Profesi 10

Kgutlisa Seo Satane A Se Utswitseng!

E Filwe Moruti Elisheva Eliyahu Tshitwe 4, 1997

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna kapa mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile.

(Esaia 42:8). Ka Phato 2010, MODIMO YAHUVEH, YENA o itse ke tlatse tsena ho tloha ho Bakronike ba

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Profesi e a Qala

Oho Bahlabani Ba Matla, ka tsatsi le leng le tla utlwa, “Wena ngwana ya lokileng le ya tshepahalang, kena jwale mme o phomole, empa ho se ho se hokae mme Monyadi wa hao a tle.” Itshwarelle ka thata lemenong la seaparo SA KA. Tshwarella ka thata mme o se ke wa tlohela. Leha o kgathala mme o kgathetse, ke molemong WA KA o utlwa bohloko. Hobane ona ha se mosebetsi wa hao, tshebeletso ya hao, empa ke YA KA. Ke ka baka la YAHUSHUA (Jesu) o sebetsa ka thata mme ha o sebeletse lefeela. Moratuwa ya Ratehang, utlwa seo MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) o bolellang sona.

Ha ho na bokgabane bo le bong o lahlehetsweng ke bona, bo ka se kgutliswe ho peteditswe fatshe le ho tsukutleha mmoho ebile ho tsholoha. NNA nke ke ka nehelana ka sefubeng sa hao le ho etsa hore motho a fane le ho tshehetsa seo e leng SA KA e seng sa hao? Hobane maruo a lona ha se a lefatshe lena, empa ke a lefatshe le tlang, ho rialo YAHUVEH.

Maruo a hao moratuwa WA KA a boloketswe wena Lehodimong maruo a hao ke meya eo o e tlisitseng ho NNA, maruo a hao ke dimpho tseo ke o fileng tsona ka bolokolohi, maruo a hao ke bahlabani ba matla ba thapelo ba o sireletsang le ho o tshehetsa ka dithapelo tsa bona, maruo a hao ke ho kgona ho utlwa lentswe LA KA ka ho hlaka, maruo a hao ke ho tseba hore o pota-potilwe ke leru la dipaki mme ba sheba sohle seo o se etsang le ho se bua, ke ka lebaka la kganya YA KA ka lebaka LA KA o ntse o sena letho.

O tsebile mahloriso a mangata, empa tseba sena, dira tse o tsohelang matla ha KE a di romela. Ha KE so bue ka botlalo, o seke wa thetswa ha ba sa o phahamise, ba o bea fatshe. Ha eba ba reng ke motswalle wa hao empa ba sa o tshehetse dinthong tse nyenyane, ba ka se tshepahale dinthong tse kgolo, hlokomela hore hase bohle ba reng Morena ke ngwana kapa mohlanka WA KA. Ha se bohle ba reng motswalle ke motswalle wa hao.

Jwale KE re ho wena, o pota-potilwe ke ba reng, “Empa ke motswalle wa hao,” leha ho le jwalo ba sa tsebe hore na lentswe botswalle le botshepehi ke eng. Ke bo Judase ba rometsweng ho tla ho o eka, empa ke o lemosa hona jwale ka kgaitsedi ya hao, Moprofeta enwa, e le hore o tle o hlokomele. Ba na le merero ya bona; merero ya bona ya ho iphahamisa. Hlokomela hobane o tla bona ka ho hlaka jwale seo o so kang wa se bona ka ho hlaka pele. O filwe mpho e ntjha letsatsing lena mme ke e bua hona jwale ka kgaitsedi ena ya hao, sejana SA KA se tlatsitsweng ka MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) WA KA.

Seo a se buang se tla phethahala ha o ntse o bala lengolo lena le lebisitswe matsohong a hao. Moratuwa wa ka ke o fa tlotso e ntjha hore o bone botebo ba meya ya batho. O tla tseba neo e kgolo ya temoho ho feta pele. Empa o ke ke wa rata seo o se bonang, hobane ho tla tla bao o neng o nahana hore o ka ba tshepa, mme o tla fumana o ke ke wa ba tshepa ho hang. Ke bo Judase ba ikgakantseng. Hlokomelang hobane ba ne ba tla ya hole ho fetelletseng ho bona bobe bo o hlahela. Leha ho le jwalo KE ao bolella ha o bona sena, le ba kgalemele ka Lebitso LA KA mme o tla bona dira di matha ka ditsela tse supileng tse fapaneng. Ba tla baleha ba ipate, hobane le kajeno ke o fa mpho e kgolwanyane ya sebete.

Hobane ha ke Modimo ya Matla Ohle ya lerato feela empa hape ke wa ntwa mme ke entse taelo ya ntwa kgahlanong le dira TSA KA. Ke tla o sebedisa ho kgalemela [batho] ba tsohelang NNA matla le sohle se Halalelang. Mantswe ana ha se mantswe a hao, mme e ke ke ya eba mantswe a hao, hobane o tla tseba nako ya ho bua, le nako o sa lokelang ho bua. Le tla tswela pele ho bokella hammoho Bana BA KA, le kgutlisa seo sera se se utswitseng, le ho ba tlisa ho NNA.

O sehlabelo se phelang ho NNA. Mosebetsi oo wena o etsang ha o etswe ka matla a hao le ka bonatla ba hao, empa o etswa ka matla le bonatla BA KA. Leha o kgathetse hangata, hopola ho bitsa matla A KA, sebete SA KA. Hopolang ho bitsa sebete SA KA, dimpho TSA KA, hobane le tla kopana le makgotla a mabe. Ba etsang bobe, ba rapelang medimo e meng, leha ho le jwalo, le tla hlola dithohako tsa bona ka Madi A KA a tsholotsweng bakeng sa hao Kalvari ka lentswe la bopaki ba hao le ka lentswe la bopaki BA KA.

Ha o fuwa matla, matla a Lebitso LA KA, Lentswe le Madi a sebedise ho hlola sera. O kgalemele dira ka Lebitso LA KA. O se ke wa di hlokomoloha. Etswe ho iphapanyetsa bona ho sebeletsa feela ho ba matlafatsa. Pepesa sera le maqiti ohle a sera, mme o tla atleha ka ditsela tseo o sa di tsebeng.

Moratuwa WA KA, oho kamoo KE labalabelang ho o bea matsohong A KA mme ke tla etsa jwalo ka letsatsi le leng. Hobane ha o utlwa bodutu ke ha KE le haufi haholo. Ke eme le wena ha o emetse NNA. Dikgoro tsa dihele di ke ke tsa hlola Kereke YA KA. Le Kereke YA KA. Ha o ikutlwa o lahlilwe mme o lebetswe le hoja NNA o sa mpone, o tla tseba hore KE teng. NNA nke ke ka o tlohela kapa ho o furalla mme KE o rata ka lerato leo motho a ke keng a qala ho le bapisa le eng feela. KE tseba Bana BA KA, Bahlabani BA KA le Monyaduwa WA KA. O tsena tsohle le tse ding tse ngata, KE profeta ho wena jwale ka Lekgabunyane LA KA le sa tsebeng hore na le tla reng ka mora moo.

KE o isa sebakeng se phahameng ho feta moo o neng o le teng pele. Itokise, hobane ha sera se o pota-potile, tseba sena, ke hobane sera se tseba hore ha o wa lefatshe lena, empa o lefatsheng lena feela, mme o lefatsheng lena ho sebeletsa NNA, o etsa thato YA KA, ha KE ntse ke tshollela dimpho TSA KA tsa MOYA O HALALELANG (RUACH ha KODESH) ho wena ka bolokolohi. Se neng se le thata pele se tla ba bonolo. Se neng se le bonolo pele, o tla nahana hore se eba thata.

Empa ke hobane ke o phahamisetsa hodimo ho feta moo o neng o le teng pele. Le tla tshwana le Petrose mme KE tla re, “Lahlelang letlowa la lona botebong ba lewatle,” mme le tla re, “Empa Ntate ha ke e so etse sena pele, kapa ho ba teng pele.” Mme ke tla re, “Empa Moratuwa, ditlhapi di ngata mose wane. Lahlela letlowa la hao ka nqane. E ya dibakeng tseo o e so fihle ho tsona. Se tshabe, hobane KE Motshwasi wa Dihlapi Wa Setsebi. KE a tseba hore na o ka sebedisa leraba lefe ha ke o akgela ka lewatleng. Le ke ke la kgutla le le feela tshepa ho NNA feela, mme KE tla le etella pele le ho le tataisa hore le be batshwasi ba batho ba baholo le ho feta.

Seo a se buileng ka Lebitso LA KA se tla phethahala. Ha KE qale ntho e ntle ebe ha KE e qete. Tshebeletso e behilweng tlhokomelong ya hao ho fihlela letsatsing lena e tla hola ka sekgahla se seholo. Dihele tsohle di tla thothomela hobane ba tla o bona o ya le ho feta dibakeng tsa bona, mme o kgutlisa baholehuwa le ho ba lokolla ka Lebitso LA KA.

Bala boprofeta bona ka lentswe le phahameng, hobane matla a teng ha se lentswe le ngotsweng feela, empa lentswe le buuwang. Bala sena ho ba bang hore ba tle ba eme ka tumellano. O se ke wa makala ke poulelo le meharo e tla tsoha haufi le wena, hobane jwale, ke etsa hore makhakhapha a we mahlong a hao, mme seo o hanneng ho se amohela, o tla se bona ka ho hlaka, seo o neng o sa batle ho se utlwa, o tla se utlwa ka ho hlaka.

Moratuwa WA KA tseba sena; ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang e hlophisitswe ke matsoho a Monghadi. Leha e ka bonahala e le mpe, ke tla e fetola hore e be molemo. Esita le merero ya satane, KE tla reteleha mme ke o lopolle ka tsela e matla haholo. Batho ba tla tlameha ho amohela hore Modimo eo o mo sebeletsang, YAHUSHUA MESIA o ntse a laola le ho busa mme wa phela mme ha ho ya tshwanang le NNA.

Ha o rapela, mahlo a difofu a tla tutuboloha, ba sa utlweng ditsebeng ba tla utlwa, bafu ba tla phela hape. Meya e tla bolokeha, dira di tla wa, jwalo ka ha Davida a ile a bolaya Goliathe. Dira di tla wa ka letsoho LA KA feela. Empa KE tla bua mantswe a kgalemelo ha ba tla kgahlanong le wena ka dithohako tsa bona. O tla re, “Modimo eo ke mo sebeletsang, YAHUSHUA MESIA o moholo ho feta bobe bofe kapa bofe boo o ka nketsang bona, mme o re ha ho moriri o le mong wa hlooho ya ka o tla timela ha ke sa tshabe, mme ha ke tshabe motho kapa diabolose hobane ke tshwere dinotlolo tsa Lehodimo, YAHUSHUA ke Senotlolo seo se Halalelang.” Ba porofetele sena, ho rialo YAHUVEH wa Makgotla, “E tla ba dira tse ntsohelang matla tse batlang bophelo ba ka le tshenyo ya tshebeletso ena ba tla timela. Ka letsoho la Modimo ya phelang, ya reng: “Le se ke la thetswa, ha ke songwe ha bonolo. Ba tla kotula seo ba se jetseng, empa mohlanka WA KA a ke ke a timela empa o tla phela ho bolela mesebetsi YA KA.” Ho rialo YAHUVEH wa makgotla, hobane ke ntho e tshabehang ho dira TSA KA ho wela matsohong a Modimo o phelang. Empa ho na le bodulo le lerato bakeng sa hao moratuwa WA KA. Etsa kamoo KE o laetseng ho etsa letsatsing lena, jwalo ka ha ke file Moradi WA KA mantswe ho bua ho wena moratuwa WA KA mme tswela pele mme o be le tlholo ka Lebitso la YAHUSHUA MESIA. Alpha & Omega AlmightyWind Holy Ghost Fire Ministries.

E Filwe Ngwana, Mohlabani, Monyaduwa wa YAHUSHUA

Moprofeta Elisheva Eliyahu 12/4/97.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred