Profesi 1

Kahlolo e Qala Ntlung Ya YAHUVEH!

E Filwe Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu Tshitwe 31, 1996.

Ho tswa ho Profesi 105, YAHUVEH o itse ho ngola tsena tsohle pele ho Diprofesi, ho tloha jwale. Ke ho hlokomedisitse kgale kwana Elisheva hore o seke wa bitsa Tshebeletso ena ka lebitso la monna ka mosadi le pele hoba le Tshebeletso ena, ke e beile moyeng wa hao. Ka hoba tsohle tsena ha di ya etswa ka matsoho a hao. Tsena tsohle ha di tswe molomong wa hao. Ke ka Molomo wa YAHUVEH di hlahileng. Ke ka Molomo wa YAHUSHUA, MESIA wa hao, di hlahileng. Ke ka Molomo wa MOYA O HALALELANG, IMMAYAH, wa hao di hlahileng. Ha e be e ne e le ka letsoho la hao, nka be o hlolehile kgale kwana. Ke ka MOYA O HALALELANG o fokang lefatsheng lena ka bophara, MOYA O HALALELANG WA TSOSELETSO. Ha seka ho phefumoloha ha hao, kapa nkabe o hlolehile. (Esaia 42:8).

Ka Phupu 2010 MODIMO YAHUVEH o ile a boela a re ho kenyelletswe tse latelang ho tswa ho Dikronike tsa Bobedi (2) pele ho Profesi engwe le engwe:

2 Dikronike 36:16, ‘Empa basomile Manqosa a MODIMO, ba nyedisitse mantswe A HAE, ba sotlile Baprofeta BA HAE, ho fihlela kgalefo ya YAHUVEH e tsoha kgahlanong le batho BA HAE, ho fihlela ho sena phekolo.”

* * * * * * *

Ke ntho e tshosang le e tshabehang ho wela matsohong a MODIMO ya phelang. Kgalefo YA KA, e ka ba kgolo ho tshwana le lerato LA KA, empa ha ho le a mong a bolelang sena. Ka selemo sa 1997, Ke tla iponohatsa NNA e seng feela jwale ka MODIMO wa lerato, empa ho bao ba somang le ho latola matla A KA, kapa ba hanang lerato LA KA, le ho batla ho lebisa le ho kgelosa dinku TSA KA…batla latswa matsatsi a tshwanang le a Ananiase le Safira hape. BOHLALE ke ho tshaba YAHUVEH. Bongata ba dinku TSA KA, NNA ba nnyatsa. Ba etsa dintho le ho nahana hore di kwahelwa ke mohau. Ba etsa dintho ba tseba hore ha di halalele le hore NNA di a nkgopisa.

Hobane ba nahana hore KE foufetse le hoba setholo. Selemo sa 1997, Ke tla ba pakela hore KE MODIMO wa mollo, mme se emang pela basebeletsi BA KA le tseleng ba bona batla timetswa ke kgalefo YA KA. Bao ba lekang ho emisa Evangedi ya YAHUSHUA MESIA batla utlwa bohloko ka ho fetisisa. KE kgutlela kereke e hlokang letheba kapa ho sosobana hape ke ya le jwetsa, lemosang kereke. Kereke ha se moruti, ha se moaho. Kereke ke batho, dinku TSA KA. KE kgathaditswe ke banna ba rehella ditshebeletso ka mabitso a bona; ha lena tokelo ya ho etsa manyala ana. Ha ba lefa theko ya ho qetela; ha bana ho halalela ho lekaneng ho etsa sena. NNA YAHUSHUA MESIA, KE lefile theko ena Kalvari.

Kantle le hore ha ba na sebe le hore ba phethahetse, ha bana tokelo ho rehella ditshebeletso ka mabitso a bona. NNA KE le MONG KE phethahetse ebile ha ke na sebe, e seng motho. “ Etsoe bohle ba entse sebe mme ba haelloa ke Khanya ya YAHUVEH!”Le hloka sebe mahlong A KA, hobane Madi A KA a hlatswa sebe sa lona se tlohe. Ha se hore le hloka sebe ho phethahala. O moetsadibe ya pholositsweng ke mohau le mosa WA KA. Madi a Kalvari a hlatswa dibe tsa lona di tlohe, ke nnete, empa tshebelotso e emetse NNA le NTATE wa lona YAHUVEH, mme tshebeletso e tlameile ho rehellwa bohalaledi, e seng motho.

Hobane KE porofeta hape,ho wena e be kere , ” Hlokomela.” Ba hlokomedise, hoba ha motho ya sa phethahalang a wa,mme o tla wa. E be tshebeletso e jereng lebitso la hae e wa, mme dinku di tla hasana diahelong tsa sera. Ba jwetse Lekgabunyane LA KA, ba hlokomedise. Le seke la etsa manyala a na pela mahlo A KA hape. Hobane KE itse, “ Halalelang jwaleka ha NNA ke Halalela.” Esita le baprofeta le basebeletsi baka , ba jereng ho tlotswa ke MOYA wa KA ba thothofetse ke boikakaso, hoba ba rehella seo e seng sa bona….ditshebeletso tse tlotsitsweng ka MOYA ka mabitso a bona. Ka lebaka leo batla wa, empa ke tla ba teng ho ba phahamisa, kamorao hore ba kgalemelwe. Empa ba hlokomedise, ho tshwana le ngwana a otlwa, empa a hlokomedisitswe makgetlo a mangata. KE kgalemela bao KE ba ratang. KE Konyana ho bao ba amohelang mpho ya Madi A KA a Kalvari. KE Tau ya leloko la Juda ho dira TSA KA. KE mohlabani e seng lekwala. Hangwe feela KE ile ka itholela. Empa ha KE kgutla hape ke tlisa kgalefo YA KA. Ho madimabe ho ba ipitsang sera SA KA mme ba e ba le sebete sa ho senya mesebetsi e metle eo KE e etsang ka ba basebetsi BA KA. Tau e ya harola le ho tabola pele e ja phofu ya yona. Ho tshwana le ntsu eo Ntate wa hao ya lehoding a e emelang. Wena o tla bona kgalefo YA KA selemong sa 1997.

Empa bana BA KA le seke la tshoha letho, bohle ba nthatang ka lerato la sebele, le ho nkgumamela, ba bea NNA pele maphelong a bona. KE tlilo hlwekisa ditempele. KE tla ipaka ke le Modimo ya tshajwang haholo. KE sa le Modimo ya batlang kgalalelo ho bana BA KA. Ha ke bue ka ponahalo ya ka ntle; ena ke lefeela, le kgalalelo e entsweng ke motho. Kgalalelo ya nnete e tswa ka hare. Ho tla ebile ho se ho qadile ntwa ya lehae ho Amerika. Empa ho se be le ntwa ya lehae dikerekeng TSA KA., Ho seke ha e ba le kgethollo, e be ka ponahalo ya ka ntle kapa ya mmala. Hobane bana BA KA ha ba bonana, ba tlameile ba bone BOKGUBEDU, Madi A KA. Kgaotsang ho arohanya dikereke tsa lona ka mmala. Ha ke bone mmala. KE merabe yohle ke le mong. Kgaotsang ho ahlolana ka ponahalo ya ka ntle. Hoba moo ho nang le moya wa kgethollo, MOYA O HALALELANG WA KA, (RUACH HA KODESH) o ka se dule, o ka se be teng. Empa meya e mebe e tla dumellwa ho kena. Lona le hlokomedisitswe. Sherrie, [Elisheva, Sherrie] wena ha o ka wa tseba seo otla se thaepa ho tloha lentsweng le leng ho le hlahlamang. E fa profesi ena ho bao ba nang le ditsebe ho utlwa, ba bang kaofela ba dule e le ditholo. Ke kgutlela kereke e se nang letheba kapa ho sosobana. Se thibelang hore KE tle ke yona ntho eo KE tlameile ho e kgutlela, kereke YA KA, batho BA KA, baruti BA KA, basebetsi BA KA. KE hloile boikgohomoso. KE engwe ya dibe tse supileng (7) tse bolayang, le ha le jwalo, baruti BA KA ba jereng tlotso ya MOYA WA KA ba nahana hore ba a ha kereke, ke beng ba kereke, ba tlameile ho laola dinku. NNa ke le mong ke Modisa ya Molemo. Lona le e ba monwana o supang tsela e yang ho NNA, YAHUSHUA.

Boikakaso, boikgohomoso bo boholo, bo kene ka hare ho ditempele tseo KE tshetseng tlotso ya MOYA WA KA ho tsona. Ke mang o nang le phutheho e kgolo, le tjhelete e ngata. Sena NNA se a nkgopisa . Ke mang ya hapang meya e mengata. Lefufa le bopelotshehla ditempeleng TSA KA. Sena NNA se a nkgopisa. Wena o re, “Ke neng YAHUSHUA a tla kgutla hape?” NNA ke re, Ke ntse ke emetse kereke, ditempele di ithlwekise.” Kgaotsang ho qabana e lona feela. Ntshang diphiri tseo tse harolang dinku TSA KA. Di kamorao ha dipulpiti empa bohle kgathatsehile ka dikereke tsa bona, ha hona ya tsotellang dinku. Ke mang ya ka ahang ditempele tse kgolo? Ke mang ya ka fumanang haholo phatlalatso ya ditaba. Ke mang eo e leng moevangedi, moprofeta, moruti, kereke ya pele? KE le bolella tsena ka moprofeta enwa, mo mameleng. Kahlolo e qala ntlung ya YAHUVEH! E be KE tla sebetsana le bahetene. Sena NNA se a nkgopisa. KE lakatsa ho le belesa bohle matsohong A KA, empa le a qabana le ho nyefolana ka baka la bong. KE kgetha ho sebedisa bao ke kgethang ho ba sebedisa. Ba ikokobeditseng ke tla ba sebedisa ka tsela e matla.

KE kgetha ho sebedisa sejana sena, hobane o nahana hore o fokola ho feta bohle, empa ke bua hape KE re, ke tla sebedisa ba ikokobeditseng le ba bonolo, bao le sa nahaneng hore KE tla sebedisa hobane matla A KA a bonahala ka ho fetisisa ho batho ba fokolang. Ba bang ba tseba hore ha se ha bona, mme ha ba ithorise. Hobane ba tseba hore ke tlotso YA KA ya MOYA e robang joko, ditlamo, ketane, mahlaahlela le bokgoba. Ha se ka matla a lona empa ka Moya WA KA. Ho rialo YAHUSHUA, KE kgethile ho tla jwalo ka ngwana, ya fokolang ho feta bohle ho paka se tadime kantle, tadima ka hare! Tlotso ya MOYA ha e tsebe bong, morabe kapa dilemo.

RUACH HA KODESH (MOYA O HALALELANG) o sebedisa dijana tsa letsopa tse ikemiseditseng ho mamela, e seng ba hweletsang, “sebedisa nna hobane ke motle haholo, ke halalela ho feta ba bang kaofela.” NNA ha ke sebedise bao ba nahanang hore ke kgauta, empa ke sebedisa bao ba tsebang ke dijana tsa letsopa tse pshatlehileng, empa ke bahlabani ba matla ba YAHUSHUA MESIA. Ka 1997 KE tla thakgola ditshebeletso tseo di ntseng di ikokobeditse kapa tseo di sa tsebahaleng ho bathong ba bangata. Bao e seng feela KE ba bitsitse empa ke ba kgethile, ba kgethilwe ka baka la tumelo ya bona eo NNA, KE leng mongodi le mophethahatsi wa yona. Ha KE qale ntho ntho ebe kea hloleha. KE MODIMO wa hao ya ke keng a hloleha. Itokiseng, hobane selemo sa 1997 ke a le bolella leruo la ba khopo le tla nehelwa matsohong a ba lokileng ka Lebitso LA KA le ka Madi A KA, YAHUSHUA MESIA. E tla e ba dinku TSA KA tse tla ba le leruo le mesebetsi. Bana ba sera sa ka, batla bona sena mme ba tla tsikitlanya meno a bona ka kgalefo le poulelo, empa ke etsa sena ho paka hore mangolo A KA ha se leshano. Ditlhohonolofatso tsa Deut.28 di ntse di boloketswe Bana BA KA, mme ke ba tseba ka mabitso a bona le ka moriri wa dihlooho tsa bona.

Itokiseng hobane ho Bana BA KA, sena ke ho tshollwa ho hoholo ha RUACH HA KODESH (MOYA O HALALELANG). KE tla sebedisa bao ba nahanang hore ha ba tuma, ha ba batle, ba hlokang thuto, bao ba tsebang ba ka se etse letho ntle le tlotso YA KA ya RUACH HA KODESH (MOYA O HALALELANG). Bao ba lahlilweng, ba hlekefaditsweng, ba hlokomohilweng, ba bolellwang hore ba tele, ha hona thuso. Bao ba se nang ditjhelete batla tadima ho MODIMO YA MATLA OHLE, mme KE tla bula difenstere tsa lehodimo ke ba hlohonolofatse haholo hore ba qobellwe ho abela ba bang kahoo le bona ba tla hlohonolofatswa ka ho fetisisa. Sena se tla e ba karabelo ya ketane. Lentswe LA KA, lere, “Moratuwa, ke lakatsa eka hodima dintho tsohle u ka atleha mme u phele hantle jwalokaha moya wa hao o atleha.”

KE tla paka hore Lentswe LA KA, le ke ke la kgutlela ho NNA le lefeela. Hlokomela bao o ba lahlang e le ba se nang thuso. Hobane ke moruti ya nang le mohlape o monyenyane, empa a kgatella hore MOYA O HALALELANG o be le taolo e felletseng ho sa tsotelehe hore ke tse kae dinku tse lebang dikerekeng moo ho se nang dipontsho, meeka le mehlolo, hoba moo ha hona qoso ya MOYA O HALALELANG.

Hlokomelang hore le se hane baevangedi bao mahlong a lona ba sa tsejweng, ba sebedisa ditjhelete tsa bona ho jala evangeli le ho hapa meya. Hlokomela le seke la soma, hlekefetsa le ho iphaphanyetsa moporofeta ya fihlang ho wena ka profesi, e be o hana ho dumela profesi ka lebaka la bong bo fosahetseng, ha se mang le hore ha se ya tummeng. Hlokomela ho kgopisa batjha bao ke ba phahamisang ho profeta hape le, ho lemosa baholo ho mamela lentswe la MODIMO YA MATLA OHLE.

E tswang boikgohomosong. Hobane bana ke bona ba ke ba romang. Ha o kgopisa bona o kgopisa MODIMO ya ba rometseng. Empa e le baromuwa BA KA, o seke wa tlepetsa morumuwa. E tla ba bo seng mang bao ke ba phahamisang, ba sa tsebahaleng ke tla etsa ka bona dipontsho TSA KA, dimakatso le mehlolo e be molomo wa YAHUVEH. Hobane ha se bo e seng mang. Feela mahlong a baikgohomosi. Ke batho ho NNA hoba ke tla kgona mme ke tla ba sebedisa ka baka la thoriso YA KA, tlhompho le kganya. Hobane ba ke ke ba utswetsa NNA jwaleka ba bang ba lekile ho etsa jwalo.

Ha lea aha ditshebeletso tsena tse atlehileng. E ne e le ka matla le tlotso ya MOYA O HALALELANG di ile tsa atleha; Kgaotsang ho nka kganya YA KA. Ha se wena mophekodi, molopolli, ke YAHUVEH YA MATLA OHLE ya lopollang. Molaetsa ho kereke ya 1997, ke hore ikokobetseng pela YAHUVEH. Molaetsa ona ke wa baporofeta, baevangedi le baruti. Ha le na matla kantle le tlotso ya MOYA WA KA. KE MODIMO ya boulelang. Tlosang lebitso la monna tshebeletsong TSA KA. Ke le hlokomedisitse. Nehelang thoriso le tlhompo ho yena a le mong ya nang le tokelo ya ho rehela tshebeletso ka lebitso la hae, Monghadi le Mopholosi wa lona, yena le bolelang hore lea mo sebeletsa le ho mo kgumamela. Ha ke arolelane kganya YA KA le motho. Ho na le thuto ya bohata e potolohang nakong tsena tsa bofeelo le kerekeng tse ding TSA KA moo tlotso YA KA ya MOYA e tshollotsweng. Moya wa boikgohomoso le bodumedi e phatlaladitse leshano leo baruti ba reng , “Ke rona feela re nang le matla a ho bolela hore ke mang ya kgonang ho rapela le ya sa kgoneng ho rapela. Le hanelwa ho rapellana kantle le tumello ya rona. “ Esita le YAHUVEH ya MATLA OHLE, Mmopi wa Lehodimo le lefatshe a ke ke a bua ntho e jwalo. Lentswe LA KA le hlakile, “ Le rapellane.” Ha ke ye ka tshobotsi ya batho. Ha ho le jwalo hobaneng NNA nka dumela ntho e tshwanang le eo. Lelekang badisa bana ba bohata ka Ntlung YA KA. Le ba bolelle le tseba Lentswe la YAHUVEH. Kgaotsang ho dumela le ho phatlalatsa leshano lena.. E ya, ba teng batla lekang ho le rohaka kantle le ho le hlohonolofatsa, empa dithohako di tla kgutlela hloohong ya etsang thohako e ikgakantse jwalo ka thapelo. Moya wa boloi o batlang ho timetsa dinku TSA KA o tla kgutlela ho moromedi.

MOYA O HALALELANG o khona ho sireletsa ba ntseng ba rapelloa. Kgaotsa ho leka ho etsa seo o neng ho sa rerwa hore o se etse. Ona ke mosebetsi wa MOYA O HALALELANG. Ona ke mosebetsi wa Molisa wa Molemo Mme ke NNA feela Modisa Ya Molemo; Ke khona ho hlokomela tsohle tseo e leng TSA KA. Ntsha kota mahlong a hao pele o ahlola hore na ke motho ofe ya lokelang ho rapella e mong. Kahlolo e qala ntlung ya YAHUVEH. KE tlilo hlwekisa ntlo ka tsela e matla ka 1997, pele ke ahlola bahetene. Sebe ke sebe. Ho se halalele ke ho sa halalele. Ha ke Modimo ya fetohang le mehla ya lona. KE wa maobane, kajeno, le ka ho sa feeleng.

Hobane baruti ba hana hoba le sebete sa ho ema bare sokolohang mme lentswe la YAHUVEH le re sena ke sebe. Ba tshaba ho lahlehelwa ke boemo ba bona ba ho sa lefelle lekgetho, e be ba dumella mmuso ho ba kgutsisa ka baka la tshabo. Jwale ho tla ba le motho eo ba tla mo tshabang NNA, YAHUSHUA. Hobane le kgutsitse, mme ha le ya bua le re sokolohang kapa mollo wa dihele o tla le tjhesa. Ntho e le ngwe lona baruti le basebetsi le e tshabang e tla le hlahela hanghang. Ha le sa tla e ba le boemo ba ho sa lefelle lekgetho. Ke tlo dumella Mmuso o tlose sena e be le tla kgona ho bua le sa tshabe hore sebe ke eng. Sena e tla ba sesupo sa lona hore boporofeto bona ke BA KA hobane le tla bona sena se etsahala. Phahamiso e hlaha kae feela ha e se leboya e leng Lehodimong.

Ke NNA ke phahamisang le ho theola e mong. Ba bangata batla theolwa ka selemo sa 1997 ba entseng phaello ka ho rekisa dimpho tsa MOYA O HALALELANG. E ne e se tsa hao ho direkisa. Ba keneng tshebeletsong ba nahana hore ke tsela ya ho rua kapele, mme tse ding tsa ditshebeletso tsena ba na le meharo. Ba tla sokoloha kapa ba we. Le tla bona sena se etsahala. Basebeletsi ba etsang sebe sephiring, jwale ka dilemo tse fetileng ba tla pepesoa le ho hlajwa ke dihlong hore lefatshe lohle le bone. Hobane moya o ho moetapele wa moya ke moya o ka phuthehong. Ke tlameha ho etsa pontsho e bonahalang le ho khalemela ba bolelang Lentswe la YAHUVEH, leha ho le jwalo ba se na tshabo YA KA, ba nahanang hore ke foufalitsoe ke mesebetsi ea bona e metle. Ha se ka mesebetsi e metle o fihlang lehodimong e le hore ho se be le motho ya ithorisang. Ya fuwang ho hongata ho lebeletswe ho hoholo.

Baruti, Baevangedi, Baporofeta, Basebeletsi, Bana BA KA…le ikarabela ka seo le se tsebang. Ba bang ba tseba haholo ho feta ba bang mme ba na le boikarabelo bo boholo mme ba tseba hore NNA ba se nkgopise. Ka 1997 ipatleng le lahle mekhwa ya boetsalibe le meya ya boikhohomoso le borabele. Hobane KE MODIMO ya tsebang, ya bonang le ya utlwang tsohle. Ba ipitsang linku le basebeletsi BA KA ba tla ikarabella ka seo ba tsebang hore ke kgalalelo empa ba sebelisa ho sa halalele. Baruti ba iketsang ekare ba rata le ho hlokomela dinku, empa ba sa hlola ba tsotella, batla theolwa. Ha e ba ba kene ka lebaka la meharo batla tseba bofutsana. Kahlolo e qala ntlung ya YAHUVEH ka 1997 ka tsela e matla, mme haeba wena o lokile ha ho bonolo hore o bolokehe ha ka kang hore bahetene ba tshohe. Leka Moya o buang mme o tla bona hore ke lentsoe la MOYA O HALALELANG le buang ho tswa ho moprofeta enwa wa mosadi ho khalemela, ho hlohonolofatsa, le ho matlafatsa bahalaleli ba YAHUVEH. Mme le letse terompeta ya kahlolo ho dira tsa evangedi ya YAHUSHUA MESIA.

Le seke la ama batlotsuwa BA KA, le se ntshe baporofeta BA KA kotsi. Le seke la tlepetsa morumuwa enwa ha fana ka molaetsa WA KA. Hoba kotsi e tla hlahela ya phahamisang lentswe kgahlanong le morumuwa WA KA. Nteke NNA mme o bone hore a na ha ke MODIMO wa mollo o timetsang. Mollo wa dihele ke kgalefo YA KA e tukang. O seke wa ho tukela.

Kopisa sena mme o nehe bohle ba nang le ditsebe tsa ho mamela. Ba bang ba tla dula ba sa utlwe. Kahobane ba sa dumele ha ho bolele NNA nka se etse seo ke se buileng, mme se tla etsahala. Ezekiele 3:17-21 e re ba hlokomedise, mme haeba ba sa mamele, madi a ke ke a ba matsohong a hao. Haeba o sa ba hlokomedise le ho fetisa boprofeta bona, jwale ba tla shwela sebeng sa bona empa madi a tla ba matsohong a hao. Ke romela Baporofeta BA KA ho lemosa pele timelo e fihla. Ke romela Baporofeta BA KA ho re tlhohonolofatso e ya tla, pele tlhohonolofatso e fihla. * * * * * * * E filwe ka letsatsi la 12/31/96 ho Moruti Elisheva Sherrie Eliyahu ha a ne a sa lebella ha a ntse a ngolla e mong a leboha thapelo.



CLICK HERE or the image below to go directly to her youtube channel
YAHSladyinred