Profesi 14

Baka Amerika, Madi a Matsohong a Hao!

Profesi e filwe Moapostola Elisheva Eliyahu Ka la 10 Mmesa, 1993

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ˜Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.

* * * * * * *

Balefa-lekgetho hlokomelang, madi a masea a eso tswalwe a tla ba matsohong a Bakreste bohle le bao e seng Bakreste, haeba Clinton a ka atleha hore mmuso o lefelle ho ntsha ha dimpa. Bohle ba nang le ditsebe ho mamela ba utlwa, ba bang kaofela ba sale ba sa utlwe. Lona bao le ka mohla le ke keng la bolaya masea a lona le tla be le baka polao e kakaang ya ho ntsha dimpa, ka ho dumella mmuso ho sebedisa tjhelete tsa lona tsa lekgetho ho lefella botlokotsebe bona bo nyarosang kgahlanong le YAHUVEH le Motho. O ke ke wa lefa bakeng sa ho ntsha mpa e le nngwe, polao e le nngwe, empa ho tla shwa masea a dimilione tse se nang palo, mme ka tjhelete eo ke o fileng yona hore o atlehe.

Madi ana a se nang molato a tla ba matsohong a hao kaofela. Kgalefo e tla wela hodima setjhaba sena le lefatshe ka botlalo, mme lona batho BA KA NNA le tla be le nkgalefisitse ka ho kgutsa. Hlokomela hore ha ke Modimo ya lerato feela, empa ke Modimo wa kgalefo e matla ha ke halefile. Qala ho ipelaetsa hona jwale. Mantswe a lona a utlwahale. Emela seo o tsebang hore se nepahetse, hona jwale pele nako e ba morao haholo. Clinton o dumella bosodoma ditshebeletsong tse hlometseng. O batla hore le tshehetse mokgwa ona wa boetsadibe.

Lona Bana BA KA, lona balefalekgetho le tla be le e dumella ka ho lefa meputso ya bona, mme ka ho etsa sena NNA nke ke ka hlola ke hlohonolofatsa Amerika. Amerika ha e sa tla hlola e hlola ntwa e nngwe ya lefatshe, e bile ka mohau WA KA feela, naha ena ha e so lahlehelwe ho fihlela jwale. Bohle ba nang le ditsebe ho utlwa, mamela, ba bang kaofela ba sale ba sa utlwe.

Lona ba bitsitsweng ka Lebitso LA KA (Bakreste) ha lea etsa letho, ho thibela polao ena e sehloho ho bana ba eso tswalwe. O rapela Modimo wa hao hore a emise sena, empa ha o etse letho le leng. Ke ba fokolang ba behang botumo ba bona, tokoloho, ditjhelete le maphelo a bona fatshe. Bana ke Bana BA KA bao KE leng motlotlo ka bona, mme mahlohonolo a bona a tla ba maholo lehodimong. A Lentswe LA KA ha le re, ha ho motho ya nang le lerato le fetisang kantle le ya telang e mong bophelo ba hae? Bana ke bona ba ke keng ba eba le madi matsohong a bona a bao ba ntshang mpa hobane ba entse se fetang ho bua feela. Ba tshehetsa boipelaetso ba bona ka diketso.

“Tumelo e se nang mesebetsi e shwele!” Ha Bana BA KA ba fihla hae lehodimong, na le batla hore masea ohle a so ka a tswalwa a tle ho lona ho tla botsa hore na ke hobaneng ha tjhelete ya lona e lefelletse lefu la bona? Ke hobaneng ha o sa ka wa leka ka matla ho thibela polao ya masea ka mpeng, ho bolella mmuso tjhe? Batho ba YAHUVEH ba na le matla a mangata ho YAHUSHUA (Jesu) ho feta bahetene le medimo ya bona ya bohata! E netefatse, ka ho ema ka Lebitso LA KA. Mmuso o tsebe hore ho lekane. Bana BA KA, bonang pono ena ya matsoho a hlwekileng, jwale bonang matsoho a kolobileng madi, jwale bonang madi a tloha matsohong.

Haeba matsoho a hao a kolobisitswe ka tlotso ya MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) mme o beha diketso, ditjhelete ka morao ho dithapelo tsena mme o lemosa batho, ho ipelaetsa ho mmuso le ho hana ho dumella tjhelete ya hao ho ya ho dipolao tsa masea a se nang molato. Ke moo le lona le ke keng la ba le madi a masea a se nang molato matsohong a lona. Ha o ntse o ipelaetsa le ho rapela haholo, madi a tla fokotseha matsohong a hao. Ba nang le ditsebe tsa ho utlwa ba mamele, ba bang kaofela ba sale ba sa utlwe ditsebeng.

Tsebisa White House, Batho BA KA ba ke ke ba amohela madi a masea a se nang molato matsohong a bona, leha e le hona ho amohela monko wa dibe tsa basodoma, mme le hana ho lefella ditshebeletso tsa sesole tse dumellang basodoma le mekgwa ya bona ya bophelo. Se dumelle dikolo tsa setjhaba ho ruta mashano ana a nyedisang le ho silafatsa batjha ba setjhaba sena, ba isa dimilione diheleng.

Bosodoma bo ka palo e fokolang hona jwale empa ho ke ke ha dula ho le jwalo, haeba sena se rutwa e le mokgwa o amohelehang wa bophelo dikolong, hape hlokomela. Balefakgetho, le lefella dikolo tsena, mme sebe sena se tla boela se be matsohong a lona haeba le sa phahame hona jwale le ho beha kgato ka morao ho dithapelo tsa lona. Amerika e filwe Batho BA KA; nkang seo bahetene ba se utswitseng pele ka mora nako.(Genese 19:1-28) “Ya ka ho lona o moholo ho fetisisa yena ya leng lefatsheng.”

Ema, o bue, mme jwale o pake! Lentswe LA KA le re, “Neang Sesare seo e leng sa Sesare” empa kannete KE re Sesare ha a ka a etsa dintho tse sa bueheng tseo Clinton a lekang ho di etsa. Kannete KE re Sodoma le Gomora di tla be di le betere ho feta Amerika. Setjhaba sena, Amerika, se ile sa arolwa ka letsoho LA KA, kahoo le tle le lokolohe ho kgumamela le ho tlotla Modimo wa lona YAHUVEH. O ka kopa NNA jwang ho hlohonolofatsa Amerika? Amerika e tla boela neng NNA e ntlhohonolofatse?

Lona Bana BA KA, ka ho kgutsa le ile la dumella ketso tsa bahetene, yaba mmuso, ka baka la batho ba seng bakae, o laetse hore ha ho Modimo sekolong, ha ho dibibele, ha ho thapelo; le ile la e dumella mme jwale le a ipotsa hore na ke hobaneng ha ditsamaiso tsa dikolo tsa setjhaba le batjha di bonahala di le tlasa thohako. O ka kopa NNA jwang hore ke hlohonolofatse, seo batho ba se itseng ha se SA KA. Nkang dikolo ka Lebitso LA KA mme ntshang bana ba lona mahaheng ana a hlokang ho loka. Hobane ntle le lesedi LA KA, boteng BA KA, nnete YA KA, mahaha ana a tla fifala le ho feta mme le bana. Bona (dikolo tsa setjhaba) ka potlako di fetoha mahaha a antikreste mme ho kgutsa ha lona le didolara tsa lekgetho di a ba tshehetsa.

Ba nang le ditsebe ho utlwa, mamela, ba se nang ditsebe dula le sa utlwe. Bakreste ba kile ba akgelwa ho ditau, ba bolawa, ba hlokofatswa, leha ho le jwalo ba ile ba emela YAHUVEH! Moputso wa bona o moholo lehodimong. Jwale Bana BA KA, ba bitswang ka Lebitso LA KA (Mokreste) ba hana ho phahama, ho ema le ho bolella diabolosi le bahetene ho kgutsa ka Lebitso LA KA! Ba tshaba ho lahlehelwa ke mesebetsi ya bona, kapa botumo ba lebala hore ke Modimo wa bona ya ba fileng mesebetsi le maemo a phahamiso, mme NNA nka ba amoha habonolo. Bakreste ba tshaba ho kgopisa bahetene kapa medimo ya bona ya bohata ho ena le hoo ba ka mpa ba tadimana le Ntate YAHUVEH ya halefileng! Ho madimabe bana BA KA ba marabele, ha KE re, ema, o bue, o bolelle diabolose hore a kgutse le bana ba hae ba bahetene, mme Bana BA KA ba re empa Morena ke a tshaba kannete KE re, KE tla otla bao ke ba ratang ke ba kgalemela; ke ba neha motho eo batla mo tshaba NNA.

Lona Bana BA KA, le bangata ebile esale le kgutsitse nako e telele. Le na le matla a Ntata lona ya Mahodimong ka ho lona; a sebedise ho hlola sera. Le tlameha ho qala leha e le kae, mme le saene lenane la kopo; di ise hohle moo o yang teng, dikerekeng, mabenkeleng, mosebetsing, le kene ntlo le ntlo, ho na le matla ha le le bangata, BOIPELAETSO, BOIPELAETSO, BOIPELEATSO! Ho fihlela sera se o tshaba ha o tla, hoba ha se ka matla a hao, ho matlafala ha hao, empa ka Moya WA KA, o tla ba mohlodi - ho kgutlisa sohle seo sera se se utswitseng - sebedisa matla A KA, bonatla BA KA, bohlale BA KA mme o tla hlola, Clinton le bahetene ba utlwe ho puruma ha Tau ya Juda mme ba utlwe ho puruma ha Tau ya bana ba Juda.

Rora haholo ho fihlela Clinton le bahetene ba White House ba hlokomela, lona Batho BA KA ha le na feela sebopeho sa borapedi, le na le borapedi ka hare. “Diabolose hlokomela, ha batho BA KA ba bitswang ka Lebitso LA KA (Bakreste) ba ka ikokobetsa, ba we ka difahleho, pele ho Ntate wa bona YAHUVEH, Ke tla fodisa lefatshe la bone.” Maralla a bolokwe ha a nkge ha a le jareteng ya moahisane. O a sheba, o sisinye hlooho, o re ke bothata ba baahisane ba ka, bo a tshabeha, empa ha se boikarabelo ba ka!

Empa jwale ke re ho lona, maralla a bolokwe a se a le ka hara jarete ya lona, jareteng e ka pele hore bohle ba bone hore jwale ke boikarabelo ba lona ho bo hlwekisa. Hobane le balefa lekgetho, lona Bana BA KA le tlameha ho ipelaetsa. Bana ba se nang molato ba eso tswalwe ha ba na mantswe kapa mehoo ya boipelaetso empa ya hao, ha ho motho ya ba utlwang ha ba lla empa NNA. Etsa hore Clinton le bahetene ba utlwe mehoo ya hao ya kgalefo. Ha o nahane hore haeba YAHUSHUA a ne a ntse a tsamaya lefatsheng o ne a tla ipelaetsa. Ba kae Bana BA KA ba filweng Meya ya Jeremia, kapa Johanne Mokolobetsi?

Hlahang Bana BA KA ba nang le Moya wa Modimo ya Phelang ka hare, bohle ba tsebang, le ba nang le matla a MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH), hlahang bohle ba tsebang hore o mohlodi ka lebitso la YAHUSHUA. Hlahang, lona ba tsebang se nepahetseng le se fosahetseng. Hlahang, lona ba utlwisisang. Mmuso o batla ho fana mahala tshebeletso ya ho ntsha mpa ho batho ba futsanehileng mme bongata ba bona ke Maspanishe kapa ba batsho ba tla be ba leka ho bolaya setjhaba sa bao ba sa kgoneng ho ipholosa.

Ke bopile tsohle tse phelang. Bophelo bohle ke ba bohlokwa mahlong A KA, ema, bua, mme o bontshe bahetene bophelo bohle ke ba bohlokwa mahlong a hao. Batho ba futsanehileng ha ba hlokomele hore mmuso o etsa polao e sehloho. Ho theko e tlaase ho lefella lesea le ntshwang popelong ya mma lona, ho etsa eka ke molemong wa mme le lesea, empa ho le jwalo lebaka la sebele ke hore mmuso ha o batle ho lefa dilemo tse leshome le metso e robedi(18) bakeng sa ditshenyehelo tsa mme le ngwana ya futsanehileng. Batho ba futsanehileng ba tlameha ho tsoha mme ba hlokomele hore ba ntse ba sebediswa hampe. Ke nako e kae pele mafutsana a tla qobellwa ho ntsha dimpa?

TSOHA! Ke nako e kae pele mmuso o tla qobella Bakreste ho ntsha dimpa? Ha ho mohla e ka etsahalang? Ba ne ba se ba e entse ho Bajude. Hitler o ile a batla a fedisa morabe oohle wa batho. Ke mang ya latelang? Morabe ofe? Ke dilemo dife? Jwale ba re ba bolaye maqheku, ba se ba fetisitse molemo wa bona. Ngwana ya e so tswalwe ha e so ka a phela kahoo ho na le taba efe? Ho bohlokwa ho NNA, Modimo o Moholo wa Dibopuwa tsohle wa le qosa, bongata ba lona le se le hlola le kgutsa.

Tsohang Batho BA KA. Le robetse nako e telele haholo. Ho se ho qadile masiu a nyarosang. Maralla a bolokwe a se a le jareteng ya hao, mmoho re ka a hlwekisa. Lentswe le le leng feela ho thata hore le utlwahale, empa dimillione tsa mantswe a kopane ka tumellano, ka Moya o le mong, ka lebitso le le leng, lebitso la YAHUSHUA MESIA, ha se lefatshe feela le tla utlwa empa le dihele kaofela di tla utlwa. Hlahang Bana BA KA, le eme, le bue, le bolelle bahetene le bademona ho kgutsa ka lebitso la YAHUSHUA mme le na le matla, le a sebedise ka bohlale molemong wa kganya YA KA le molemong wa batho bohle.

Ho na le ba ipitsang ka Lebitso LA KA bao e seng BA KA mme ha ho mohla e kileng ya eba baka, ha se ba MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) WA KA, leha baporofeta bana ba bohata ba dutse ka dikerekeng ba ikgakantse jwale ka dinku tsa ka, le tla ba lemoha ka seo ba leng sona, ba tswetsweng ke diabolose, ba tla hodisa leshano la diabolose la hore ho ntsha mpa ha se polao, bosodoma ha se phoso. Ba bone bakeng sa seo ba leng sona, hoba ba bolela dintho tsena ka Lebitso la YAHUSHUA, leha ho le jwalo ha ho MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) ho bona. Ba hlokomele! Ba nang le ditsebe tsa ho utlwa, mamela, ba bang kaofela ba dule ba sa utlwe ditsebeng.

Ho itswe ke YAHUVEH ka la 4-10-93, e filwe sejana sena se pshatlehileng sa letsopa le mohlabani ya matla ho YAHUSHUA MESIA, Elisheva Eliyahu. Ba nang le ditsebe tsa ho utlwa “Mamela” ba bang kaofela dula le sa utlwe ditsebeng!

* * * * * * *

Tlhahiso e ntjha mabapi le Profesi ena e ngotswe ka la 22 Tshitwe, 2015:

Boprofeta bona ke bo filwe lekgetlo la pele ka selemo sa 1993, ke boprofeta ba kgale ka ho fetisisa boo ke bo behileng hara diprofesi tse sehloohong mona webosaeteng. YAHUSHUA o ile a mpha profesi ena le pele ke eba le khomphuta! E bile dilemo hamorao ha YAHUSHUA a mpolella hore ke behe sena webosaeteng. YAHUSHUA o ile a mpolella hore ke e bitse profesi 14. Ka nako eo ke ne ke sa utlwisise, empa jwale ke lehlohonolo ho bona hore YAHUSHUA o ile a mpha nomoro ya Profesi 14. Ke kgopotso ya Monyaduwa wa Tshenolo 14. Ke ne ke sa tsebe ka nako eo, empa jwale ke a e tseba.

Ke ne ke le Moevangedi / Moprofeta ka nako eo ke ba otla ka nnete ebe ke a baleha,(hit and run) ke thehile lebitso leo ho hlalosa seo ke neng ke se etsa. Ke ne ke tla ya moo JESU a nthomileng, lena e ne e le lona feela lebitso leo ke neng ke le tseba mehleng eo, mme ke ne ke tla ya rera dikerekeng tse fapaneng. Ha Moruti a ne a ka tshwara nnete ke ne ke tla bitswa hape. Ha ba sa mpitse ke ne ke e bitsa (hit and run). HA HA HA Eya ke tsela eo ke neng ke e sheba ka teng, hobane ke ne ke rometswe ho ba otla ka nnete, mme ba e balehela!

Boprofeta bona e ne e se tlhohonolofatso ho Baruti ba mmalwa, ke ile ka bo arolelana le Moruti le phutheho mme ha ke a bitswa ke bongata ba Baruti. Ke a ipotsa hore na hobaneng! HA HA HA. Ke ne ke sa tsebe ho fetisetsa lentswe la YAH ho batho ba bangata kahoo ke ile ka le kenya koranteng e kgolo ka ho fetisisa Indiana. E ne e bitsa didolara tse makgolo a mahlano ($500.00) bakeng sa papatso halofo ya leqephe, ka ditlhaku tse kgolo tse kgubedu mme e ne e le Profesi ena! 1993! Pele ke ba le khomphutha! Ke maswabi hore ebe ha ke sa na bopaki ba koranta, empa ha kea ka ka lora hore ke tla ba moprofeta mme jwalo ka ha ke boletse, ke ne ke sa tsebe letho ka Marang-rang (Inthanete). E ne e le 1995 ha ke ne ke qala ho ba le sebaka ho marang-rang (Inthanete) se bitswang AmightyWind HOLY GHOST Fire Church ke ne ke tseba feela lebitso la JESU KRESTE ka nako eo, mme ke ne ke lebisa meya ho JESU ka lebitso leo. Ke ile ka arolelana Profesi ena ka nako eo.

Nakong eo YAHUSHUA a ileng a mpha boporofeta bona ke ne ke tseba hore Sabatha ke ka Sontaha. E ne e se nako ya hore ke tsebe sena empa kapele ke ne ke tla ithuta ka Sabatha le lebitso le Halalelang la YAHUSHUA. Qalong ke ne ke rutilwe Yeshua, ho fihlela ke bala phetolelo ya Bibele ya Searameiki mme ka bona eo e se yona tsela ya ho peleta lebitso leo. Ke ne ke sa tsebe hore lebitso la Jesu le ne le latola lebitso la YAH. Ke bitsa YAH ka lebitso la Jehova. Boprofeta ke mantswe a Ramah, mantswe a bophelo, jwalo ka Bibele! Nako le nako ha o bala Mangolo o tla fumana tshenolo e ntjha, mme ho tshwana le Diprofesi, ho tla hlahella mola o sa kang wa hlaha pele.

Ke ne ke tseba feela seo Dikereke tsa Pentekosta di nthutileng sona. YAH o ne a tseba hore ka 1993 ha ho motho ya neng a tla fumana Mabitso a Halalelang a Seheberu, mme ho sa na le ntwa ka 2015 ho etsa hore batho ba utlwisise bohlokwa ba ho tseba mabitso a Halalelang a Seheberu, le ho boloka Sabatha ya nnete, bong ba MOYA O HALALELANG. Ho nkile dilemo tse supileng (7) ho ngola buka ho na le bopaki bo bongata ba ho tshehetsa taba ena hona jwale. Buka ya Baahlodi e tletse bopaki. Nako le nako ho KJV o bona Bohlale bo bitswa Tshehadi . Leha ho le jwalo ka 1993 ho ne ho se na bopaki kapa ditshenolo tseo ke di filweng, ke bile wa pele eo ke mo tsebang ho ruta Bong ba MOYA O HALALELANG Inthaneteng ke nahana empa ha ke na bonnete.

YAH o ntumelletse ke bitse YAHUSHUA, JESU, le MOYA O HALALELANG e motona hobane ho na le nako ya sehla se seng le se seng. Ke leboha NTATE YAH ha a behe ho Baporofeta BA HAE, nnete e fetang eo ba ka e jarang hobane ho ka be ho se tumelo ya ho tshehetsa mantswe, hoja YENA a entse jwalo ka 1993. Ke ithutile ha YENA a bua ka tshenolo e nngwe le e nngwe ya Boporofeta.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred