Profesi 11

Ema, Bua, Bolella Diabolose Kgutsa, ka Lebitso LA KA!

E Filwe Moapostola Elisheva Sherrie Eliyahu Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

O se ke wa sitisa dimpho tseo ke o fileng tsona, ba bitsitsweng ba bangata, ba seng bakae ba kgethilweng. Ho ile ha bitswa mabotho a Gideone, empa ho ile ha kgethwa ba seng bakae. NNA Ntata lona YAHUVEH ke ba ntshitse. Moratuwa wa ka, ho itswe ke YAHUVEH, tseba sena, ha ke a le bitsetsa ho hloleha, empa ho atleha ka Lebitso LA KA. Ha ke qale mosebetsi o motle ebe ha ke o qete. Pitso ena ha se ya lona empa ke YA KA. Na Lentswe LA KA ha le re, “Ke kgetha ba fokolang hore matla A KA a bonahatswe?” Bohle ba tla tseba hore ha se wena ya sebetsang empa ke NNA ya sebetsang ka dijana tsa letsopa tse tlotsitsweng. Sherrie [Elisheva Sherrie] a ke ke ebile ha a nke tlotla bakeng sa eng kapa eng eo a e etsang bakeng SA KA, hobane wa tseba hore ha se ya hae empa ke YA KA. O a tseba jwale hore ke bua le wena ka yena. Dingaka tse sebetsanang le kelello di ka re sena ke lefu la kelello, empa ho inehela ho ya o fileng molomo, maikutlo le kelello ha se lefu la kelello.

Empa ka ho dumela kapa esita le ho dumela YAHUVEH a ka bua ho tswa ho motho, dingaka di nahana hore ke lefu la kelello. Ho ka be ho se na Bibele haeba ba ne ba atlehile ho kgodisa Barutuwa BA KA ka sena. E, ho na le ba qhekellang mme batho bana ba kula kelellong empa Baporofeta BA KA ha se ba bang ba bona. Satane o baka lefu la kelello mme ba kulang kelellong ba hloka topollo. Na ba ne ba ke ke ba qosa Petrose ya ileng a tsamaya hodima metsi ya ipolayang? Ditsietsi tse hlollang. Bana ba bararo ba Baheberu, na ba ne ba ke ke ba re bana ba Baheberu ba ileng ba akgelwa ka seboping sa mollo ba ne ba e na le bothata ba moshwela-tumelo e rarahaneng le meya ya ho ipolaya?

Empa nama e dula e lwana le MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) ka hare ho wena. O tlameha ho hlola nama ho ba mosebeletsi. O ka atleha ha o ka e etsa ka Lebitso LA KA. Empa kamehla ho na le ntwa. Ka morao ho boporofeta bo bong le bo bong moporofeta o lokela ho lwana le nama ya hae. Ha e phahama mme e re o nahana hore o mang ho bua le batho ba YAHUVEH mme o re o a e bua? Haeba sena se sa etsahale ho Baporofeta BA KA mme ba sa dumele ntwa ena, ha ke bue ho tswa ho bona.

Pontsho e tiileng ya hore Moya WA KA o buile kapa o ngotse ho tswa ho motho ke ha ba kopana le lentswe leo le etsang hore ba ipotse hore na ehlile ke wena YAHUVEH? Ya o ngollang hona jwale, kgaitsedi ya hao o na le ntwa ena kamehla hobane o ikutlwa a sa tshwanelehe ho sebediswa ka tsela ena. Ke tlameha ho mo hopotsa ha ke ntse ke tla hopotsa ba bang ka ho etsa hore sena se arolelanwe le ba bang, na o hlile o nahana hore o ka bua ka bokgabane le ho tlala matla a tlotsitsweng? Na o hlile o nahana hore o na le bohlale bo bokaalo? Kamehla Baporofeta BA KA ba nnete ba tlameha ho re, “O nepile, e ke ke ya ba nna.” Na o hlile o nahana hore o na le sebete sa mofuta ona? Ebe o re, “Ntshwarele, Ntate ya Mahodimong e tlamehile ho ba wena, hobane nke ke ka kgona, leha e le hore nka lakatsa ho etsa ntho e kang eo ka hore, ho rialo YAHUVEH kante e se nnete.” Lena ke letshwao la moporofeta wa nnete; ba belaela nama, empa ba na le tshepo ho MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) o ba sebedisang. Ba tseba hore ba ke ke ba etsa letho kapa ba lakatsa ho etsa letho ntle le hore MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) o ba tlotse ho se etsa. Kgaotsa ho tshaba dimpho tseo ke o fileng tsona. NNA nke ke ka o qobella ho fepa dinku TSA KA mme o ntse o tla ya Lehodimong, empa meputso ya lona e ke ke ya e ba kgolo hakaalo mme KE tla phahamisa e mong ho tlatsa sebaka seo o neng o loketse ho ba ho sona. Ho na le meya e emetseng hore o ba sebeletse.

Tshabo e fapane le tumelo. KE boetse ke bolela netefatso, empa NNA le seke la nna la nteka, bakeng sa se seng se tiisitswe. Nako e kgutshwanyane. Ho tla HA KA ho haufi. Etsa seo NNA o tlang ho nketsetsa sona hona jwale, eseng hamorao. Jwale ke ha ke hloka Basebeletsi BA KA, Bahlabani BA KA. Jwale ke ha ke hloka ba khethilweng ho bokella kotulong ya meya. Jwale ke ha ke hloka hore le be batshwasi ba banna le basadi. Jwale ke ha ke hloka Baporofeta BA KA ho bua.

Jwale ke ha ke hloka baevangedi, Meya e kang ya Johanne Mokolobetsi ho tla. Jwale ke nako ya pholoso, hosane ekaba morao haholo. Ba bangata ba bona ba bitsitsweng ba ema ho fihlela hosane ho fihlela maemo a ba loketse. Leha ho le jwalo hosasane le maemo a nepahetseng ha a ba fihlele. Tsoha, lena ke leqheka la sera.

Leqheka le leng ke hore, “Ha ke a tshwanela ho bolela Evangedi ya YAHUSHUA, ke na le mathata a mangata haholo. Ke na le bophelo bo fetileng bo ntlhabisang dihlong, o ke ke wa ntshebedisa” TSOHA, KE NNA ya kgethang ya sebeletsang NNA. Eseng wena. Na ha KE a ka ka kgetha Pauluse (Shaule) hore a sebeletse NNA ka matla mme e ne e le mmolai wa dikete tsa Bakreste? Ke dintho tse mpe hakae tseo a ka beng a bile le tsona bophelo bo fetileng? Leha ho le jwalo KE nkile bophelo bo fetileng mme ka bo sebedisa bakeng sa Thoriso YA KA, Tlotlo le Kganya. Seo Satane a neng a se reretse bobe ke ile ka se fetola molemong wa hao. KE seo ke se etsang; Ha KE bitse batho ba sa kang ba utlwa bohloko tshebeletsong ya tshimo. Ba ne ba ke ke ba ikamahanya le bana BA KA ba mahlomoleng. Ha o tsebe hore na leqeba le bohloko hakae, ho fihlela wena ka bowena o lemetse.

Ke mang ya molemo ho alosa dinku tse lemetseng ho feta ya tsebang bohloko? O ke ke wa tseba ho ntsha motho sebeng le ho mo isa leotong la sefapano sa Kalvari, haeba wena ka bowena o ne o se na ho hong ho amahanya le bona. Moetsadibe ya pholositsweng ka mohau. O ka sebeletsa ba kgelohileng jwang haeba ka nako e nngwe o ne o nahanne hore o lahlehetswe ke tumelo ya hao ho NNA.

Bofokodi ba hao bo boholo, ke tla etsa hore ho be matla a hao a maholo, hobane KE tla sebedisa bofokodi boo le ho o thusa ho bo hlola, le ho paka bonnete ba YAHUSHUA. Ha ke netefatsa hore o kgethilwe, o se ke wa ema moo mme wa mpotsa, "Hobaneng nna?" Tseba feela hore NNA "KE NNA" e moholo mme ha ke etse diphoso. Entse e le kgetho ya hao hore na o batla ho mamela. Empa o tla hlomoha, mme o ntse o tseba hore ha o a ka wa mamela pitso YA KA bophelong ba hao ha o ka e hana.

Ke ka baka leo ke itseng, “Ba bitsitsweng ba bangata, mme ba seng bakae ba kgethilweng.” O tla kgetha ho ba ofe? Ke se ke tseba seo o se kgethileng. Na Lentswe LA KA ha le re ba beileng matsoho a bona mohomeng mme ba hetla morao, ha ba tshwanelehe? Beha letsoho la hao mohomeng; tlohela bophelo bo fetileng maotong a sefapano sa Kalvari. Ke dumelletse dintho tse etsahetseng hore di o matlafatse ho NNA, eseng ho fokola. Etswe le na le bopaki bo entsweng ka kgauta, eseng koporo. E sebedise ho tlisa meya ho NNA, e sebedise ho tlisetsa NNA Thoriso, Tlotlo le Kganya.

NNA Monga lona YAHUSHUA MESIA ke kgutla kapele ho feta kamoo le nahanang. Ha bobe bo ntse bo ata lefatsheng lena, le ba kgopo ba ikgantsha ka sebe sefahlehong SA KA ba re, “O tla etsang ka sona YAHUSHUA? KE tla ba bontsha seo KE tla se etsa ka sona. Jwalokaha KE bontsha Bana BA KA ha ke ba shapa, KE tla otla ba ikgantshang ka ditaelo TSA KA, bosodoma, boitshwaro bo bobe, le Bibele sefahlehong SA KA mme ba iteta sefuba ho soma. Ho a tla, kgalefo YA KA e ya tla lefatsheng lena ka tshenyeho e matla.

Ha ba ntse ba ruta bana ho etsa sebe le hore mantswe A KA ha e sa le a kajeno, ba tla lefa ka mokgwa o moholo. KE ne ke le Konyana ya sehlabelo hang; KE kgutla ke le mohlabani ya matla nakong e tlang. Empa pele KE bokella Bana BA KA hae. Kgalefo YA KA e boloketswe dira TSA KA e seng Bana BA KA. Bana BA KA ba ratang le ho sebeletsa NNA bao dibe tsa bona di hlatswitsweng Mading a tsholotsweng a Kalvari ha ba na ho tshoha letho.

Empa dira TSA KA di ke ke tsa tseba tshabo e jwalo. Etswe seo ba neng ba se tshaba se tla ba wela hodimo, mme seo ba neng ba sa se tshohe se tla ba timetsa. Jwalo ka ha Lebitso LA KA le sebediswa e le lentswe la thohako moyeng mme tsohle tse halalelang di songwa moyeng, KE tla paka hore KE nna Modimo ya Matla Ohle, YAHUVEH e moholo "KE NNA"' mme ha se NNA ya songwang le ya rohakilweng. Ke wena ya mametseng sena mme ha o ka wa ikutlwa o swabile ha o utlwa sena mme o thatafaditse pelo ya hao mme o dumelletse sena mme ha o wa bua kgahlanong le sona. BANA BA KA kgutlisa maqhubu a moya, ka Lebitso LA KA. Ha o utlwe Buddha a rohakwa kapa satane kapa Mohammed.

Empa o utlwa lebitso la Jesu Kreste (YAHUSHUA MESIA) le rohakwa. O utlwa Modimo eo o mo sebeletsang a rohakwa. Ha se Modimo ya Matla Ohle ya rohakilweng; ke bona ba bolelang dithohako tsena hodima bona. Ke Madi a YAHUSHUA feela a tla ba hlatswa sebeng sena.

KE a le bolella hore le shebe ho dithaba tse foqohang seretse se tjhesang le ditshisinyeho tsa lefatshe, tshabo e lehodimong mme le tla tseba hore na ho tla HA KA ho haufi hakae. Ha KE ntse ke laola ntho e le nngwe motho a ke ke a kgona ebile a ke ke a hlola a laola maemo a lehodimo le boemo ba lehodimo. Motho a ke ke a emisa ho foqoha ha seretse se tjhesang, ditshisinyeho tsa lefatshe, lehlwa kapa mohatsela kapa motjheso, difefo tse matla, mahodiotswana, dikgohola tsa pula ya ditlwebelele ha bobe bo ntse bo mpefala le ho feta, ha botle bo ntse bo halalela ho feta. KE arola Batho BA KA jwale mme ho tla HA KA ho hlahelletse. Etsa seo o tlang ho se etsetsa NNA kapele.

Maqheku ba lokelwa ho tshwarwa ka lerato le ka tlhompho bakeng sa bona ke baholo bao e leng matlo a polokelo a tsebo e ngata. Ke matlotlo A KA hodima lefatshe lena, leha ho le jwalo ke a makae a lebetsweng, a notletsweng, a tshwarwa jwalo ka dithole tse sa batlweng. Bana ba bona ba bolaya ka molao ba kulang le ba holofetseng. Ke morwalo ha ho fihla tjheleteng "E reng mafutsana a shwe, fedisa dithuso tsa bafutsana, ba na le molemo ofe?" Na ha KE a le bolella: “Mafutsana a tla ba le lona kamehla”? Empa o ne o lokela ho arolelana seo o nang le sona le bona.

Fepa mafutsana; le apese ba hlobotseng, bana beno. Ba bitsitsweng ka Lebitso LA KA, ba hlatswitsweng ka Madi A KA, mme o iketsa eka ha o ba bone. KE A BONA! KE UTLWA DILLO TSA BONA! KE e dumella ho bona hore na ke ba bakae ba tsotellang. Empa ka baka la mohau wa Modimo YAHUVEH, ke moo o yang. O mohlokomedi wa ngwaneno. Ha karolo e nngwe ya mmele wa YAHUSHUA e utlwa bohloko, tsohle di utlwa bohloko. Kgaotsa ho iphapanyetsa bohloko.

Ha dipolao tsa masea a se nang molato a ntseng a le ka popelong ya bomme ba bona di arolwa ka sehloho mme o nahana hobane lefatshe lena la baetsadibe le e dumella ka molao, ho molaong ho NNA. Esita le babolai ba lona ba moleng wa lefu, le leka ho nahana ka lefu le mohau mme la potlako bakeng sa bona. Melao e fana ka bonyane dilemo tse leshome (10) maemong a mangata ka ditshenyehelo tsa balefi ba lekgetho, tjhelete ya hao ya lekgetho, ho lelefatsa bophelo ba bona. Ho qapa mekgwa e mohau ho feta ya ho bolaya ba ileng ba nka bophelo ntle le mohau wa letho. Leha ho le jwalo masea a bohlokwa hakaale ho NNA, masea ao KE badile matsatsi a ho tswalwa ha bona, KE kentse Moya WA KA ka ho bona, ho etsa hore ba be matla mme ba phele hantle ka popelong tsa bomme ba bona, kahoo ba tla phefumoloha nakong ya tswalo, mme masea ana a se nang molato ha a so ka a tseba se phoso ba a hlokofatswa ha mehoo ya bona e sa utlwahaleng e utlwahala ditsebeng TSA KA. Ba ntshang dimpa tsena mme ba sa ipolele ba kopa tshwarelo mme ba furalla sebe sena, ka ho sa feleng le tla utlwa mehoo ya bana bao kaofela. E le e nngwe ya dikotlo tsa hao tseo di o emetseng diheleng mme o ke ke wa phomola dillong tsa masea a bolailweng, kapa mehoo ya bona. Na wa tseba hore na lesea le llang le ho kwatisa jwang? Nahana ka dimilione ditsebeng tsa hao ka ho sa feleng.

BAKANG HONA JWALE, baoki, dingaka, basadi ba etsang dintho tsena molemong wa lona. BAKANG HONA JWALE, boradipolotiki ba fetisang melao ena. Lekgotla le ka Hodimo-dimo, ha o moholo mahlong A KA. Ha o ka hodimo ho melao YA KA. Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH a le mong ke Ya Hodimo-dimo. Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH ke yena feela moahlodi le lekgotla le mophethahatsi. YAHUSHUA ha MESIA o tlile hore o tle o be le bophelo le bophelo ka bongata. BAKANG! Tloha sebeng sena hobane ke tla o jarisa molato. Madi a bana ba esong ho hlahe a matsohong a hao.

Hobaneng, hobane ke file batho kgetho? Kgetho ya ho mamela semelo sa tlhaho se fuwang mosadi le monna e mong le e mong, ho sireletsa bana, ho hodisa bana. Leha ho le jwalo ba bolawa ka sehloho. Ho madimabe ba reng sena ke molao. Ho madimabe dingaka le baoki ba nkang karolo polaong ena. Ho madimabe boradipolotiki ba fetisitseng melao hore masea ana a se nang molato a bolawe.

Ho madimabe lona ba dutseng nako e telele ba kgutsitse. Etswe KE utlwa mehoo ya bona. Meya ya masea e kgutlela moo e tswang lehodimong. Empa meya ya bona e ntshwa lefatsheng lena ka ho hloka mohau. Bokgopo bo fetang mantswe. Ke dumella meya hore e tlohe feela ho paka bokgopo ba motho ho motho. Ho tseba hore na mme eo o se a entse kgetho efe. Ho hlomoha le ho mo fa monyetla o mong le o mong wa ho baka. Ka ho tseba hore a ke ke, ke halefile hobane a ke ke a baka.

Ba bolelle, ba bolelle Moradi WA KA. Hang hape leha ba ipitsang ka Lebitso LA KA ba ntse ba sa etse letho haese ho sisinya dihlooho tsa bona mme ba bang KE motlotlo ho ba bitsa Bana BA KA ba bea maphelo a bona, botumo ba bona, le ditjhelete tsa bona fatshe ho sireletsa masea a se nang molato ka popelong ya bomme. Ke bona bao ke tla ba putsa. Ke hobaneng ha dikereke di sa tshehetse ba ikemiseditseng ho tela tsohle tsa bona ho ipelaetsa kgahlanong le dipolao tsena tsa masea a se nang molato?

Ba fellwa ke mesebetsi, ba kwallwa teronkong, ba songwa, mme hobaneng? Hobane ba utlwile lentswe LA KA, le kgodiseho YA KA e reng, “Bua, o se ke wa kgutsa.” Ke utlwile dithapelo tsa bona, ke bone meokgo ya bona, mme ke utlwile bohloko ba bona, ana le wena?

Tshebeletso e nngwe le e nngwe ya kereke e lokela ho ba rapella. Tshebeletso e nngwe le e nngwe ya kereke e lokela ho rapella kgodiseho YA KA, kahlolo YA KA ho ba etsang dintho tse jwalo, ho dumella dipolao tsena, leha ho le jwalo ke ba seng bakae ba etsang jwalo. KE HALEFILE HAHOLO. Hobane o re o WA KA mme o iphapanyetsa dillo tsa masea a e so tswalwe, le dillo tsa ba telang tsohle tsa bona ho sireletsa le ho emisa polao ya masea a e so tswalwe. Ema, bua, ka Lebitso LA KA, Rapela, Rapela, Rapela, ho fihlela o bona bobe bona bo fela, Le batla ho tseba hore na ke hobaneng ha KE dumelletse sena ho tswela pele, hobane esale KE emetse Bana BA KA ho bitsa Lebitso LA KA ho emisa sena. Ho paka hore ba tsotella. E seng ba seng bakae feela, empa ba dimilione ba ne ba tshwanetse ho bua jwalo ka ha melao ena e kgahlano le melao YA KA e ne e fetiswa. Ha ho a lokela ho ba le tshebeletso ya kereke kantle le hore thapelo ena e tswele pele. Baruti le tla ikarabela. Le hlokomedisitswe.

Diphutheho le hlokomedise baruti ba lona. Ba tlameha ho emela NNA. Ba kgothaletse tshebeletso e nngwe le e nngwe ho rapella hore bobe bona bo fele, hore kahlolo YA KA e tle ho ba hanang ho baka. Kgaotsang ho mpha dithapelo tse fofo. NNA nke ke ka mamela. Mphe dithapelo ka tjantjello le ka pelo e tsotellang. Emisang dithapelo tsa tlwaelo tseo e leng mantswe a hlooho feela, NNA nke ke ka utlwa. Sena se tswa kelellong le molomong ya hao, eseng pelong ya hao.

Ho tla buleha dikoti tse kgolo, mme lefatshe le tla kwenya ditleliniki tsena tsa ho ntsha mpa. Ha ho letho leo motho a le entseng haese letsoho LA KA le tla otla lefatshe. Moo madi a mangata a tsholotsweng, madi a se nang molato. Etswe esita le ntweng ha ho tshollwe madi a se nang molato tjena. Empa dialetareng tsa satane bana bana ba bolawa bakeng sa merero ya lona, bakeng sa lefeela, boithati, ka baka la tshabo le meharo. KE tla ba nea seo batla se tshaba. Ba tla tshaba Modimo ya Matla Ohle YAHUVEH ya bopileng meya eo ba e bolayang ka sehloho. Ba tla tshaba YAHUVEH eo ba mo somang, mme ba re se molaong. Ba tla tshaba ba behang Bakreste difahlehong tsa bona ho ba hlokomedisa hore sena ke polao, sena ke sebe. Hobane ha ho ntho efe eo Bakreste ba tla e etsa ho ba tshosa, ntle le ho rapela le ho tsamaisa letsoho la YAHUVEH ka dithapelo tseo.

Empa basadi, dingaka, baoki, boradipolotiki, ba thoholetsang dipolao tsa meya YA KA e hlokang molato ba tla bona sefahleho SA KA le Moya WA KA hodima Bana BA KA ba rometswe e le mabotho ho rapela. Hopola marako a Jeriko. Hopola kamoo e neng e se matsoho a motho a ileng a diha marako a Jeriko. Ho tla etswa jwalo hape mme ba ke ke ba kgona ho haha ditleliniki tsa ho ntsha mpa ka ho potlaka. Ba bolelle Ngwana KA mme o ba rute. Nako e sa le teng ya ho baka, empa haufinyane e tla be e le siyo. Hopola Sodoma le Gomora e ne e se matsoho a motho a tlisitseng mollo le sebabole, pula e ile ya na ho tswa Lehodimong moo e bolokilweng teng mme e tla kgutla hape. Lona ba babe, ba etsang sena le ho hobe ho feta, le hlokomedisitswe. Melao ya lona e ka tiisa manyalo a batho ba bong bo tshwanang empa ke laetse hore ke sebe. Ke sesomo sa lenyalo le seo ke se bopileng ho Halalela. Ha e molaong mahlong A KA. Baruti, ba bang ba lona ba kene meketeng ena ya lerato ya nama esele. Ka ho se bue letho, le bile le kabelo ho yona. Ema, bua, bolella bahetene ho kgutsa ka Lebitso LA KA. O se ke wa hlola o mamela mashano a bona. Ba tla kamora bana. Le hlokomedisitswe, bana ba lona.

O tlameha HO BAKA HONA JWALE ho seng jwalo le wena o tla utlwa bohloko bo tlang ho tla le ho tla kapele. Le hlokomedisitswe. Le tshwenyehile ka boemo ba hao ba ho lokollwa lekgethong empa ha o tshwenyehe ka hore na Modimo eo o ipolelang hore o a mo sebeletsa o tla o etsa eng, ka ho se rapele kgahlanong le sena le ho se sisinye letsoho LA KA ho fedisa sena. Hape ha ho a tshwanela hore ho be le tshebeletso ya kereke e felang ntle le thapelo e tswelang pele ho fedisa moya ona o rometsweng ho silafatsa sohle se Halalelang. Dithapelo tsa ya lokileng di na le molemo o moholo. Dithapelo tse foofo ha ke utlwe ebile ke a di nyonya. O ka tjhesa kapa wa bata empa o seke wa tla ho NNA o le foofo, hobane KE tla o hlatsa molomong WA KA.

O se ke wa re o WA KA mme ha o emele tsohle tse Halalelang kapa o kgutse ha o bona ba bang ba emela Kgalalelo mme ba hloriswa ka lebaka LA KA, mme o sa ba thuse ka tsela leha e le efe eo o ka kgonang ka lebaka la ho tshaba ho lahlehelwa ke boemo ba hao ba ho se lefelle lekgetho. O tla lahlehelwa ke ho feta boemo ba hao ba ho se lefe lekgetho. Le tla lahlehelwa ke ho feta maphelo a lona. Le tla lahlehelwa ke MEYA ya lona. Le hlokomedisitswe. Nako ke hona jwale. Ema, bua, bolella bahetene ho kgutsa ka Lebitso la YAHUSHUA. Ya nang le YAHUSHUA lehlakoreng la bona ke bongata. Milione ntle le YAHUSHUA lehlakoreng la bona ke ba seng bakae. Nako ke hona jwale. Sejana se pshatlehileng sa letsopa, empa ke mohlabani ya matla wa YAHUSHUA MESSIA!

Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu

* * * * * * *

Ho tloha jwale ho ya pele ke laelwa ho ngola nako. Ha ke tsebe lebaka. Hape nakong ya ho ngola boprofeta bona, ke ile ka lahlehelwa ke kgokahanyo ya Marang-rang (Inthanete), ke lekile ho hokela hape ho fumana mehala yohle e hlaselwa ka tsela e itseng, e se e le dihora tse pedi (2). Jwale mme sena ha se so romelwe. Ke 3:37 thapama mme ha ke kgone le ho fihlela opareitara.

Ka dihora tse ngata e ntse e re, "Mohala ona o phathahane!" Ha ho mohla seo se kileng sa etsahala pele. Ke kwahela khomputa ena, le imeile ka molaetsa wa boprofeta ka Madi a tsholotsweng a YAHUSHUA MESIA wa Kalvari. Ka tumelo, ke dumela bohle bao MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) a batlang hore ba fumane molaetsa ona ba tla ba le oona. Ha ke kgone ho hokela bosiu bohle le ho romella sena bosiung bona. Ha ke kgone le ho fihla ho opareitara, kapa ho letsetsa sebaka se selelele. Ho na le ntho e etsahetseng mahodimong ha ke ngola sena. Ke mehala ya lehae feela e kenang.

Ke lekgetlo la pele ke bolellwa hore ke qale ho kenyelletsa nako, o tla bona ho etsahala ntho e tsamaellanang le letsatsi kapa nako ena. Ha ke tsebe ke eng. Ke kopa kae kapa kae moo boprofeta bona bo behilweng, kapa bo rometsweng, ho romela leqephe le feletseng. Hobane ho na le lebaka mme hape ke a tseba hore ke YAHUVEH ya ntaelang hore ke re, o seke wa fetola kapa wa ntsha lentswe le le leng, le tlohele le ntse le le boemong boo ke le romelang. Diabolosi o tlameha ho hlanya. Kamora tsena tsohle di romelwa moyeng mme Bibele e re satane ke kgosana mme o na le matla hodima maqhubu a moya le dihlooho tsa hae. Empa ke kwahela maqhubu a moya ao sena se a tsamayang le dikhomphutha ka Madi a tsholotsweng a YAHUSHUA, le ditshebeletso tsa rona tsa mehala le ditshebeletso tsa Marang-rang ( Inthanete). Madi a YAHUSHUA wa Kalvari, le Nasaretha a kgahlano le wena satane.

Le bademona, le ke ke la tshela Madi. Ka lebitso la YAHUSHUA. Mehala ya mohala e sebetsa hona jwale ka 11:15 bosiu. Jwale e ka romelwa. Ba nang le ditsebe tsa MOYA O HALALELANG ( RUACH ha KODESH ) ba tla utlwa lentswe la Modimo wa Rona ya Matla Ohle YAHUVEH, ba bang kaofela ba tla sala ba sa utlwe ditsebeng. Ka lebitso la YAHUSHUA MESIA, MOYA O HALALELANG ( RUACH ha KODESH ) romela melaetsa ya hao ho bohle ba tlang ho lemoha lentswe la Monghadi le Mmopi wa rona.

Feela bakeng sa Thoriso, Tlotlo, le Kganya ya hao YAHUSHUA ke a kopa. Amen.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred