Profesi 147

2020 Thapelo ya Pholoso ya Maikutlo, YAHUSHUA MESIA o emetse hore Wena o bue E builwe ka tlasa ho Tlotswa ka matla ke MOYA O HALALELANG

Ho Mopostola, Moprofeta Elisheva Eliyahu E amohetswe 16 Pudungwana – E lokollotswe 26 Pudungwana – 2019

Thapelo Ya Pholoso ena, e fumanwe ho tswa ho YAHUVEH, YAHUSHUA LE RUACH HA KODESH/ MOYA O HALALELANG YA RATEHANG ho Mopostola Elisheva Eliyahu dilemo tse 25 tse fetileng. Thapelo ena ya maikutlo ha e so ka ya etswa botjha ho fihlela jwale.

Hobane ha o so pholoswe, mme ha o so nehele bophelo ba hao ho YAHUSHUA, kapa o kgutletse sebeng, rea ho khothatsa—mme re ho khothatsa haholo—o bue thapelo ena ya pholoso le Elisheva, hoba ke yena a e ngotseng.

Ha ho hlokahala e mamele makgetlo a mmalwa, mme thapelo ena e kene moyeng wa hao.

Mme hape, e phete, e bale le Elisheva Eliyahu ka pelo ya hao eohle, le moya wa hao kaofela mme o pholosoe, hobane hosane o tla be o fetiloe ke nako. Amohela pholoso mme o nee bophelo ba ha ho YAHUSHUA MESIA. Hona jwale.

* * * * * * *

Ka tlase ke thapelo ya pholoso ya seporofeto kamoo e hlahileng ka teng. Re sebedisa MABITSO A SEHEBERU a MODIMO:

Joalo ka Alleluya (Halellu YAH) e bolela hore “Rorisa YAH”, YAH ke LEBITSO LA MODIMO, LE HALALELANG: YAHUVEH kapa YAHWEH, NTATE MODIMO; YAHUSHUA, MORA A NNOTSHI WA MODIMO—(HA MASHIACH e bolela hore KE MESIA A LE MONG; ELOHIM e bolela hore KE MODIMO. Tshenolo ya SH’HKINYAH GLORY—-ke LEBITSO la RUACH HA KODESH (ka Sesotho “Ke MOYA O HALALELANG”) e ya fumaneha mona. (HA SH’KHINAH {SHEKINAH} ka SEHEBERU ke BOTENG, BA KGALALELO YA MODIMO.)

Ha re tlatseletsa, ABBA YAH e bolela hore “NTATE YAH” e be IMMA YAH,

“MME YAH.” Ka Seheberu, MOYA WA MODIMO ke botshehadi, e be re re “BOTSHEHADI,” e be e hlahiswa jwalo mona ho Profesi le mangolong a khethilweng ka tlase. Ditshupiso tse otlolohileng tsa MODIMO di ka tlhaka tse kgolo.

Mangolo a kgethilweng ke KJV/NJKV kapa CJB, kantle le hore a hlahisitswe ka tsela enngwe.

* * * * * * *

Tlhokomediso ya YAHUVEH pele ho Diprofesi:

Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisabeth [Elisheva], hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna ka mosadi. Le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao

Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng

Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana.

Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. “KE NNA MORENA YAHUVEH: Ke LEBITSO LA KA LEO: Ha ho le jwalo KGALALELO YAKA, NNA nka se e nehe e mong, Le THORISO YAKA ditshwantshong tse betlilweng” (Esaia 42:8).

(Profesi 105)

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

Thapelo ya Pholoso ya Seporofeto e ya Qala

Thapelo ena e tlalehilwe ka sehatisi. Ke ona mongolo wa teng.

MORATUWA YA RATEHANG YAHUSHUA MESIA,

Ke nehela bophelo baka ho WENA jwale. Ke kopa WENA o phele bophelo ba hao ka hare ho nna. Ke kopa WENA o bope ka hare ho nna pelo e hlwekileng (Pesaleme 51).

Ke amohela WENA YAHUSHUA MESIA hona jwanong, jwale ka MMUSI wa bophelo baka, le MESIA le MOPHOLOSI waka. KE wena MODIMO waka e ke mo kgumamelang le e ke mo ratang, e ke mo hlokang, le e ke mo batlang le ho mo lakatsa.

Ke kopa o ntshwarele dibe tsaka. Ke a tseba hore bohle re entse sebe, mme re a haellwa ke KHANYA ya MMOPI (BAETSI) ba rona (Baroma 3:23). Ntshwarele YAHUSHUA, ntlhatswe ke hlweke, ntlhatswe ke hlweke, Ke ipolela dibe tsaka ho WENA, ke di beha maotong a Sefapano sa Kalvari, moo WENA o thakgisitsweng, le ho hlokofatsoa, le moo WENA o ile wa shoa ka hora tse tharo, (Mateu 27: 45-46).

Mme hamorao WENA o itse “ho fedile”. (Johanne 19:30) Le ha ho le jwalo WENA ha o wa dula o shoele, ( Diketso 2:24; Baheberu 7:16) Ka letsatsi la boraro, WENA o ile wa tsoha bafung, ka pela dipaki, (Dik 2:32; 1 Bakorinthe 15:4), mme ka matsatsi a mashome a mane o tsamaile lefatsheng lena, (Dik 1:3;1 Bak 15:3-8) ho fihlela WENA o nyolohela o kgutlela Lehodimong ka pela dipaki.(Dik 1:9).

YAHUSHUA MESIA ba bang ba o bitsa “JESO KRESTE”, ke phatlalatsa Lebitso la HAO la Seheberu pele ho nako ya mahlomola a maholo. Lebitso le sebediswa jwalo ka lentswe la thohako ha bare “JESO KRESTE” mme ba ka se leke ho bua lentswe la thohako ka mohammed kapa allah kapa buddha kapa yena satane—- empa ba rohaka LEBITSO LE PHAHAMENG HO FETA MABITSO OHLE, ENNGWE YA DIKAROLO TSA BORARO BO BONG BO HALALELANG.

Hoba ke WENA MORA a le Mong ya emotsoeng ke NTATE YAHUVEH LE MOYA O HALALELANG, mme WENA le BORARO BO BONG BO HALALELANG, mme ha ho e mong; Ke WENA MMOPI (BAETSI), WENA o LENTSWE LE ENTSWENG NAMA (Johanne 1:14)

O hle YAHUSHUA, ntshwarele, YAHUSHUA MESIA! Kahodimo ha sefapano ho ngotsoe mantsoe a reng “MORENA WA ISRAELE” mme ha ba kgona ho le theola, (Johanne 19:18-22), hoba WENA o tla kgutla ho Busa le ho Rena (Esaia 9:7; Mateu 25:31; Tshenolo 1:7)!

Mme he, YAHUSHUA, Monyaduwa wa YAHUSHUA o re: “Tloho YAHUSHUA, tloho…” (Tsh 22:17, 20) empa ha se bohle ba loketseng ho ba Monyaduwa wa YAHUSHUA, mme WENA o re mo Bukeng ya Tshenolo: “Ho Lehlohonolo bohle ba bileditsweng Mokete wa Lenyalo la KONYANA” (Tshenolo 19:9).

O hle YAHUSHUA MESIA, ntshwarele dibe tsaka, Ntlhatswe!

Ntlhatswe ke hlweke KA SEHLABELO SE HLOEKILENG SE HALALELANG SA MADI! Eitse hoba WENA o tsamaye lefatsheng dilemo tse mashome a mararo le metso e meraro, WENA ha o na monahano wa sebe (2 Bak 5:21; 1 Joh 3:5), WENA ha o na ketso ya sebe (1 Petrose 2:22), le ha WENA o ile wa lekwa ka sebe se seng le se seng (Bah 4:15). WENA o jweditse diabolose a lo wela hole kwa (Mateu 4; Luka 4; Mareka 1:12-13) — ha a na taolo ho WENA (Joh 14:30).

Mme a ka se be le taolo ho nna (1 Joh 5:18) kamorao hore ke buwe Thapelo ya Pholoso.

O hle YAHUSHUA MESIA, ke dumela hore WENA o lefile THEKO bakeng sa dibe tsaka—kwana Kalvari—WENA o thakgisitswe, WENA o hlokofaditswe, WENA ba o kgesitse, WENA ba o tshwetse ka mathe (Mar 15:16-19), diaparo tsa HAO, WENA ba o hlobodisitse tsona (Mateu 27:28), jwale kaha masole a bapetse ka tjhelete bakeng sa diaparo tsa HAO. (Joh 19:23-24).

O hle YAHUSHUA MESIA, ntshwarele!

Mme beha RUACH HA KODESH, MOYA O HALALELANG ka hare ho nna! Ke kopa o ntjwetse ha ke etsa hantle le ha ke etsa hampe! Romella MOTSHEDISI. Ke kopa MOTSHEDISI a kene ho nna jwale (Joh 14:16).

Hoba kea tseba WENA ha o wa dula o shwele, empa WENA o tsohile bafung ka letsatsi la boraro, jwale ka ha lefika le leholo le ile la tloswa , leo masole a neng a le beile—- ebile a le lebeletse ( Mateu 27:65-66)— feela ha la o thibella hore WENA ka letsatsi la boraro; lefika le tloswe (Mateu 28:1-7; Mar 16:1-11; Luka 24:2).

Ke kopa WENA o kene ka hare ho pelo yaka, ntshwarele dibe tsaka. Ke ipolela dibe tsaka tsohle ho WENA, ebile ke di bitsa tsohle ka mabitso! Mme kea di furalla tsohle—-hobane ke hlatsitsoe hore ke hlweke bobeng bohle beka, le ditshila tsohle tsa lefatshe lena.

Ke nehela bophelo baka le lerato laka ho WENA. Nkeke WENA ka ho pheha. O hle YAHUSHUA MESIA, WENA o itse le ha e ne e le nna feela, ha e be e ne e le nna feela ke llela mohau…WENA o tla tshwarela mme dibe tsaka di tlaba hole jwaloka ha botjhabela bo le hole le bophirimela. (Pesaleme 103:12)

WENA o itse hona le sebe se le seng, se keke sa tshwarelwa, mme ke nyefolo ya RUACH HA KODESH, MOYA O HALALELANG O BONOLO. (Mateu 12:32).

O hle MORATUWA YAHUSHUA, nka se bue Thapelo ena jwaloka ka motho ya nyefolang, ntle le haebe e le ho phoqa. Mme ha ke phoqe. Kannete kea dumela ka pelo yaka yohle mme nka se belaele.

Hona le NNETE E LE NNGWE, LE TSELA LE BOPHELO ho ya Lehodimong! Hona le MORAPELLI A LE MONG FEELA! LEBITSO LE LENG FEELA, leo ABBA YAHUVEH NTATE YA HALALELANG a tlang ho mamela thapelo ka lona, e leng LEBITSO LA HAO, YAHUSHUA MESIA (Joh 14:6; Dik 4:12; 1 Tim 2:5).

Ke masoabi haholo! Ke masoabi haholo, Ke entse sebe se seholo kgahlanong le WENA, empa ke a phahama—-Ha ke dule ke oele.

Ke a phahama mme ke tla ho WENA ke itshoarella ka thata sefapanong sa Kalvari moo WENA o ntjhwetseng le moo WENA o buileng mantswe ho fedile.

Ke furalla dibe tsohle. Ke kgalema satane le bohle ba e leng karolo le yena! Ke kgalema ho hloka kgalalelo ka LEBITSO LE KA MADI A YAHUSHUA MESIA—-le tla dula molomong waka ka nako tsohle.

Ke tla ithuta le ho iponahatsa ke amolehile (2 Tim 2:15). Ke tla bala Testamente e Ntjha; ke tla bala le ho tseba hore ke WENA Torah, Molao ho tloha qalong ho fihlela qetelong, ho tloha ho GENESE ho Tshenolo (Tsh 22:13).

Ke leboha WENA hona jwale ho ntlatsa MOYA O HALALELANG WA HAO, RUACH HA KODESH, MME YAH, BOTENG BA KGALALELO YA MODIMO YAHUVEH. Mme ke leboha o nneile takatso ya ho sebeletsa WENA matsatsi a ka ohle a bophelo baka. Ke leboha WENA o nneile takatso ya hore o phele bophelo ba HAO ka hare ho nna.

OHO hle YAHUSHUA phela bophelo ba HAO ka hare ho nna.

Ke neha bophelo baka le moya waka ho WENA. Kelello yaka le mmele waka ke tsa HAO. Ke lebohile haholo, ke na le MESIA!

Hona le SEHLABELO SA MADI! Jwaloka ka ho ngotswe, Kantle le tshollo ya madi ha hona tshwarelo ya sebe’ (Bah 9:22; Levi 17:11). E be madi a diphofoolo tse neng e le dihlabelo Testamenteng ya Kgale, Selekane sa Madi sa Kgale, hone ho sa kgonahale hore se tla kgotsofatsa NTATE YAHUVEH (Bah 10:4-10). Hoba sebe se ne se le seholo, YENA o ile a tlameha ho romela MORA WA HAE A NNOTSHI hore’ mang kapa mang ya tla dumela ho YENA’—a seke a timela, empa a be le Bophelo bo sa Feleng’ (Joh 3:16)

Ke leboha WENA ho ntlatsa ka tumelo hore ke dumele ke se belaele.

Ake LEBITSO LA HAO le tlotlisoe ka molomo ona ka tsohle ke tla di etsa ho tloha ha jwale. WENA mpontshe hore ke o sebeletse jwang. Wena mpontshe hore ke o tlotlise jwang. WENA mpontshe hore ke o phahamise jwang.

Ke leboha WENA ha o ntokollotse bokgobeng. Ke leboha WENA ha o ntokollotse sebeng sohle!

Le ha nkeke be ka phethahala, ke leboha WENA, ke leboha WENA ke tla kgona ho bua, mme ke otlolle letsoho ho WENA hape ke re,” YAHUSHUA, ke wele, ke kopa o ntshwarele! Empa nkeke ka rera ho etsa sebe. Nka se utlwise WENA bohloko jwalo ka boomo.

Ke leboha WENA ho nneha takatso ya ho bala Bibele, haholo tsohle ka WENA. Ke leboha ho nthusa hore ke utlwisise seo Elisheva Eliyahu a se rutang jwale ka Modumedi wa Mojuda.

Yena o re ruta Mangolo a bibele a Seheberu le Torah e tswa ho Genese ho ya ho Tshenolo—-LEBITSO LA HAO le teng, ha e be ba tseba Seheberu, ba ne batla bona—-WENA o jweditse Elisheva Eliyahu, WENA o mo rutile hore Torah, Testamente ya Kgale, e ne e le tjhebopele ya mohla WENA o tla fihla. WENA o tla ba le moralo o betere. (Bah 8:6-12).

Moshe o entse seo a neng a tlameile ho se etsa. Hoba nako e ne e so fihle hore WENA o tswalwe, empa le madi, a neng a le dikoseneng tsa menyako, tsa sehlabelo sa konyana (Eksoda 12:7) e ne e le tjhebopele ya HAO YAHUSHUA MESIA—HA MADI A HAO, a tla pholosa e be lengeloi la lefu la lokelwa ke ho se ame ba ka hare le hore dithohako di sa fihla ho bona, hobane kannete ba ne ba rapela NTATE YAHUVEH.

Ke leboha ha o mphile bohlale ba ho utlwisisa Mangolo a Halalelang le di Profesi tse Halalelang tseo WENA 0 di buileng ho tswa ho Tshebeletso ya AmightyWind.

Ke leboha WENA ho nthata le ho pholosa moya wa ka. WENA o itse le ha e ne e le nna feela, WENA o nkabe o ile sefapanong sa Kalvari, WENA o nkabe o hlokofaditsoe, WENA nkabe o otlilwe. Mme ka metopa ya HAO, WENA o itse, Ke fodisitsoe. (Es 53:5).

WENA ha oa kgaotsa feela ka pholoso, empa o dumelletse satane ko kena ho mohlokofatsi ya otlileng WENA makgetlo a mashome a metso e robong, ka sephadi se sa tlwaelehang, empa sephadi se nang le dikotwana tsa tshepe le majwe, le eng ka eng e ka kgakgola le ho tabola Letlalo la HAO dikotwana, hore WENA o seke wa bonahala o le motho (Es 52:14; 53:3) e be ba o qobella ho jara sefapano se boima ba makgolokgolo ho nyolehela leralleng la Golgotha. (Joh 19:17).

Nthuse O hle YAHUSHUA hore tumelo ya ka e hole letsatsi ka leng, O hle YAHUSHUA MESIA, hore ka tsatsi le leng ke be le WENA Lehodimong mme WENA o nkamohele le ho aka.

Ke tlaba teng ho Selallo sa Lenyalo la Konyana, nkeke ka ho pheha WENA le ha ho tla fihla nako ya hore re ke behe bophelo baka fatshe, jwaloka ka ha batla re qobella—hore batho ba shwele tumelo ya bona. E be Monyaduwa wa YAHUSHUA MESIA o tla ba le bopaki jwale ka Enoke.

Nthuse ke be le matla ho WENA.

Ntlatse ka RUACH HA KODESH, MOYA O HALALELANG, o kgapatsehang hona jwale, ntopolle ho e mobe ya bitswang satane KA LEBITSO LA HAO YAHUSHUA MESIA! Ha mademona a balehe ka tsela tse supileng tse fapaneng, hoba ke wa

HAO, YAHUSHUA MESIA, ha ke bua thapelo ena, mme ke tla e rapela, mme ke tla tselwa pele ho e rapela letsatsi le leng le leng, ho fihlela e kena moyeng le bothong baka, kelellong yaka le mmeleng waka.

O hle YAHUSHUA, nthuse, YAHUSHUA, ho hopola hore bohle re entse sebe mme re haellwa ke KGALALELO ya NTATE YAHUVEH (Bar 3:23).

WENA o tlile ho pholosa rona baetsadibe ke kahoo WENA o leng MOPHOLOSI, MESIA wa rona. Ke wena O LE MONG O LENG TSELA FEELA HO YA LEHODIMONG. (Joh 14:6). LEBITSO LA HAO KE PHOLOSO—”-YAH WA PHOLOSA.” Ha se Yes-shua! Seo se tlosa Bomodimo ba LEBITSO LA HAO. WENA O reilwe ka lebitso la NTATE, mme LEBITSO LA NTATE, YAH, le teng ho LEBITSO LA HAO. Ke seo ke se rutilweng letsatsing lena.

Nthuse hle, YAHUSHUA MESIA! Leha ho se ba tsamayang le nna, ntse ke tla o latela.

Nthuse hle, YAHUSHUA MESIA! Hoba ke a tseba hore ke tla hlorisoa ka baka la LEBITSO LA HAO (Joh 15:20).

Nthuse hle, YAHUSHUA MESIA. Nkeke ka lahla tumelo ya ka hore KE WENA mang. Letsatsi lena ke tswetswe la bobedi, ke hlatsitswe ka MADI, ke rekiloe ka MADI! Moya waka ha o rekisoe!

Ke wa HAO, YAHUSHUA MESIA, mme ka lebaka leo nka jwetsa satane, jwaleka ho ngotswe, “Ikokobetse ho LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA, mme le hanele diabolose, e be o tla balehela hole le nna (Jakobo 4:7). Mme ho “ikokobetsa” ho bolela ke tla obamela WENA.

Ke tla obamela Melao e Leshome: ke tla obamela Mekete e Halalelang tsa Ntate YAHUVEH tseo a di beileng ho tlisa tlotliso ho BORARO BO TERONENG— NTATE YAHUVEH, YAHUSHUA MESIA LE RUACH HA KODESH, MOYA O HALALELANG YA BONOLO. Ke tla hlonepha letsatsi la Sabbata, mme ke le boloke le Halalela (Eks 20:8; Bah 4:9), mme ha se leshano la Sontaha.

Nthuse hle, NTATE WA RONA YA LEHODIMONG, ho emela dinnete tsa Tshebeletso Ya AmightyWind, le dinnete tse leng ho DiProfesi. Ke kopa ke seke ka fetoha sera se kgesitsweng.

O hle YAHUSHUA MESIA, kea ho kgumamela, kea ho rorisa, kea ho rata, mme ke kgahlwa ke WENA. Ke leboha WENA ho kena ka hare ho pelo ya ka.

Ka tumelo ke dumela hore bokgoba bo balehile ho nna. Moleko o mong le o mong wa ho etsa sebe o tsamaile. Mme ha ke lekwa, nkgopotse ho bitsa LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA, Ke kgumamela WENA.

O hle NTATE YAHUVEH, ke tla jwale ka LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA, mme ke tla pela Terone ya HAO, ke kopa thuso ya HAO.

Hoba YAHUSHUA o ntjweditse hore pele: Ha ho motho ya tlileng ho WENA, e be thapelo e ya arabelwa, ntle le hore e be ka LEBITSO le ka MADI A YAHUSHUA MESIA (Joh 14:6, 13-14).

Ke tla bala thapelo ena, mme ke tla utlwa thapelo ena. Hobane e builwe ka tlasa Matla a MOYA O HALALELANG. Mme le Elisheva Eliyahu o ne a sa tsebe lentswe le latelang ho tloha ho la pele, leo a tla le bua. (Ho ba WENA o beile thapelo e Ntjha molomong wa hae. Hobane le thapelo ya kgale e fetile, mme e se e le ntjha). Kahoo ke tla e bua e seng ka tsebo ya hlooho, empa ka pelo ya ka yohle.

Ke a dumela ka tumelo mme ke tla hopola, hore YAHUSHUA MESIA ha se feela MODIMO hape le MORENA waka —- le MORENA WA ISRAELE YA TLA FIHLA HAUFINYANE le MORA A LE MONG WA YAHUVEH, YENA ke MESIA waka, YENA ke MOPHEKODI waka, ke MOLOPOLLI waka, ke TSOHO yaka! Mme YENA ke MOTSWALLE WA SEBELE waka, YENA ya ke keng a ntshiya kapa ho ntlohela (Deuteronoma 31:6; Mateu 28:20)!

Le ha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nka se tshohe bobe le ha bo le bong, hoba YENA o na le nna (Pes 23:4)! Ke tshwarella ho Pesaleme 91, mme ke tshwarella ho Pesaleme 23. Hobane ke a tseba, YAHUSHUA MESIA, WENA o nthata haholo feela!

WENA o nthata haholo feela WENA o ntlisitse moo thapelo ena e le teng. WENA o nthata kamoo ke leng ka teng. WENA o nthata haholo feela, WENA o itse, “Jwale ke tla ho etsa betere, ke tla phahamisa ha botjha, moya wa nnete ka hare ho wena, ke kgone hore wena o ya kgahlisang ho NNA, mme ke sa hlola ke ho bitsa mosebeletsi wa sebe.”

YAHUSHUA, WENA o lefile THEKO bakeng sa dibe tsaka, mme jwale ha ho hlokahale hore ke ikutloe ke le molato kapa ke ahlotswe hape. Hoba ke ipoletse sebe se seng le seng se ditshila pela HAO, YAHUSHUA MESIA. Ke di boletse ka mabitso, ke llile dikeledi ka baka la tsona, mme ke o jweditse WENA hore ke masoabi haholo, mme WENA o itse, “Ngwanaka, ke a ho tshwarela. Jwale o tlameile ho ba le tumelo” mme “tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng” (Bah 11:1)

Le ha ke sa utlwa lentswe la hao jwaleka Moporofeta Elisheva Eliyahu, ke ya tseba hore WENA o wa nkutlwa! Ke ya tseba hore WENA o wa mpona, ke ya tseba hore ke ngwana wa NTATE YAHUVEH, WENA, YAHUSHUA MESIA, LE WENA, RUACH HA KODESH YA RATEHANG, MOYA O HALALELANG, IMMAYAH!

Dibe tsaka tsohle jwale di tshwaretswe! Mme ha hona letshwao la ho “tshwasa ditlhapi’ mona. A le mong feela a ka ya moo, ke ha nna ke kgetha ho hopola dibe tsaka tse fetileng, e be ke ikutlwa ke le ditshila hape ka tsona.

Mme ke ka nako eo WENA o mpolelletseng, YAHUSHUA, hore ke bolelle satane, “Ke tshwaretswe! Moya waka ke wa hao YAHUSHUA MESIA!” e be ha nkgopotsa ka nako e fetileng, nna ke tla mo hopotsa ka bokamoso [ba hae], mme ke sekoti se nang pheletso ka ho sa feleng le letsha la mollo.

Ke a tseba jwale hore sebe ke eng kapa eng eo ke e entseng, e sa thabiseng NTATE YA HALALELANG YAHUVEH LE WENA YAHUSHUA LE WENA MOYA O HALALELANG (RUACH HA KODESH). Ke a tseba hore bohle re sebeletsa pholoso ya rona ka tshabo le ka thothomelo (Bafilipi 2:12), mme tsohle tse entsweng ntweng Lehodimong kgahlanong le satane, ntwa eo e tlisitswe tlase mona lefatsheng (Tsh 12:12-17) mme ke tla lwana le yena!

Ke tla lwana le satane le bohle ba sa halaleleng le yena, le bohle ba kgesitsweng, ke tla lwana le bona! E seng ka matla a ka, e seng ka borena ba ka, empa ke ka ho Tlotswa ka matla ke MOYA O HALALELANG (Zak 4:6)

Ke tla ithuta hore KE WENA mang, YAHUSHUA MESIA. Hoba Johanne 3:16 [ molaetsa wa evangeli—-Bibele e mpolella hore ke o bolele WENA jwaleka MMUSI wa bophelo baka, MORENA waka, le MOPHOLOSI le MESIA waka

Ke tla hopola hore le ka mohla o le mong ke se hlajwe ke dihlong ke LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA, le ka mohla o le mong ke se hlajwe ke dihlong ke dinnete le ditshenolo tse ke tla dirutwa. Hoba YAHUSHUA MESIA ha hlabiswe dihlong ke nna

Ke tla bolella motho e ke mo tshepang hore kajeno ke entse qeto ka bophelo baka.

Ke letsatsi la ka la tswalo, letsatsi le ke buwang thapelo ena ka kelello ya ka yohle, le pelo ya ka yohle, le mmele le moya wa ka–mme moya waka ke wa hao YAHUSHUA.

Ke amohetswe WENA, YAHUSHUA wa Kalvari le Nazaretha, ya tswetseng Betlhelehema, bobedi o MODIMO KA MOYA LE MODIMO KA NAMA. Empa ke nama, le moya, tse fanyehilweng sefapanong sa Kalvari.

Letsatsing lena ke a tseba mangeloi ohle Lehodimong a thabile! Ba thabile ebile ba bina ka thabo, mme ha ho sena ya thabang le nna lefatsheng lena, le ha ho sena motho ya nthatang kapa ho amohela motho eo ke leng yena, ke a tseba WENA o thabile hape ke a tseba le mangeloi ohle a thabile. Hoba ke seo Bibele e se buwang (Luka 15:10).

Ke a tseba hore Mopostola Moporofeta, Moruti Elisheva Eliyahu, o nthabetse hona jwale. Ebile o itse, ha ke hloka Moruti, ke na le yena, hape ke a tseba hore ke amohetswe ke Tshebeletso ya AmightyWind.com eo e leng ka dipuo tse 51 tse fapaneng, ho pota lefatshe, ba bitsang ho WENA.

Rona ha re bang. Mme ba mpolella ho re ke amohetswe, hape bohle ba nkemetse hore ke ngolle Elisheva ke mo bolelle hore ke amohetse WENA, YAHUSHUA MESIA le ha [ e be ho hlokahala] ke ne ke le Mojuda wa Orthodox ( mme ke bua [moyeng] ho na jwale ho bao [e leng] Majuda a Orthodox, le bona ba amohelwa ho tla ho YAHUSHUA MESIA kamoo le nna ke tlileng ho WENA kajeno)—-

Mme hle ke lebelletse, WENA, YAHUSHUA MESIA o tla nkaka le ho ntshwarela haufinyane e be o aka marama aka. Ke lebelletse ho ba Selallong sa Lenyalo la KONYANA! Ke le Monyaduwa kapa Moeti, ke tla tjeka le WENA YAHUSHUA, motjeko wa Majuda.

Ke leboha ha o ntshwaretse. Ke ikutlwa ke hlwekile jwale. Ke leboha WENA, YAHUSHUA MESIA.

Nthuse hore ke hole ka potlako ho WENA! Nthuse! Mphe temoho e eketsehileng! Hona le baporofeta ba bohata kantle kamoo (1 Joh 4:1), ba bangata ba ipolela hore ke BaKreste le ha ho le jwalo ba foofo mme WENA O tlo ba tshwela kantle, hlatsetsa kantle ho molomo wa HAO jwaleka ha Buka ya Tshenolo e bua (Tsh 3:16).

O hle YAHUSHUA MESIA, tlisa modumedi e mong ho nna, hore ke se tsamaye ke le mong leeto lena, empa ha e be ke tlameile, ha ho be jwalo. Hoba ha ke tsamaye ke le mong, ke tsamaya le WENA MOTSWALLE WA SEBELE, MESIA waka, MORENA LE MODIMO waka, MOPHOLOSI waka, ke na le WENA, YAHUSHUA MESIA.

Ke leboha WENA ka Mpho ya Bophelo bo sa Feeleng bo ke bo amohetseng kajeno lena, ke tsebe hore lebitso laka le ngotswe Bukeng ya Bophelo ya KONYANA. Ke kopa o le boloke moo, mme le seke la hlakolwa (Tsh 3:5), ke thapelo ya ka, seke wa nka RUACH HA KODESH, MOYA O HALALELANG, ho nna (Pes 51:11). Sebakeng seo, ke kopa o nyolle matla a MOYA O HALALELANG ka hare ho nna.

Ke thapelo ya ka e ke kopang ka letsatsi lena la nnete la tswalo.

Ke buile Thapelo ena ya Pholoso —- ka LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA—-Ke a tseba hore ke tla hloiwa haholo mona lefatsheng, ho feta ho ratuwa, jwaleka ha WENA o ne o tsamaya lefatsheng hona jwale, ba ne batla hloya WENA bakeng la kgalalelo ya HAO.

Ke leboha WENA YAHUSHUA MESIA. Ke a tseba hobane ha satane a ntlhoile, le bademona ba hae le ba kgesitsweng ba ntlhoile, mme ba mpitsa lehlanya, kea tseba hore kannete ke wa HAO, YAHUSHUA MESIA (Joh 15:18-19).

Mme ke tswetswe la botjha letsatsing lena (1 Pet 1:23)! Ke hlatsitswe ka MADI ke rekilwe ka MADI! Mme moya waka ha e sa le waka, o matsohong a HAO, YAHUSHUA MESIA.

Amen.

Qetello ya Thapelo ya Boprofeta

Ho boletswe jwalo, ho ngotswe jwalo.

Letsatsing lena ka LEBITSO LA YAHUSHUA MESIA.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred