwana, mme moya wa ho se halalele o a tshwana. KE bona tsohle! KE utlwa tsohle! Ntle le haeba setjhaba sena se baka bakeng sa bana ba bolailweng o tla bona bana ba bangata ba bolailweng. O se ke wa nahana hore KE Modimo ya lokelang ho songwa hape.

Dikereke tsa lona di ruta lerato LA KA empa di ke ke tsa ruta Bana BA KA hore KE boetse ke Modimo o Matla Ohle leratong le Matla Ohle kgalefong! Mehleng ya kgale KE ne ke ena le bana ba tlepetswang ka majwe ka pela lebala la toropo. Bana ba marabele bao batswadi ba neng ba sa kgone ho ba laola mme ba lebisa borabeleng bo eketsehileng, KE ile ka etsa hore batswadi ba lahlele lejwe la pele. Jwale ho na le melao e sireletsang ngwana hore a se ke a shapuwa karolong e ka morao eo KE e thehileng bakeng sa morero o jwalo. Jwale, ho na le melao e batlang ho lokolla bana ka ho ba otla letsohong kamora nako e kgutshwanyane ya tjhankana. Utlwisisa sena, KE a le bolella sena, bana bao ba tla bolaya hape hobane moya o mobe o ntse o le ho bona mme nakong e tlang e tla ba kgolo haholo haeba moya ona o mobe o sa lelekwe. Mahae a lona a batjha a hloka YAHUSHUA ho leleka bademona ho bana bana. Ha ba utlwisise hore ha se bona ba ileng ba thunya, kapa ba etsa merero, e ne e le di-pawn papading ya chess mme ba ile ba utlwa feela metsamao.

Amerika, bakang ka baka la lesira la lefifi le tswang diheleng le etsang hore le nahane hore seo le se etsang sephiring se ke ke sa pepeswa. Bosodoma ke mokgwa o mong wa bophelo oo le batlang ho o ruta, empa ke lefifi le tswang diheleng le le thibelang ho bona lesedi la nnete. Sena ke manyala ho NNA! KE le rometse Kwatsi ya bosolla tlhapi (AIDS) bakeng sa pitso ya ho le tsosa mme NNA le ile la ntlhokomoloha ebe la leka ho fumana dipheko. KE romela lefu le lebe ho feta leo. LETLAPA LE LETSHO LE BELANG LA MADI! Sena se tla tla ho bohle ba qobellang ho fepa bana ba lona moya wa bosodoma ka dikgaba tsa silevera. Se qala ka Ellen Degenerate (Degeneres) mme se kene ka Ntlung e Tshweu. Le soma NNA!

Le nahana hobane KE sa bonahale ha ke utlwe kapa hona ho bona seo le se buileng le seo le se entseng. Le nahana hore kgalalelo e halalelang ya lenyalo e lokela ho songwa. Le nahana hore Melao YA KA e Leshome ha e na thuso bakeng sa nako ena le mehla ena. KE HALEFILE mme KE re ho bohle ba bontshang ho se halalele ha lona sefahlehong SA KA. Le tla bona hore ha KE Modimo ya lokelang ho songwa. Le tla utlwa bohloko! Bana ba lona ba tla utlwa bohloko! Naha ya lona e tla utlwa bohloko! Empa eseng BA KA, KE tla sireletsa, boloka, hlohonolofatsa le ho tataisa Bana bohle BA KA ba fileng Modimo wa popo le Modimo wa poloko dipelo tsa bona,maphelo, meya le boteng ba bona.

Lona bahetene ba etsang manyala mahlong A KA, mme le e kenya metjheng ya ditaba esita le dipineng tsa lona, lona ba batlang hore bohle ba be le kgetho ya ho bolaya ngwana ka mpeng, ho bolaya batho ba kulang haholo, le bosodoma, lona ba tlosang ditokelo tsa batswadi tsa ho hodisa bana ba bona ka tshabo le tlhompho ya Bomodimo. Le tla fumana hore KE nna YAHUVEH (Modimo) mme KE kgalefo ka tekanyo e lekanang le lerato mme le tla bona se tla etsahala ha kotlo ena e le fihlela ho se moo e tswang teng haese ka letsoho LA KA. Ha ho moo le ka balehelang teng haese ho NNA. Kotlo ena e ntjha e se e qadile mokgathala o moholo, feberu e kgolo, madi a lona a tla bonahala a le matsho, ha le na tshireletso, madi a lona a tla tswa melomong ya lona. Ho tswa madi!

Hobane le ile la soma Madi a Halalelang a tsholotsweng bakeng sa lona Kalvari mme jwale KE tla le soma hape ka madi a tla bontsha ho hloka kgalalelo mading a lona. O tla rapella ho shwa empa lefu le ke ke la tla habonolo. BAKA HONA JWALE! Kgaotsang ho bolaya masea A KA a e-so tswalwe. Tlohelang ho silafatsa batjha le lefatshe lena ka monko wa hao wa ho hloka kgalalelo. BAKA HONA JWALE Amerika! Lebella ha bao o ba nkang e le baetapele e sa hlola e le baetapele. BAKA HONA JWALE! Ditlhaselo tse mpe tse tswang diheleng tse rohakang sohle se halalelang metjheng ya hao ya ditaba, eo batjha ba e phetang mme ba sa utlwisise hore na NNA ba nkgalefisa jwang e tlameha ho emisa. KE tlo ho o otla ka MOLAMU WA KA Wa Kgalefo ho fihlela o baka.

Bao e leng BA KA mme le a tseba hore na le bomang, le na le kamano le Mopholosi wa lona mme le rata ebile le beha NNA pele ho tsohle tseo le di etsang. Le hlokomela ba bohata jwalo ka ha satane a tsheha NNA ko Garland, Texas. Ha le thetswe, le a tseba hore YAHUSHUA wa lona o tla ka potlako mme ha ho songwa le ho etswa ha bohata ho etsahala le ke ke la thetswa. Lona baratuwa BA KA le matlotlo a bohlokwa ho feta kamoo mantswe a ka bolelang le a tseba hore na le itshetleha ka Lebitso lefe ho lopolla lona le meya ya lona. Bana ba lona ba bolokehile ebile ba sireletsehile letsohong LA KA mme letsoho le leng LA KA le ba sireletsa jwalo ka ha e ne e ka ke tsuonyana e sa tswa tswalwa. KE tla sireletsa bao e leng BA KA, bao ba lakatsang ho ba BA KA, KE a le emela. Ha KE na takatso ya ho le otla ka THUPA YA KA ya mahlomola. MOLAMU WA KA le lere LA KA ke ho o tshedisa ho o sireletsa le ho o tataisa.

MOLAMU WA KA ke ho sireletsa Bana BA KA ha KE tshollela phetetso ho dira tsa bona le TSA KA. THUPA YA KA e boetse e sebediswa e le kotlo jwalokaha le wena o lokela ho otla bana ba hao kahoo KE tlameha ho otla BA KA hape ka dinako tse ding ha ho hlokahala. MOLAMU WA KA wa kgalefo o boloketswe feela ba leng borabeleng bo felletseng. Hlokomela hore MOLAMU o a tla Amerika. Hlokomela hore MOLAMU wa Kgalefo o tla ditjhabeng tse ding tsa lefatshe lena tse laetseng hore di tla sebeletsa modimo o mong. Takatso YA KA ke hore KE batla ho o tataisa ka MOLAMU WA KA wa modisa o le sireletsang le o le tataisang mme o otla sera feela, diphiri tse tlang di ikgakantse jwaloka di lokile mme ho le jwalo di le kgopo.

Bana BA KA ba ratehang ba a tseba hore bodumedi bo ke ke ba ba pholosa ke feela kamano ya lerato le YAHUSHUA MESIA, YAHUVEH, le MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) e tla ba pholosa. Ke nnete feela ha ho pholoso ntle le ka Lebitso la YAHUSHUA MESIA, Madi ao ke a tsholletseng Kalvari le Lentswe le Halalelang le ka o pholosang ha le buwa ka Lebitso la YAHUSHUA MESIA! Ke feela ho baka le ho furalla sebe le ho lwanela ho phela bophelo ba kgalalelo le ho obamela NNA feela ho ka o pholosang. Ho tseba hore ha o a phethahala empa o sebetsa letsatsi le letsatsi ho kgahlisa NNA mme o etsa seo o tsebang hore KE batla hore o se etse. Ho ba bang KE re LE SEBETE JWANG?

O na le sebete jwang ho beha NNA molato ka bobe boo le itliseditseng bona le bana ba lona? Le kotutse lefifi le tswang diheleng mme ha ho na topollo ntle le ka Lebitso la YAHUSHUA MESIA wa Kalvari. KE nna mohlodi wa lesedi feela wa lona empa ke ba bakae ba tla ipiletsa ho NNA hore ba pholoswe? Hape KE bua temoso ena ho tswa ho lekgabunyane la boprofeta LA KA Moruti Elisheva Eliyahu eseng ka lebaka la hore na ke mang empa ka lebaka la hore na ke mang "KE NNA!" NNA, Modimo o Moholo o Matla Ohle YAHUVEH, ke buile! Ba nang le ditsebe tsa ho utlwa ba mamela le ho ithuta ba sa utlweng ditsebeng le ba foufetseng ba tla foufala le ho se utlwe ho feta moyeng.

* * * * * * *

3/26/98 3:54 THAPAMA e filwe sejana sena se ikokobeditseng sa letsopa Moprofeta Elisheva Eliyahu

Ha ke ntse ke balla motsamaisi wa setsha sa ka, ke ile ka ikutlwa ke tsielehile ha re ntse re bua ka mohala ha ke fihla karolong ya sewa se setjha se tla otlang lefatshe lena se sebe ho feta KWATSI YA BOSOLLA TLHAPI (AIDS). Yaba maleme a qala, maleme a ntwa. Yaba ha mahlo a ka a kwalehile ke bona leru le letsho ka ho fetisisa la sealuma. Ke ile ka hlokomela hore ke leru la sealuma la bohale ba hae mme o sa tswa ntsha mantswe a hae a bohale molomong wa ka. Se latelang ho tla lehadima! O tla otla diphofu tsa hae! Ho madimabe marabele a sa elellweng temoso ena. YAHUSHUA o nthoma jwaloka molomo wa hae ho bua temoso ena ka lebaka la mohau wa hae e le hore ba bake. Ebe timetso ya tla. Hlokomela molamu wa YAHUVEH ya Matla Ohle! Kgutlelang ho Modimo wa bontata rona! Kgutlelang, Amerika, ho YAHUSHUA MESIA pele e se ele morao haholo.

Ka tlase ke boprofeta bo bong ho tiisa seo YAHUVEH a se buileng ho tswa boprofeteng bo botjha boo a mphileng bona, "Hlokomelang hore lesira la lefifi le fihlile." Lentswe le ka tlase le ile la fetisetswa ho nna ho tswa ho e mong. Seaparo sa lefifi dikolong tsa rona: YAHUVEH o mpontshitse seaparo sa lefifi se lahletswe ho tloha lefifing hodima dikolo tsa rona.

Re tlameha ho rapela le ho itima dijo bakeng sa motsamao wa seaparo sena hobane YAHUVEH o re… KE utlwa dithapelo tsa Batho BA KA ha ba rapela ka dipelo tsohle tsa bona. Ho na le timetso e ngata e tla hlaha ntle le haeba re rapela mme re lwantshe sena sebakeng sa moya, eseng sebakeng sa tlhaho sa nama. Se etsang sera ho re timetsa? O sebetsa ho tswa ka hare. Re na le dintho tse ngata tseo re lokelang ho ameha ka tsona ka lapeng ho feta matshosetsi a kantle. Rapela mme o rapelle moloko ona jwale. Ho molemo ho behella ka thoko letsatsi le kgethehileng la thapelo, leha ho le jwalo barapedi BA KA ha ba a lokela ho ema hoba nako e atametse ya hore sabole ya Moya e leng Lentswe LA KA le hulwe le dithapelo Moyeng di qale molemong wa bana bana BA KA ba banyenyane.

Na ha KE a ka ka le bolella hore ho molemo hore motho a leketliswe lejwe la ho sila molaleng wa hae mme a lahlelwe lewatleng ho ena le ho ntsha kotsi leha e le e mong wa bana BA KA ba banyenyane? Masole a apare dihlomo tsa bona mme le ye ntweng hobane ena ke ntwa ya KA, YAHUVEH, mme NNA, YAHUVEH, KE tla sebedisa dijana tse fumanehang dijana tseo tse bulehileng ho amohela Moya WA KA o tsholotsweng ka tekanyo ho le matlafatsa ho lwana sebakeng sa moya. Le se ke la tshoha kapa la nyahama hobane NNA, YAHUVEH, Modimo wa lona o le eteletse pele mme KE romela mangeloi a tshireletso ka bongata boo le ke keng la bo bala, ho sireletsa bana bana ba banyenyane le ho lebella Bana BA KA, ho rialo YAHUVEH.

Ke bile le toro, ka la 9/3/92, e tla bewa leqepheng le leng ke a dumela. YAHUSHUA o se a mpolelletse ka sewa sena se tlileng empa ke ne sa e utlwisise mme ke tla arolelana toro ha ke ntse ke e kopitsa ho tswa dintlheng tsa ka. Ha ke bolele hore ke na le tshenolo e felletseng. Haeba MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) o bontsha e mong wa lona moelelo o felletseng ka kopo nthomelle lengolo-tswibila (emeili) mme ke tla beha moelelo jwalo ka ha MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) a laela.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred