Profesi 15

Ke Motsotso O Le Mong Ho Fihlela Hara Bosiu! YAHUSHUA O Tla Ka Hora Ya Hara Bosiu!

E Filwe Moapostola Elisheva Eliyahu Ka la 2 Hlakola, 1998

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ˜Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.

* * * * * * *

Ena ke pono ya Lehodimo moo YAHUSHUA a rapellang dinku tse lahlehileng. Gabriele o letsa lenaka la shofar mme Mikaele o tsomotse sabole ya hae, o itokiseditse ho etella pele mabotho a mangeloi ntweng. YAHUVEH, Ntate, ha ho motho ya phelang ya ka bonang sefahleho sa Hae. Ditshwantsho tsa difapano ka morao ho terone di ngata haholo ho di bala di emela e mong le e mong ya amohetseng mpho ya YAHUSHUA Kalvari, hobane Yena o nkile sebaka sefapanong bakeng sa e mong le e mong wa rona.

Leqephe La Pholoso

Leqephe La Dihele

Pono ena e ne e filwe Moruti Moapostola Elisheva Eliyahu nakong ya thapelo le kgaitsedi ya rona. Setshwantsho sena se na le tlotso e kgethehileng. E bontshe moratuwa kapa motswalle ha o batla ho tseba hore na mabitso a bona a ngotswe Bukeng ya Bophelo ya Konyana, moya wa bona o hulelwa Lehodimong ha ba sena letho le lebe leo ba ka le buang ka sona.

Tlhaloso ya setshwantsho "Motsotso o le Mong ho fihlela Hara Bosiu"

Profesi e filwe Moapostola Elisheva Eliyahu. E kenyeleditswe le ho ruta.

* * * * * * *

Ho itswe ke YAHUVEH, ntle le ha setjhaba sena se ka ikokobetsa pele HA KA le pela Lehodimo le lefatshe lohle, setjhaba sena, Amerika se neng se kgethetswe ho tlisetsa NNA Thoriso, Tlotlo le Kganya, ha se sa tla hlola se hlola ntwa e nngwe hape. E bile feela ka mohau WA KA ho fihlela jwale, naha ena e dutse e lokolohile. Empa jwale, baetapele ba lona ba febile ka ho latela medimo esele, ba ipitsa BA KA, leha ho le jwalo ba soma tsohle tse halalelang. Ha ba bue leshano jwalokaha Faro ya kgopo a ile a etsa.

Hlooho ya naha ya lona mopresidente wa lona, o nyedisa tsohle tse halalelang, esita le kgalalelo ya lenyalo sefahlehong SA KA mme o isa naha ntweng eo ke sa kang ka e bitsa, empa ke tla e dumella ka lebaka la hore bohlale, le keletso le tataiso YA KA ha di botswe ke baetapele. Ba soma NNA le Lekgotla le Phahameng. Setjhaba sena se re ‘Modimo Hlohonolofatsa Amerika’. KE tla etsa jwalo, ha feela Amerika e tla boela e be tlhohonolofatso ho NNA.

O moutlwa ka lehlakoreng LA KA Amerika. Ke halefile haholo, kaha ke bone se rutwang dikolong ha bana ba lona ba dutse mahaheng a antikreste jwalokaha ho rutwa thuto ya boiphetolo eseng popo. Jwalo ka leshano le leng ka mora le leng le hlakola botle boo batswadi ba hodisitseng bana ba bona tseleng ya bomodimo bo hlothiwa ho bona. Bana ba lona ba dutse ba hlobotse mme ba hlekefetswa. Leha ho le jwalo, ha le etse letho ho ba sireletsa. E, Ke bua le Batho BA KA, e seng bahetene ba sa tsebeng ho betere. Bana ba lona ba feptjwa mantswe moo Lebitso LA KA le hlakotsweng teng mme le sebediswa feela e le lentswe la thohako. Ba rutwa ho se halalele le ho fetohela tsohle tse halalelang.

Ke hobaneng ha Batho BA KA ba emetse thoko mme ba kgutsitse? Mmino o neng o entswe bakeng sa botle le bakeng sa phodiso ya moya le bakeng sa thoriso le ho kgumamela NNA jwale o sebediswa ke dihele le satane ho isa Bana BA KA hole le kgalalelo mme sebakeng seo ba kenya meya e sa hlwekang ka hare ho bona. Na o mamela mmino wa bana ba hao? Na o hlile o nahana hore ha o na kotsi? Ba hlaselwa ke bademona ka baka la mmino. Ha o a sireletsa bana ba hao; pefo le borabele di aparela bana ba hao letsatsi le letsatsi.

Na o ela hloko dipapadi ? Tseo ke boiqapelo ho tswa diheleng. Na o ela hloko mananeo a thelevishene ao ba a shebellang? Difilimi tse tshosang tseo ba di shebellang tse thatafatsang feela dipelo tsa bona ho polao le pefo. Ho fihlela qetellong satane a ba bontsha polao ya nnete ditabeng mme ebe ba re eng? Ha ho letho le lekalo! Ho tsohela batswadi matla mme melao ya naha ena Amerika e re ke phoso ho shapa bana ba hao.

Satane o e theha hona jwale ka ho nka tlhekefetso ya bana e leng palo e fokolang mme a re, “Hlokomela, e tla hlahisa batho ba hlekefetsang bana haeba o shapa bana ba hao.” Balang Lentswe LA KA le ke keng la bua leshano. Bana ba hao ha ba manganga ka lebaka la taelo, empa ke ka lebaka la ho hloka taelo. Ke thehile marako eseng feela bakeng sa ho dula, empa le bakeng sa ho otla. Mmuso o batla ho hodisa bana ba hao. Ba se ntse ba se etsa seo mme ha o utlwisise hore ho etsahalang. Esita le dikolo di ba ruta ho mamela melao ya bona, eseng melao ya YAHUVEH. Hlompha mmuso le melao ya naha ena ke se utlwahalang ka ho hlaka Amerika kapa o tla fumana kotlo. Leha ho le jwalo ka lentswe le le leng, se buuwang, “Nyedisa kgalalelo.” Banana ba banyenyane ba na le ditokelo tsa ho ntsha mpa ntle le tsebo ya motswadi. Mebuso e le amohile ditokelo tsa lona.

Bana ba fuwa dikgohlopo mme ba bolellwa hore ba tswele pele, etsang thobalano ntle le ditlamorao. Re ke ke ra bolella batswadi ba lona. Ho etswa melao e kgothalletsang borabele kgahlanong le seo KE se rutileng. Esita le mopresidente wa lona o soma Melao YA KA e Leshome. Empa na batho baa tsotella? Ba tsotella feela, hore na e ba ama jwang. Baruti ba ka ba tshaba ho bua bakeng sa hore ba ke ke ba kgona ho lahlehelwa ke boemo ba bona ba lekgetho. KE tla le bontsha hore na le tshabe mang, hobane le tla lahlehelwa ke boemo ba lona ba lekgetho.

Lona ba shebelang fatshe baruti bao ke ba bitsitseng, jwaloka enwa eo ke mo nehang profesi jwale. O a mo soma, hobane o sebedisa tjhelete ya hae hammoho le ba bang ba fanang ka dinyehelo tsa lerato kapa karolo ya leshome empa ha ho mohla a kileng a amohela moputso. Empa o tla fumana moputso, le basebeletsi BA KA ba bang ba tshehetsang ditshebeletso ho tswa mekotleng ya bona. Le ka mohla ba sa nke, empa ba neha ba bang feela, ba tla ba le mahlohonolo, hobane Lentswe LA KA le re: Leruo la ba kgopo le boloketswe ba lokileng. KE tla nka leruo la hao ke le fe ba tla le sebedisetsa thoriso YA KA. Eseng bakeng sa bona.

KE tla hlohonolofatsa ba itetang sefuba ho ema ka Lebitso LA KA le ho kgalemela diphiri tse apereng seaparo sa nku. Leha nama ya bona e thekesela, MOYA O HALALELANG

( RUACH ha KODESH ) o a nyakalla, hobane ba mamela NNA eseng motho. Lona baruti ba kgannang dikoloi tse theko e boima tse rekilweng ka tjhelete ya phutheho e neng e lokela ho ba karolo ya leshome YA KA e halalelang. Lona baruti ba dulang matlong a borena a majaba-jaba, e tshwanelang morena eo tjhelete YA KA ya karolo ya leshome e neng e sebediswa bakeng sa yona. Lona baruti bao mmuso o ba phaphathang mokokotlong, ba rekisitseng nnete bakeng sa leshano. Na ha o bone hore o filwe tjotjo hore o kgutse kapa o tla lahlehelwa ke boemo ba hao ba ho se lefelle lekgetho?

O tla lahlehelwa ke boemo ba hao ba ho se lefelle lekgetho mme kannete ditlhohonolofatso tsa ditjhelete ho tswa hodimo a tla fela le ona. O lemositswe! Bao o ba somang ba tla o bona o tlontlolotswe ka pela lefatshe haeba o sa bake kajeno. Kgutlisetsa ho NNA karolo ya leshome le dinyehelo tse utswitsweng, o di bokelletse letsatsi leo o tla e hloka. Ha le utlwa sena, le tla tseba kahlolo YA KA mme le tsebe hore na lentswe lena le nehilwe mang. O eme pele HA KA mme matsoho a nako ke motsotso o le mong ho fihlela hara bosiu. KE kwatile ha kgalalelo e songwa ho mananeo a lona a thelevishene. Bana ba lona ba rutwa hore bosodoma ke mokgwa o mong wa bophelo. Clinton o tla etsa molao ona hore basodoma ba se ke ba kgethollwa hore na ke moruti kapa mosuwe.

Itokise! Tlhaselo ya melao e hlohleletswang ke bademona e ya tla. Empa bao e leng BA KA, le tla tseba seo le lokelang ho se bua mme le tla etsa seo ka nako ena. Mopresidente le baetapele ba naha ena ba mabapi le ho utlwa kgalefo YA KA yohle e tukang ka ho kgelosa setjhaba sena. Le se ke la thetswa, NNA ke Modimo o boulelang! Boiphetetso ke ba ka, ho bolela YAHUVEH! BAKA, ke motsotso o le mong ho fihlela hara bosiu. Jwale jwalo ka mehleng ya kgale, Eksoda 11:4, ho tla ba jwalo hape. Hobane KE rometse Mora WA KA ho le pholosa jwaloka ha KE romile Moshe ho lemosa Faro, kahoo KE romela moprofeta enwa ho le lemosa, ho kgothatsa Monyaduwa. Ke motsotso o le mong ho fihlela hara bosiu. O tlo etsang? KE buile sena ho tswa ho lekgabunyane lena, Moprofeta Elisheva Eliyahu, ho le hlokomedisa.

Ke fana ka tlhokomediso ena ho ba reng ke baetapele ba naha ena. LOKOLLA BATHO BA KA ho phela ka kgalalelo pele HA KA. Ba ke ba kgumamele NNA le tsohle tseo ke di emelang. Tlohelang Bana BA KA. Tlohelang ho ba hlorisa. Deuterenoma 28 dithohako di boloketswe ba sa mameleng. Eksoda 11:4 e tla ba kahlolo ya lona hang hape. Kgutlelang ho Modimo wa baholo-holo ba lona hape. Kgutlelang morao baetapele ba setjhaba sena mme le be baetapele ba tletseng MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) ba setjhaba sena. Kgalemela sebe mme le ahlole bokgopo kapa qetello ya Faro e tla ba ya lona. LOKOLLANG BATHO BA KA, ho rialo YAHUVEH!

KE tla boela ke pake hore ha ke Modimo ya songwang kapa le tla iphaphanyetsa yena. Amerika itokise! Lefatshe itokise! Dira tsa Evangedi ya YAHUSHUA MESIA itokise. Bao e seng BA KA ba tla boela ba bone karohano pakeng tsa bao ba kgumamelang NNA , le bao NNA ba ntlhoileng le tsohle tse halalelang. O tla bona kamoo KE tla ahlolang bahetene kateng, mme o tla bona ka mahlo a hao tsela eo KE sireletsang bahalaledi ka yona, le kamoo ke ahlolang kateng le bohle ba tshehetsang sebe. Maruo ohle a hao a ke ke a kgona ho thibela seo Modimo o Matla Ohle YAHUVEH a tlang ho se etsa.

O hopola sewa sa dikhoto se ileng sa theohela Ntlo E Tshweu (White House)? Hobane KE rometse Baporofeta BA KA, mme ha le a ka la mamela. Ke rometse diprofesi TSA KA mme la di tjhesa. LA SOMA! Se tla eba kgolo ho feta pele. Baka pele ho ba morao nakong. Ke motsotso o le mong ho fihlela hara bosiu. Nako e sa le teng pele KE isa Bana BA KA hae le NNA mme setjhaba sena se tla tsikitlanya meno ke bohloko hobane se ile sa soma Modimo e moholo YAHUVEH le YAHUSHUA! Hara bosiu kgalefo YA KA e tla wa. Ha le tsebe hore na hara bosiu bofe ke tla romela YAHUSHUA, Mora waka ya ratwang. Itokise Monyaduwa; mahlohonolo a hao a sa tla fihla.

* * * * * * *

E Filwe ngwana, mohlabani, Monyaduwa wa YAHUSHUA MESIA,

Moruti Elisheva Eliyahu

Ka la 2/2/98 6:20 hoseng.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred