Profesi 12

Baradi ba Pheletso, Hlahang!

E Filwe Moapostola Elisheva Sherrie Eliyahu

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Baradi ba ratehang ba Pheletso, le se ke la tsamaya ka kgotso ya lona, empa kgotsong ya YAHUSHUA e fetisang kutlwisiso yohle. O se ke wa tsamaya ka matla a hao, empa ka matla a Modimo eo o mo sebeletsang. O se dule ka sekepeng, Moradi WA KA, empa o tsamaye hodima metsi, le NNA . Seo o nahanang hore ha se kgonahale , KE tla etsa tsela. Se o thibelang le se o sitisang, Ke tla se tlosa. Le hoja maqhubu a tla bonahala eka o tla kgangwa ke metsi mme moya wa puruma, lebisa mahlo a hao ho Mopholosi wa hao mme o ke ke wa kgangwa ke metsi. O kgethetswe ho ba motsamai wa metsi eseng motho ya dutseng ka sekepeng.

Mathela ho leba ho Goliathe jwalo ka Davida. Davida ha a ka a balehela Goliathe leha a ne a soma, a tshosa, leha a ne a phahametse banna bohle, Davida o ile a mathela ho Goliathe. Davida ha a ka a bontsha tshabo hobane ha a ka a beha tshepo ya hae ho motho kapa morena, empa ho “KE NNA” e moholo mme ha ke a ka ka mo lahla, le lona NNA nke ke ka le tlohela. Tshabo e fapane le Tumelo. Utlwang NNA. Tshabo ke tlhokofatso NNA ha ke e romele. Davida ha a ne a songwa le ho tshoswa ha a ka a araba seo a neng a tla se etsa empa ho ena le hoo seo Modimo wa hae a neng a tla se etsa.

Davida o ne a sa lebella ho bolaya sera ka majwe a mahlano a boreledi, hobane e ne e se leha e le majwe a bohale. Empa Davida o ne a tseba hore dibetsa tsa hae di ke ke tsa bolaya Goliathe, ke kgalefo ya YAHUVEH feela e neng e tla bolaya Goliathe. Ke kentse kgalefo YA KA ka hara majwe ao. Ke bolaile Goliathe ka moshanyana wa modisana eo batho ba neng ba mo soma ha a tla kgahlano le sera ba re ehlile o tla shwa, o tla hloleha. Motjha a ka bolaya senatla jwang? Mantswe ana ba a bua ho Baradi BA KA jwale .

Sera se bua ka tsela tse ngata mme se re le tla hloleha. O tla shwa ha o ka lwantsha sera sena. O wa fokola mme ha o a tshwanela ho sebeletsa ka Lebitso la YAHUVEH. Empa Baradi BA Ka ba Pheletso KE le kgethile. KE o beile. KE o matlafaditse. Banna ba nepile; ha o ka etsa sena ka bokgoni le ka matla a hao o tla hloleha. O ka shwa, empa ha o eme matleng a hao, bokgoni le matla a hao. Le ema tlotsong YA KA Lentsweng L.A KA, ka Lebitso L.A KA, le apere dihlomo TSA KA tse Halalelang, le hlatswitswe ka Madi A KA a tsholohileng a Kalvari. Baradi BA KA, ke le bitsa Baradi BA KA ba Pheletso letsatsing lena. Hobane na ha se NNA qalo le qetello? “KE NNA” e Moholo ke Modimo wa Boporofeta.

Alfa & Omega ke Modimo wa Boporofeta hobane KE porofetile tshimoloho mme ke profetile qetello. Ke mang haese “KE NNA” ya ka etsang sena? KE tla senola diphiri TSA KA ho Baradi BA KA hammoho le Bara BA KA. Baradi ba ka ke le kgethile hore le etse se tshwanang le sa Davida. Sera se tla soma le ho nyefola, se tla sebedisa ba bang ho tshosa le ho ntsha kotsi. Le tla sonngwa ka baka L.A KA. Ha dira tsena di tla kgahlano le wena o se ke wa tshoha seo o tla se bua kapa ho se etsa, e ke ke ya e ba mantswe a hao o tla a bua empa ke mantswe A KA o tla a bua.

Bana BA KA ba ratehang, le se ke la nahana esale pele hore na le tla etsa eng. Le se ke la tshoha ha le bona ponahalo ya difahleho tsa bona. Ba nahana hore o laolwe ke motho, mme ho ena le hoo ha o laolwe ke morena wa lefatshe lena, o buswa ke Morena wa Marena. Davida o ile a lahla dihlomo tsa lefatshe lena mme sebakeng seo a ema ka dihlomo, dihlomo TSA KA, Modimo ya Matla Ohle. Le wena o tla etsa jwalo. Se lle ha sera se wa. KE na le wena mme ha ho motho ya ka etsang eng kapa eng eo KE sa e dumelleng. KE a o rata Moradi WA KA ya ratehang.

Ela hloko bohle ba tsohelang Baradi BA KA ba Boporofeta. Hobane jwalo ka ha Goliathe a ile a wa, ho tla ba jwalo le bohle ba hlorisang Baradi BA KA ba Boporofeta. HLOKOMELA! Etswe ke shebile, ke mametse. Ke tla ahlola ba ahlolang Baradi BA KA ka baka la ho bua mantswe A KA. Jwaloka ha banna ba sireletsa basadi mme ke kenya Moya oo ka hare ho bona ho etsa jwalo, ke tla sireletsa hakae Baradi BA KA ba Boporofeta? Hobane ho porofetilwe mehleng ena ya bofelo KE tla tshollela Moya wa KA hodima Bahlanka BA KA, mme ba tla porofeta.

Mang kapa mang ya amang batlotsuwa BA KA mme a etsa Baporofeta bana hampe, ke tla mo ahlola kapele, ho molemo hore ba bake pele kgalefo YA KA e ba tukela. Jwale ha ke bue ka baporofeta ba bohata hobane ba tla ka sebopeho sa monna kapa sa mosadi. Haeba e le ba bohata jwale sena se tlameha ho pepeswa e le hore ba bang ba se ke ba silafatsea. Empa o seke wa leka ho ama kapa wa nyahamisa kapa ho beha menahano ya motho ya seo ke tla se etsa, le hore na ke tla sebedisa mang ho Baradi BA KA ba Boporofeta. O se ke wa re YAHUVEH a ke ke a sebedisa basadi bana hobane ha ba na ponahalo eo ba lokelang ho ba le yona; ha ba na tumello ya rona ya ho bua.

Lona banna ba lefatshe lena le bomang ho kgutsisa Baradi BA KA ba Boporofeta? Ke kgetha bao ho seng monyetla wa hore ba kgethwe. KE sebedisa bao ba reng ho NNA, “Oho, YAHUVEH, ha o batle hore ke bue seo, kapa ke etse seo?” Leha ho le jwalo , Baradi BA KA ba utlwa lentswe LA KA ka ho hlaka ho feta Bara BA KA. KE hlomoha haholo ka lebaka la bohloko boo Baradi BA KA ba Boporofeta ba tla bo utlwa ka lebaka la Lebitso LA KA. Hopola hore KE sotlehile bakeng sa hao. Erekaha o le Moradi WA Ka wa Boporofeta, o tla tlisa meya e mengata ho NNA, mme o se o entse jwalo.

Ha se kaofela Baradi BA KA ba Boporofeta ba tla ba le seo ho thweng ke laesense. NNA le nketseditse ho feta ba bangata ba ipitsang baruti, mme e se baruti ho hang. Kahoo le se ke la hlomoha ha batho ba sa le hlomamise. KE o hlomamisitse. Sena ke sohle se bohlokwa. KE tla lebela, ke be ke sireletse, ke hlohonolofatse tsohle tseo o di etsang le tseo o di buang. Le se ke la kena jokong e sa lekaneng, nthong leha e le efe eo le e etsang. Hopola ha e se BA KA ba kgahlano le NNA.

Mahlo a hao a tla bona seo o sa rateng hore o se se bone, ho utlwa seo o sa rateng hore o se utlwe, empa e ke ke ya e ba mahlo a hao, kapa ditsebe tsa nama tse tla utlwa bohloko, e tla ba mahlo a hao le ditsebe tsa moya. O tla tseba mahlohonolo a fetang ditoro tsa hao, mme o tla tseba maswabi. KE tla le sebedisa Baradi BA KA ba Pheletso ho hodisa batjha, ho ba kgothatsa le ho ba ruta. Jwalo ka ha o se o ena le kelello ena eo ke o hlohonolofaditseng ka yona . KE tla le sebedisa ho kgalema, hoba hape KE se ke kentse Moya oo ka ho lona jwaloka ha mme a kgalema le wena o tla kgalemela setjhaba sena sa bahetene le bohle ba kgeloswang, le ba kgelosang dinku TSA KA.

Baradi ba ka ba Pheletso le tla ba le sebete jwaloka tau e tshehadi e sireletsang madinyane a yona. KE tla o sebedisa ho tlamisa maqeba, hobane ke mme ofe ya se nang Moya ona wa kutlwelo-bohloko oo ke seng KE mo file oona? O tla sebedisa dimpho tsa mme , titjhere, mohlabani, le dimpho tsohle tseo MOYA O HALALELANG ( RUACH ha KODESH ) a o fileng tsona ka seatla se bulehileng. Ke bolokile tse molemo ka ho fetisisa bakeng sa ho qetela. Hobane banna ba itse o ke ke wa sebedisa mosadi. E tlaba basadi ba nang le ditshebeletso tse matla ka ho fetisisa mehleng ena ya bofelo mme ba ho qetela e tla ba ba pele. KE tla ba le wena. KE a o rata Moradi WA KA ha o ntse o bala sena o tla tseba hore ke bakeng sa hao. Haeba o sa tsebe hore ke ya hao, jwale o nepile, kgaotsa ho bala, ha se ya hao. Bakeng sa ba bang kaofela ba amohelang molaetsa ona ke bea matsoho A KA ho le pota-pota, KE le sebela ditsebeng le ho le bolella, mamelang, molaetsa ona ke wa lona. Ke file Baradi BA KA ba Boporofeta Moya wa Davida. Jwale tswela pele o nke seo diabolosi a se utswitseng ka Lebitso LA KA. Ho rialo YAHUVEH, Modimo wa makgotla.

E filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu, Monyaduwa wa YAHUSHUA.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred